Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Buka ea Bibele ea 49—Ba-Efese
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 8. Ke lintlheng life moo lengolo la Pauluse le eang ho Baefese le neng le le nakong ka ho fetisisa?

      8 Joale, ha a ntse a le chankaneng, Pauluse o nahana ka mathata a talimaneng le phutheho ea Efese, e pota-potiloeng ke barapeli ba bahetene ’me e siruoe ke tempele e tšosang ea Artemise. Ha ho pelaelo hore Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba ne ba hloka papiso e loketseng eo joale Pauluse a ba etsetsang eona, e bontšang hore ba etsa “tempele e khethehileng,” eo Jehova a lulang ho eona ka moea oa hae. (Ba-Ef. 2:21) “Sephiri [“sephiri se halalelang,” NW]” se neng se senoleloa Baefese, mabapi le tsamaiso ea Molimo (tsela ea oona ea ho laola litaba tsa ntlo ea oona) eo ka eona o neng o tla tsosolosa bonngoe le khotso ka Jesu Kreste, ha ho pelaelo hore e bile tšusumetso e matla le matšeliso ho bona. (1:9, 10) Pauluse o hatisa bonngoe ba Bajode le Balichaba ho Kreste. O khothalletsa bonngoe, kopano. Kahoo, joale re ka ananela morero, bohlokoa, le tšusumetso e totobetseng ea buka ena.

  • Buka ea Bibele ea 49—Ba-Efese
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 9. Molimo o entse joang hore lerato la oona le ate, ’me thapelo ea Pauluse ke efe?

      9 Morero oa Molimo oa ho tlisa bonngoe ka Kreste (1:1–2:22). Moapostola Pauluse o romela litumeliso. Molimo o lokela ho bokoa ka mosa oa oona o khanyang o sa tšoanelang. Sena se amana le ho ba khetha ha oona hore ba be bonngoeng le Jesu Kreste, eo ka eena ba nang le tokoloho ka topollo ka mali a hae. Ho feta moo, Molimo o atisitse lerato la oona ho bona ka ho ba tsebisa sephiri se halalelang sa thato ea oona. Hobane o rerile tsamaiso, ‘ho bokella tsohle ho Kreste,’ eo hammoho le eena ba abetsoeng ho ba majalefa. (1:10) E le tiiso e tlang pele ea sena, ba tiisitsoe ka moea o halalelang. Thapelo ea Pauluse ke hore ba kholoe ka ho tiileng tšepo eo ba e bilelitsoeng le ho bona hore Molimo o tla sebelisa matla a tšoanang le bona le ao o a sebelisitseng ha o tsosa Kreste le ha o mo beha ka holimo ho puso e ’ngoe le e ’ngoe le ’musi e mong le e mong le ho mo etsa Hlooho holim’a lintho tsohle phuthehong.

  • Buka ea Bibele ea 49—Ba-Efese
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 19. Ho tla fihlela kajeno, Ba-Efese e ntšetsa pele tšepo efe le khothatso?

      19 Tabeng ea ‘sephiri se halalelang,’ Pauluse o boetse o bua ka “tsamaiso . . . e tla bokella lintho tsohle hammoho hape ho Kreste, lintho tse maholimong [ba khethetsoeng ho ba ’Musong oa leholimong] le lintho tse lefatšeng [ba neng ba tla phela lefatšeng sebakeng se busoang ke ’Muso].” Ka hona ho totobatsoa morero o moholo oa Molimo oa ho tsosolosa khotso le bonngoe. Ntlheng ena Pauluse o ile a rapela molemong oa Baefese, bao mahlo a lipelo tsa bona a neng a fumantšitsoe tsebo, hore ba ka utloisisa ka ho tletseng tšepo eo Molimo o neng o ba bilelitse eona le hore ba bone “hore na menono e khanyang eo o e tšoaretseng bahalaleli e le lefa ke eng.” Mantsoe ana e tlameha e be a ile a ba khothatsa haholo tšepong ea bona. ’Me lengolo le bululetsoeng le eang ho Baefese le tsoela pele ho haha phutheho mehleng ena, hore ‘nthong tsohle re ka tlatsoa ka botlalo bohle boo Molimo o fanang ka bona.’—1:9-11, 18, NW; 3:19.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela