Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Phefumoloha “Moea” oa Lefatše Lena Hoa Bolaea!
    Molula-Qhooa—1987 | September 15
    • Ho Phefumoloha “Moea” oa Lefatše Lena Hoa Bolaea!

      “Ke lōna bao Molimo o ba phelisitseng le hoja le ne le shoele litlōlong tsa lōna le libeng tsa lōna, tseo le neng le tsamaea ho tsona pele . . . ho ea ka ’musi oa matla a moea.”—BA-EFESE 2:1, 2, NW.

      1. Ho tlile joang hore tšilafatso ea moea e bolaee batho?

      HO PHEFUMOLOHA moea o hloekileng! Ho khatholla hakaakang ha motho a e-tsoa ka kamoreng e bupetsaneng! Empa le hona libakeng tse bulehileng, tšilafalo ke bothata bo boholo kajeno. Lichefu tse tšolleloang sebakeng li atile ka mokhoa o tšosang linaheng tse ngata. Mosi o chefu, lerōle le hlahisoang ke ho phatloha ha karolo e setsing ea athomo, likokoana-hloko, le lipeō tse itseng tsa mafu, kaofela li tsamaea ka moea. Moea o phelisang, o fanoeng ka mosa o moholo hakana ke ’Mōpi oa rōna ea lerato, o ntse o fetoha o bolaeang haholoanyane ka lebaka la meharo ea motho le ho se tsotelle ha hae.

      2. Ke “moea” ofe o silafetseng o kotsi le ho feta moea o silafetseng oo re ka ’nang ra o phefumoloha?

      2 Leha ho le joalo, le hoja tšilafatso ea moea e le kotsi hakaalo, ho na le mofuta o mong o kotsi haholo oa “moea” o silafetseng o bileng o bolaeang. Hase moea o silafalitsoeng ke kotsi ea nuclear Chernobyl (U.S.S.R.) kapa leru la mosi o motšo oa Los Angeles, California, (U.S.A.). Che, re kotsing ea ho phefumoloha “moea” o bolaeang ka ho fetisisa. Moapostola Pauluse o ile a o bolela ha a re ho Bakreste-’moho le eena: “Ke lōna bao Molimo o ba phelisitseng le hoja le ne le shoele litlōlong tsa lōna le libeng tsa lōna, tseo le neng le tsamaea ho tsona pele ho ea ka tsamaiso ena ea lintho ea lefatše lena, ho ea ka ’musi oa matla a moea, moea o busang joale ho bara ba ho se utloe.”—Ba-Efese 2:1, 2, NW.

      3, 4. (a) “’Musi oa matla a moea” ke mang? (b) Ke hobane’ng ha “moea” oa Ba-Efese 2:1, 2 e se sebaka seo bademona ba lulang ho sona?

      3 “Moea” oo ke eng? Pauluse o bontša hore o na le “matla,” kapa puso, ’me ho na le “’musi” holim’a oona. Ha ho pelaelo hore na ’musi enoa ke mang. Ke Satane Diabolose, eo Jesu Kreste a ileng a mo bitsa “morena oa lefatše lena.” (Johanne 12:31) Liithuti tse ling tsa Bibele ha li lemoha sena li ikutloa hore Pauluse mona o alimile mehloling ea Sejode kapa ea bohetene ’me o buile ka moea e le sebaka seo ho lulang bademona ho sona, se laoloang ke Diabolose. Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li bontša maikutlo ana. Empa “moea” ona hase ntho e le ’ngoe le ‘sebaka sa leholimo’ seo ho sona ho lulang “meea e bolotsana.”—Ba-Efese 6:11, 12.

      4 Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Efese, Satane le bademona ba ne ba sa ntsane ba le leholimong, le hoja ba ne ba lelekiloe mohaung oa Molimo. E ne e le hona ba tla theoleloa lefatšeng. (Tšenolo 12:7-10) Ho feta moo, moea ona o amana haholoanyane le batho ho feta libopuoa tsa moea. Kahoo, batho ba ne ba lokela ho utloa liphello ha ho tšolleloa nkho ea ho qetela ea bohale ba Molimo “sebakeng.”—Tšenolo 16:17-21.

      5. “Moea” oo ho buisanoang ka oona mona ke ofe, ’me o na le phello efe holim’a batho?

      5 Kahoo, ho bonahala eka Pauluse o sebelisa moea o phefumolohuoang, kapa sebaka, ho tšoantšetsa moea o akaretsang, kapa boikutlo bo laolang ba boikhabi le ho se utloe, o bontšoang ke batho ba ikarotseng ho Molimo. O tšoana hantle le “moea o busang joale ho bara ba ho se utloe” le “moea oa lefatše.” (Ba-Efese 2:2, NW; 1 Ba-Korinthe 2:12) Joalokaha moea o phefumolohuoang o le hohle, o loketse hore o ka phefumolohuoa, ka ho tšoanang “moea oa lefatše” o teng ka linako tsohle. Ho tloha boseeeng ho isa lebitleng, o phunyeletsa, o susumetsa le ho bōpa tsela eo batho ba nahanang ka eona le eo ba etsang lintho ka eona ha ba batla ho phetha litakatso, tšepo le meharo ea lipelo tsa bona.

      6. (a) Matla a “moea” oa lefatše lee a totisoa joang, hona o sebelisa “matla” joang? (b) Ho phefumoloha “moea” ona ho ka susumeletsa motho hore a etsise tsela ea bofetoheli ea Diabolose joang?

      6 Moea ona oa boetsalibe le oa bofetoheli o busa har’a batho ba sa phethahalang. Ha motho a ntse a phefumoloha “moea” ona, matla a oona a bolaeang a totisoa ke khatello ea methaka le takatso e ntseng e hōla ea menyaka ea nama. Kahoo, o na le “matla” a maholo holim’a batho. (Bapisa Ba-Roma 6:12-14.) Ha e le hantle, Diabolose ke moqapi oa bokhopo bohle. (Johanne 8:44) Ka hona o susumetsa batho hore ba etsise tsela ea hae ea bofetoheli ’me kahoo o susumetsa, o bōpa le ho laola moea ona o akaretsang, kapa “moea” ona o har’a batho. Joaloka “’musi” holim’a puso ena ea bobe, kapa “matla,” Satane o e sebelisetsa ho laola monahano oa batho. Mekha ea eona e qapetsoe ho boloka batho ba tšoarehile haholo ke ho khotsofatsa litakatso tsa nama le ho phehella lithahasello tsa lefatše hoo ba hlokang nako kapa tšekamelo ea ho tseba Molimo le ho ikokobeletsa moea oa oona o halalelang, “moea . . . o phelisang.” (Johanne 6:63) Ka puo ea moea, ba shoele.

      7. (a) Ke ka tsela efe Bakreste e neng e le “bana ba bohale” ka nako e ’ngoe? (b) Hoba ha rōna Bakreste, ke phetoho efe e ileng ea etsahala?

      7 Bakreste le bona ba ne ba le tlas’a “matla” ana kapa taolo ena, ea “moea” ona o silafetseng pele ba ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo ’me ba qala ho lumellana le litekanyetso tsa oona tse lokileng. ‘E, har’a batho ba lefatše re kile ra itšoara tumellanong le litakatso tsa nama ea rōna, re etsa lintho tse ratoang ke nama le mehopolo, ’me ka tlhaho re ne re le bana ba bohale joaloka ba bang.’ Empa hoba re be Bakreste, re ile ra khaotsa ho phefumoloha “moea” o bolaeang oa lefatše lena. Re ile ‘ra hlobola botho ba khale bo neng bo lumellana le tsela eo re neng re itšoere ka eona pele ’me ra apara botho bo bocha bo bōpiloeng ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing ba ’nete.’—Ba-Efese 2:3; 4:22-24.

      8. Boemo ba rōna kajeno bo tšoana joang le ba sechaba sa Iseraele lefeelleng?

      8 Joale kotsi ke hore kamor’a ho pholoha tikolohong e silafetseng ea lefatše lena re ka ’na ra ekeha hore re khutlele ho eona. Hona joale re botebong ba ‘nako ea bofelo’ le lintšing tsa lefatše le lecha. (Daniele 12:4) Ka sebele, ha re batle ho lahleheloa ka lebaka la ho oela lifing tse tšoanang le tseo Baiseraele ba ileng ba oela ho tsona. Hoba ba lokolloe ka mohlolo Egepeta le ha ba fihla meeling ea Lefatše la Pallo, ba likete ‘ba ile ba rapalatsoa lefeelleng.’ Hobane’ng? Hobane ba bang ba ile ba fetoha barapeli ba litšoantšo, ba bang ba etsa bohlola, ’me ba bang hape ba leka Jehova ka ho korotla le ho belaela ha bona. Pauluse o hlahisa ntlha e matla ha a re: “Efela taba tseo tsohle li ne li ba hlahele hore e be litemoso, ’me li ngoliloe hore re ithute ka tsona, rōna ba hlahetsoeng ke mehla ea bofelo.”—1 Ba-Korinthe 10:1-11.

      9. (a) Re ka ba lefatšeng joang empa re se ba lona? (b) Re tlameha ho ba eng ho ipoloka hore re se ke ra koenngoa hape ke tikoloho ee e bolaeang ea lefatše?

      9 Mabapi le barutuoa ba hae, Jesu o ile a rapela: ‘Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše. Ha ke u rapele hore u ba tlose lefatšeng, empa e le hore u ba sireletse bobeng.’ (Johanne 17:14, 15) Jehova o tla re sireletsa, empa a ke ke a re hahela ‘lekhoakhoa’ kapa a re sireletsa ka mohlolo ‘moeeng’ oa lefatše lena. (Jobo 1:9, 10) Kahoo phephetso ho rōna ke ho ba lefatšeng la Satane, empa re se karolo ea lona, ho pota-potoa ke “moea,” oa lona o silafetseng empa re sa o phefumolohe. Ha re bala lingoliloeng tsa lefatše, re shebella thelevishene, kapa re e-ea libakeng tsa boikhathollo, ho bonolo hore re pepesetsoe “moea” ona oa lefatše. Le hoja re ke ke ra qoba ho kopana le batho ba lefatše lena ka mokhoa o itseng—mosebetsing, sekolong le ka mekhoa e meng—re tlameha ho falimeha e le hore re se ke ra koenngoa hape hore re kene tikolohong e bolaeang ea lefatše lena.—1 Ba-Korinthe 15:33, 34.

      10, 11. (a) Ho ba ha rōna ka paradeiseng ea moea ea Jehova ho ka tšoantšoa le ho ba sebakeng sa “ba sa tsubeng” joang? (b) Ho lokela hore ho nkoe mehato efe haeba monkho oa “moea” oa lefatše lena o utloahala?

      10 Re ka ’na ra tšoantša boemo ba rōna le ho lula ka tlung ea lijo e nang le libaka tsa “ba tsubang” le “ba sa tsubeng.” Joaloka Bakreste ba ka paradeiseng ea moea ea Jehova, re lutse hantle ka karolong ea “ba sa tsubeng,” hōle le moea o akaretsang oa lefatše lena. Ka sebele, re ke ke ra ea ka boomo ’me ra lula karolong ea “ba tsubang.” Hoo e ne e ka ba bothoto. Empa ho atisa ho etsahala joang ha re le ka karolong ea “ba sa tsubeng” ka ntlong ea lijo? Moea o tletseng mosi le o silafetseng oa phunyelletsa, ’me re utloa ho nkha ha oona! Ha hona ho etsahala, na re fumana moea o silafetseng o hohela? Kapa na ho e-na le hoo ha re ke re potlakela ho tloha ho oona kapele kamoo re ka khonang?

      11 Empa u etsa joang ha monkho oa “moea” oa lefatše lena o kena tseleng ea hao? Na u nka mehato e potlakileng ho tloha tšusumetsong ee e silafetseng? Haeba u lula moo ’me u o phefumoloha, u ka tiisa hore monahano oa hao o tla ameha. Ha u phefumoloha “moea” ona haleletsana, ke moo u eketsang hore u o mamelle. Ho feta moo, kamorao ho nako lephoka ha le sa u leleka empa le se le u hohela, le u taha, le lakatseha nameng. Mohlomong le ka ’na la matlafatsa takatso e ’ngoe ea lekunutu eo u ntseng u e loantša hore u e laole.

      12. Ho hlokahala eng ho qoba ho angoa ke litšobotsi tseo tsa “moea” oa lefatše lee tse sa hlokomeleheng habonolo?

      12 Lintho tse ling tse bolaeang tse silafatsang tsa “moea” oa lefatše lena ha li hlokomelehe habonolo, joalokaha lintho tse silafatsang moea oa sebele o phefumolohuoang tse kang carbon monoxide li sa nkhe kapa li sa latsoehe. Joale kotsi ke hore mohlomong ha re na ho utloa ‘mosi o bolaeang’ ho fihlela ha o re hapile. Kahoo, ho hlokahala re be seli hore mohlomong ha re hulanyetsoe lerabeng la lefu ke boikutlo ba boitaolo ba lefatše lena kapa ho se utloe ha lona litekanyetso tsa Molimo tsa ho loka. Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste-’moho le eena ho ‘khothatsana ka matsatsi ’ohle, e se be e mong ho bona a ka ithatafatsa ka thetso ea sebe.’—Ba-Heberu 3:13; Ba-Roma 12:2.

      “Moea” oa Lefatše Lee o Entsoe ka Eng?

      13. (a) Sebopeho se seng sa “moea” oa lefatše lena seo re lokelang ho ikalosa khahlanong le sona ke sefe? (b) Ho totobetse joang hore “moea” ona o hahlametse ba bang ho batho ba Jehova?

      13 Ka lebaka la tšusumetso e matla ea “moea” oa lefatše lee, re ka ’na ra qala ho ba le maikutlo afe a tloaelehileng, le pele re ho hlokomela? Bo bong ke ho bapala ka lintho tsa boitšoaro bo bobe. Re pota-potiloe ke maikutlo a lefatše lena ka botona kapa botšehali le boitšoaro. Ba bangata ba re: ‘Ho lokile ho etsa bohlola, ho ba le bana ka ntle ho lenyalo, le ho itloaetsa bosodoma. Re etsa se tloaelehileng feela, sa tlhaho.’ Na “moea,” kapa moea o akaretsang ona oa lefatše o hahlametse batho ba Jehova? Ka bomalimabe, selemong sa tšebeletso sa 1986, ba 37 426 ba ile ba lokela ho khaoloa phuthehong ea Bokreste, boholo ba bona ka lebaka la ho etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. ’Me hona ha ho akarelletse palo e phahameng haholoanyane ea ba khalemetsoeng ka lebaka la boitšoaro bo bobe empa ba sa khaoloa hobane ba ile ba bontša pako ea ’nete.—Liproverbia 28:13.

      14. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba kheloha boitšoarong, ba hana keletso efe ea Mangolo?

      14 Ho etsahala joang tabeng ea ba ineelang boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate? Ha linnete li senoha, hangata ho ee ho fumanoe hore ba tsosolositse ho phefumoloha “moea” o bolaeang oa lefatše lena. Ba lumelletse boikutlo ba lefatše hore bo ba bakele ho theola litekanyetso tsa bona. Ka mohlala, ba ka ’na ba qala ho shebella libaesekopo tseo lilemong tsa pele ho moo ba ka beng ba ile ba tsoa ka lehare ho tsona. Ho hobe le ho feta, thepeng ea video ea lapeng ba ka ’na ba shebella libaesekopo tseo ho totobetseng hore ha lia hloeka bakeng sa Mokreste. Ho bapala joalo ka lintho tsa boitšoaro bo bobe ho hanana ka ho toba le taelo ea Mangolo: “Ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli; leha e le taba e lihlong, leha e le ea booatla, leha e le ea mesoaso e mebe.”—Ba-Efese 5:3, 4.

      15. Moleko oa ho bapala ka boitšoaro bo bobe ba botona kapa botšehali o ka qala habobebe joang?

      15 Ke ’nete hore u ka ’na ua potlakela ho hana tlhahiso leha e le efe e totobetseng ea ho etsa bohlola. Empa u etsa joang ha e mong mosebetsing kapa sekolong a leka ho u phathatsa, a leka ho u tloaela ka mokhoa o feteletseng, kapa a u memela hore u tsoe le eena? Monkho oa “moea” oa lefatše lena kahoo u fapohetse ka tseleng ea hao. Na u itlohella hore u thabele tlhokomelo, ua e khothaletsa? Ho ea ka litlaleho tse fumanoang li e-tsoa ho baholo, phoso e atisa ho qala ka litsela tse bobebe joalo. Monna oa lefatše a ka ’na a re ho mosali oa Mokreste: “U shebahala hantle hakaakang kajeno!” Ho ka ’na ha e-ba monate ho utloa hoo, haholo haeba mosali eo a ikutloa eka o hlorile. Ho tebileng haholoanyane, ba bang ha baa ka ba itšoara ka bohlale ha ho lekoa hore ba phathatsoe. Ba itlhahisitse eka ha ba rate empa e le ka pelo e sa fellang hoo motho oa lefatše a ileng a khothaletsoa hore a tsoele pele ka seo a neng a se etsa. Ho thoe’ng haeba katamelo e joalo ea boitšoaro bo bobe ho mosali oa Mokreste e ntse e tsoela pele, ho tšoana le monkho oa moea o silafetseng o fokelang tseleng ea hae? Ka tsela e tiileng, a ka bolella monna eo hore ha a batle ’me a ke ke a amohela tlhokomelo ea hae. Haeba a ntse a tsoela pele ho phefumoloha “moea” ona, ho bonolo hore khanyetso ea hae e tla senyeha. A ka ’na a huleloa boitšoarong bo bobe, haeba e se lenyalong la bothoto.—Bapisa Liproverbia 5:3-14; 1 Ba-Korinthe 7:39.

      16. Ho hlokahala eng ho ba “monkho o monate oa Kreste”?

      16 Ka baka leo, potlakela ho hana “moea” oa boitšoaro bo bobe le o bolaeang oa lefatše lena. Ho e-na le ho ineela monkhong oa lona o hohelang e be u tlisetsa lebitso la Jehova le mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae thohako, fetoha monkho o monate ho Molimo ka boikutlo ba hao le boitšoaro ba hao ba bomolimo. Pauluse o ile a ho bea ka tsela ena: “Hobane ho Molimo re monkho o monate oa Kreste har’a ba bolokehang le har’a ba timelang: ho ba bang re monkho oa lefu, o bolaeang; ho ba bang re monkho oa bophelo, o phelisang.” (2 Ba-Korinthe 2:15, 16) Ke eng e tsotellehang haeba ba bangata ba tsoenya linko ke tsela ea Bokreste? (1 Petrose 4:1-5) Tlohela lefatše le ee ka tsela ea lona, le kotula tholoana e mpe ea eona e tlang e le malapa a qhalaneng, bana ba matšeo, mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, a kang AIDS, le mahlomola a mang a se nang palo a maikutlo le a ’mele. U ke ke ua bolokoa feela mahlokong a mangata empa hape u tla ba le mohau oa Molimo. Ho feta moo, bonyane ba bang ba tla khahloa ke boitšoaro ba hao bo botle le molaetsa oa ’Muso oo u o bolelang, kahoo ba hoheloe ke “monkho oa bophelo, o phelisang.”

      “Moea” oa Mekhoa ea Lefatše

      17. Mekhoa ea ho apara le ho itlhopha e ka ’na ea senola joang hore motho o susumelitsoe ke moea o akaretsang oa lefatše lee?

      17 Tšobotsi e ’ngoe ea “moea” oa lefatše lena e amana le mekhoa ea moaparo le boitlhopho. Ba bangata lefatšeng ba apara e le hore ba ka iketsa ba hohelang botoneng kapa botšehaling. Esita le bana ba ka tlaase ho lilemo tse leshome le metso e meraro ba batla ho iketsa hore ba bonahale eka ba baholoanyane, ba pepesa botona kapa botšehali. Na u hahlameloa ke “moea” ona o tletseng hohle, kapa boikutlo? Na u aparela ho hapa maikutlo, ho phephetsa, ho tsosa thahasello e sa lokelang ea ba batona kapa ba batšehali ho fapana le uena? Haeba ho joalo, u bapalla mollong. Ho phefumoloha “moea” ona ho tla bupetsa moea oa hao oa bokhabane, takatso ea hao ea hore u hloeke. (Mikea 6:8) Bao ba nang le moea oa lefatše ba tla huleloa ho uena. Ka liketso tsa hao, ba tla fumana molaetsa oa hore u loketse ho ikopanya le bona boitšoarong bo bobe. Empa ke hobane’ng ha u ka leba ka tsela ee ka ho lumella hore “moea” o joalo o u eke hore u etse se sebe mahlong a Molimo?

      18. Ho hopola kamehla hore re emetse Jehova ho tla re thusa joang ho khetha mekhoa ea moaparo le boitlhopho?

      18 Ho ba ba khabane, ha ho hlokahale hore re apare kapa re itlhophe ka bohlasoa kapa ka mokhoa o sa khahleheng. Nahana ka tsela eo boholo ba Lipaki tsa Jehova bo aparang ka eona le ho itlhopha ka eona. Li qoba mekhoa e feteletseng ea lefatše lena empa li itlhahisa li boheha, li hopola hore ke basebeletsi ba emelang Morena ’Musi oa bokahohle, Jehova. Tlohella lefatše la khale le ke le some mekhoa ea tsona e khabane ea ho apara. Li ke ke tsa lumella boikutlo ba lefatše lena bo li etse hore li theole litekanyetso tsa tsona tsa Bokreste. Moapostola Pauluse o ile a ngola, “Joale, seo ke se bolelang, seo ke se tiisang Moreneng, ke re: Le se hlole le phela joale ka ba-lichaba ba bang, ba eang ka bosaoana ba likelello tsa bona; . . . Ba timeletsoe ke kutlo eohle, ba ineetse bohlola, ba tle ba etse manyala ’ohle.” (Ba-Efese 4:17-19) Mokreste ea hōlileng tsebong o tla apara ka bokhabane, a sa etse feela se etsoang ke lichaba.—1 Timothea 2:9, 10.

      19. Ha re buisane ka litšobotsi tse ka sehloohong tse peli tsa “moea” oa lefatše lena, ke eng e seng e totobetse ka kotsi ea ho o phefumoloha?

      19 Ho tla fihlela mona, re buisane feela ka litšobotsi tse peli tsa “moea” oa lefatše lena. Empa re se re bone hore “moea” ona o kotsi haholo bophelong ba moea. Sehloohong se latelang, re tla bua ka litšobotsi tse ling tsa “moea” ona o bolaeang oo Diabolose le tsamaiso ea hae a sa khaotseng ho o bululela ho Bakreste, ka tšepo ea hore ba tla ineela ho oona. Ke habohlokoa hakaakang hore re qobe “moea” o joalo, hobane ho phefumoloha moea o akaretsang oa lefatše lena ho tšoana le ho phefumoloha mosi oa lefu!

  • U ’Ne u Ikokobeletse ‘Moea o Phelisang’
    Molula-Qhooa—1987 | September 15
    • U ’Ne u Ikokobeletse ‘Moea o Phelisang’

      “Moea ke oona o phelisang; nama ha e thuse letho.”—JOHANNE 6:63.

      1. (a) Jehova o thusa batho ba hae joang ho hana tšusumetso ea “moea” oa lefatše lee? (b) Ho hlaolela litholoana tsa moea oa Molimo ho tla re thusa joang hore re be le tšekamelo e nepahetseng ea kelello?

      MOEA o halalelang oa Jehova Molimo o hlokahala ka ho fetisisa hore re tle re hanele tšusumetso ea “moea” oa lefatše lena, kapa boikutlo ba lona. (Ba-Efese 2:1, 2) Hape re hloka Bibele, e nang le mehopolo ea Molimo e ngotsoeng tlas’a tataiso ea moea o halalelang. ’Me ho hlokahala hore re be le boikutlo ba boikokobetso ba Bokreste, bo hlahisoang ke ho hlaolela litholoana tsa moea oa Molimo—‘lerato, thabo, khotso, sebete, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro.’ Moapostola Pauluse o ile a phehella: “Tsamaeang ka Moea, ’me le se ke la kholisa litakatso tsa nama. Hobane nama e na le litakatso tse loantšang Moea, ’me le oona Moea o na le litakatso tse loantšang nama; ’me ntho tseo li emellane ho loantšana, hore le tle le se ke la etsa tseo le li ratang.”—Ba-Galata 5:16, 17, 22, 23.

      2. Se hlahisoang ke moea oa Molimo se fapana joang le liphello tsa ho nka “moea oa lefatše”?

      2 Pauluse o boetse a ngola: “Ha e le rōna, ha rea ka ra amohela moea oa lefatše, empa re amohetse Moea o tsoang ho Molimo, re tle re tsebe tseo re li filoeng feela ke Molimo.” (1 Ba-Korinthe 2:12) “Moea” oa lefatše lena kapa boikutlo ba kelello, oa bolaea, empa seo Molimo o fanang ka sona ka moea o halalelang se tlisetsa ba se amohelang bophelo bo sa feleng. Jesu o itse: “Moea ke oona o phelisang; nama ha e thuse letho. Taba tseo ke le bolellang tsona ke moea, e bile ke bophelo.” (Johanne 6:63) Kaha “nama ha e thuse letho,” re hloka thuso ea bomolimo ho hapa sebe le ho hanela moea oa lefatše lena.

      3, 4. (a) Ho rata leruo ke eng, hona ‘’musi oa moea’ o bapalla takatsong ea nama ea lintho tse bonahalang joang? (b) Motho ea ratang leruo ke morapeli oa molimo oa bohata joang?

      3 Sehloohong se fetileng, re buisane ka litšobotsi tse peli tse kotsi tsa “moea” oa lefatše lena—ho bapala ka lintho tsa boitšoaro bo bobe le mekhoa e sa lokelang ea moaporo le boitlhopho. Empa ho na le litšobotsi tse ling tse ngata. Ka mohlala, tikoloho ea lefatše lena e imetsoe ke lerato la leruo, ke takatso e matla ea boikhabi bakeng sa melemo ea lintho tse bonahalang kapa lintho tsa nama. ‘’Musi oa moea’ o ile a hlokomela hore mashano a lefatše lena le liphatlalatso li u etse hore u ikutloe u sa fella haeba u se na matlotlo a mangata. Tšobotsi ena ea “moea” oa lefatše e ka u taha ka maikutlo a hore tsena ke lintho tsa bohlokoa bophelong. Na u hahlametsoe ke “moea” ona oa lintho tse bonahalang?

      4 Bibele e re: “Mofebi, leha a le mong, le ea litšila, le ea ratang leruo, e leng motho ea sebeletsang melimo ea bohata, ha ba na kabelo ’musong oa Kreste le Molimo.” (Ba-Efese 5:5) Hlokomela hore motho ea ratang leruo hantle-ntle ke morapeli oa molimo oa bohata. U ka ’na ua nahana hore ‘Ka sebele, nke ke ka fetella hakaalo, ka fetoha morapeli oa molimo oa bohata.’ Empa ha e le hantle ho rapela molimo oa bohata ke eng? Na hase ho bea ho hong sebakeng sa Jehova le borapeli ba hae, u fana ka tlhokomelo e sa hlokahaleng ho eona ho e-na le ho Molimo le tšebeletso ea oona? Ho rata leruo ho ka ’na ha ama ho rapela chelete le matla a eona le tšusumetso ea eona. Haeba ho uena ho tlang pele ke ho fumana koloi e ncha, sebapala-likasete sa video, kapa ntho leha e le efe e ’ngoe e bonahalang ho e-na le ho eketsa menyetla ea hao ea ho sebeletsa Jehova, na hoo hase bopaki ba hore “moea” oa lefatše lee o u hahlametse ka mokhoa o kotsi? Na ho uena lintho tse bonahalang ha lia fetoha ntho e kang litšoantšo tse rapeloang?

      5. Ke ka litsela life “moea” oa lefatše lee o tletseng takatso ea boikhabi bakeng sa maruo?

      5 Haeba u batla thuto e tsoetseng pele kapa mosebetsi o phahameng, na u etsa joalo e le hore u ka rua ’me ua ba le melemo e bonahalang e mengatanyana ho feta kamoo u hlokang? Na u haptjoa ke maano a ho rua kapele, u batla ho ameha ho oona? “Moea” oa lefatše lena o tletse takatso ea boikhabi bakeng sa leruo le ho qhekella ha ho lefuoa makhetho a beiloeng ke ’muso. Tikolohong ena papali ea chelete le mesebetsi e tšoanang le oo ea atleha. U se ke ua kena molekong. Ba qobang tšusumetso ea “moea” oa lefatše lena o tletseng meharo ba fumana hore thabo ea ’nete e hlahisoa ke ho khotsofalla lintho tse hlokahalang le ho etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso.—Mattheu 6:25-34; 1 Johanne 2:15-17.

      Tšebeliso e Nepahetseng ea Leleme

      6. Mekhoa ea puo ea lefatše lena e ka ba le phello efe ho rōna joaloka Bakreste?

      6 Ho thoe’ng ka mekhoa ea rōna ea ho bua? Puo e lihlong, mahlapa le leshano—“moea” oa lefatše lena o silafalitsoe kahohle ke puo e litšila joalo. Empa, le eona puo ea ba ’maloa ba kopanelang le phutheho ea Bokreste ka linako tse ling e na le ho hlohlontša litsebe. Morutuoa Jakobo o re bolella ka matla: “Molomong o le mong ho tsoa poko le thohako! Banab’eso, taba ha lia tšoanela ho lula joalo. Na seliba se ka kolla ka mothapo o le mong metsi a monate le a babang na?” (Jakobo 3:10, 11) Na u etsisa puo e ’ngoe e sa hloekang kapa ea “setsotsi” ea lefatše lee? Na u na le mekhoa e ’meli ea tšebeliso ea mantsoe, o mong o u sebelisa ha u le har’a Bakreste, o mong o u sebelisa kae-kae? Pauluse o ile a ngola: “Polelo e lihlong, leha e le ’ngoe, e se ke ea tsoa melomong ea lōna; empa ho tsoe e ntle, e lokelang khahiso, e tle e hlahisetse ba e utloang molemo.” (Ba-Efese 4:29) Ke habohlokoa hakaakang ho sebelisa puo e loketseng le e hloekileng ka linako tsohle!

      7. Ho ‘tela leshano le ho bua ’nete’ li akarellelitse eng?

      7 Hape ho hlokahala hore re be hlokolosi ka linako tsohle hore re bue ’nete. Ho ba mano kapa ho thetsa ba bang ka boomo e le hore re ka qoba boikarabelo, ka sebele ho tšoana le ho qala leshano. Ka hona u tiise hore u ela hloko keletso ea Pauluse: “Le ke le tele leshano, ’me e mong le e mong a bolele ’nete ho oa habo; hobane re litho ba bang tsa ba bang.”—Ba-Efese 4:25; Liproverbia 3:32.

      8. (a) Batho ba bangata ba lefatše ba itšoara joang ha ba halefisitsoe? (b) Haeba re halefisitsoe, re lokela ho etsa eng?

      8 Pontšo e sa laoloeng ea bohale le eona ke tšobotsi e ’ngoe ea moea ona oa lefatše. Batho ba bangata ba lefatše ba felloa ke boitšoaro habonolo. Baa befa, e be joale ba ikemela ka ho re ba ne ba mpa ba bohla bohale feela. Empa Pauluse haa eletsa joalo, hobane o ile a ngola: “Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, li falatsoe ho lōna.” (Ba-Efese 4:31) Empa ho thoe’ng haeba motho a tlala bohale ho sa tsotellehe ho hlaolela ha rōna boitšoaro le litholoana tse ling tsa moea oa Molimo? Pauluse o ile a ngola, “Ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lōna; ’me le se ke la nea Diabolose sebaka.” (Ba-Efese 4:26, 27) Kahoo haeba re halefisitsoe, re lokela ho lokisa taba kapele, pele letsatsi le likela. Ho seng joalo, bohale le ho hlonama li qala ho mela pelong, ’me joale ho thata ho li fothola. U se ke ua itlohella hore u phefumolohe “moea” oa bohale le oa boiphetetso oa lefatše lena.—Pesaleme ea 37:8.

      9. Bo bong ba boikutlo bo tloaelehileng ba basebetsi ke bofe, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba mekhoa ea rōna ea ho sebetsa?

      9 Ho thoe’ng ka mekhoa ea hao ea mosebetsi? Ho se be teng mosebetsing ntle ho lebaka le ho utsoetsa mong a mosebetsi li tloaelehile kajeno. Na u montse o mong oa “moea” oo? Na boikutlo ba hore ‘bohle baa ho etsa’ bo u amme? Le kamohla u se ke ua lebala hore tsela eo re etsang mosebetsi oa rōna ka eona joaloka Bakreste e bontša ho hong ka Jehova le borapeli ba hae bo hloekileng. Na u tla rata ha motho e mong a hana ’nete e buuoang ke e mong oa Lipaki tsa Jehova monyakong oa hae ka lebaka la tsela eo u itšoarang ka eona mosebetsing? Pauluse o itse, “Ea neng a utsoa, a se ke a hlola a utsoa, a mpe a ineele ho sebetsa . . . a tle a tsebe ho nea ea hlokang.”—Ba-Efese 4:28.

      10. Ha re sebetsa mosebetsi oa lefatše, re ka bontša joang hore ha re hahlameloe ke “moea” oa boikhabi oa lefatše lee?

      10 Le hoja kamano ea monghali le lekhoba e neng e le teng lekholong la pele la lilemo e fumaneha seoelo kajeno, basebetsi ba Bakreste ba ka ithuta ho seo Pauluse a ileng a se ngolla makhoba a Bakreste ho Ba-Efese 6:5-8. Mono basebetsi ba ile ba bolelloa hore ‘ba utloe bao ba ba sebeletsang, e seng feela ka lebaka la ho khahlisa batho, empa joaloka makhoba a Kreste.’ Ka hona Mokreste ha aa lokela ho tsoelipana ha a lokela ho etsa mosebetsi o feletseng oa letsatsi kapa ho fana ka thepa kapa tšebeletso kamoo ho tšepisitsoeng. Haeba re etsa lintho ‘joale ka ha re etsetsa Jehova,’ re tla ba le boikutlo bo nepahetseng ’me re ke ke ra angoa ke “moea” oa boikhabi le oa botsoa oa lefatše lena.

      Lijo, Lino le Boikhathollo

      11. Boikutlo ba lefatše ka lijo le lino bo ile ba ama batho ba bang ba Jehova ba mehleng ea Bibele joang?

      11 Na u anngoe ke tšebeliso e feteletseng ea lijo le lino ea lefatše? Boikutlo ba lona ke hore ‘a re jeng, re noeng, re thabe, hobane hosasane re ka ’na ra shoa.’ (1 Ba-Korinthe 15:32) ’Me moea ona o hahlametse ba bang ho bahlanka ba Molimo, le ho tloha mehleng e fetileng. Hopola ketsahalo ea ha Baiseraele lefeelleng “[ba] lula fatše ho ja le ho noa, [ba] ntoo ema [ba] hobela.” (Exoda 32:6) Ho “hobela” hoo ha khannela boitšoarong bo hlephileng bo se nang moeli le borapeling ba melimo ea bohata, hoo bohale ba Molimo bo ileng ba ba tukela. Le kamohla re se ke ra latela tsela eo.—1 Petrose 4:3-6.

      12. Haeba mekhoa ea rōna ea ho ja le ho noa ho hlokahala hore e hlokomeloe ka mokhoa o mong o itseng, re lokela ho etsa joang?

      12 Jehova o re neile lijo le lino tse ngata haholo tse sa tšoaneng ka tatso, mebala le tse hahang ’mele, empa o batla hore re sebelise lintho tsena ka ho itekanela. Bibele e nyatsa bonyollo le botahoa. (Liproverbia 23:20, 21) Kahoo tšepahala ’me u ipotse: Na ho na le moo ho hlokahalang hore ke ntlafatse mekhoeng ea ka ea ho ja le ho noa? Haeba ho hlokahala hore u bontše boitšoaro haholoanyane, hlokomela sena ’me u sebetse tumellanong le lithapelo tsa hao bakeng sa moea oa Molimo ho u thusa hore u hlōle bothata bona. Pauluse o itse, “Le se ke la tahoa ke veine, hobane bohlola bo teng ho eona; le mpe le tlale Moea.” (Ba-Efese 5:18) E, tlala moea oa Molimo, ’me u se ke ua ineela moeeng o sa thijoeng oa lefatše lena! “Leha le e-ja, leha le e-noa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.” (1 Ba-Korinthe 10:31) Leha ho le joalo, haeba u e-na le mathata a phehellang lintlheng tsena, batla thuso ea banna ba hōlileng moeeng ka phuthehong.—Ba-Galata 6:1; Jakobo 5:14, 15.

      13. (a) Ho totobala joang hore Diabolose o silafalitse boholo ba boikhathollo bo teng kajeno? (b) Re ka qoba boikutlo boo ba lefatše mabapi le boikhathollo joang?

      13 Lefatše lena le thophothetsoe ke lipapali, ’mino, le mefuta e sa tšoaneng ea boikhathollo. Ho thabela lintho tse joalo ha ho hlile ha ho phoso, ntle leha li hanana le melao-motheo ea Bibele. Empa bothata ke hore Satane, “morena ea busang moea,” o bolisitse boholo ba boikhathollo bo fumanehang kajeno. (Ba-Efese 2:2, The Jerusalem Bible) Hangata, ho hōlisoa boitšoaro bo bobe, ho emeloa pefo ’me ho bontšoa katleho e fumanoang ka mano, bolotsana le polao. Ha re shebella boikhathollo bo joalo, re phefumoloha boikutlo bona ka matla hore bo kene ’meleng ea rōna, ’me liphello tse tahang tsa bona li tlameha ho re ntša kotsi. Ho feta moo, le moo mefuta e meng e itseng ea boikhathollo e sa hanoeng ke Mangolo, ho na le kotsi ea hore e u thophothele, hoo ho salang nako e nyenyane bakeng sa lintho tsa moea. Kahoo, ho hlokahala hore re khethe. Iphe nako ea ho thabela ka mokhoa o lekaneng boikhathollo bo bong bo molemo le bo hlasimollang ’mele, empa qoba ho etsisa ho fetella ha lefatše. Hore na “moea” ona oa lefatše o na le monkho o monate kapa o bohloko, o silafetse ’me oa bolaea!—Liproverbia 11:19.

      Boikhantšo ba Morabe—Moea o Mobe

      14. Mabapi le mathata a kahisano, re ka angoa joang ke “moea” oa lefatše lee?

      14 Tšobotsi e batlang e le bolotsana ea “moea” oa lefatše lena ke boikhantšo ba morabe le bochaba. Ba bang ba hōlisa maikutlo a fosahetseng a hore merabe e itseng e phahame ’me e meng e tlaase. Bochaba bo khothaletsa batho ho talima linaha tsa habo bona li phahametse tse ling tsohle. Ha e le hantle, ba bangata ba utloa bohloko ntle ho lebaka ’me ba amohuoa litokelo tsa bohlokoa tsa botho le lintho tse hlokahalang ka lebaka la boikhabi ba ba bang le khethollo ea ba bang. Ho felle ka lehloeo, le eona pefo. Ba bangata ba kubuloha ka phetohelo, ba inkela molao matsohong, ba tšepile hore ba tla rarolla mathata a kahisano ka tsela ea bona. Le rōna, hape, re ka haptjoa ke maikutlo ana. Ha re hlokomela leeme kapa re etsoa ka lona ’me joale re utloa ba hatellang hore ho etsoe liphetoho tsa kahisano, re ka ’na ra susumeletseha haeba re se seli. Re ka qala ho tlohela boemo ba rōna ba ho se jele paate eaba re jela paate. (Johanne 15:19) Ho bileng ho tebileng haholoanyane, re ka ’na ra ikutloa re kene molekong oa ho ba limpimpi, ho khothalletsa batho ho jela paate, kapa ho kenella pefong e le hore re ka qobella liphetoho.

      15. Bibele e buella tsela efe ha re ikutloa re sekametse hore re ‘iphetetse’?

      15 Le moea oa phutheho o ka ameha hampe ke boikutlo ba morabe kapa ba bochaba. (Bapisa Liketso 6:1-7.) Empa re tla ba le moea o nepahetseng haeba re ela hloko keletso ena: “Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle. Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena [Jehova].” (Ba-Roma 12:18, 19) Kaha merabe eohle e tsoa ho batho ba babeli ba pele, ’me Molimo ha o ee ka tšobotsi, ha ho na sebaka sa boikhantšo ba morabe kapa ba bochaba ka phuthehong ea Bokreste.—Liketso 10:34, 35; 17:26; Ba-Roma 10:12; Ba-Efese 4:1-3.

      Tsoela Pele ho Phefumoloha “Moea” o Phelisang

      16. Ke eng e tla re thusa ho hanela hore re hahlameloe ke moea oa lefatše lee?

      16 Re buisane ka litšobotsi tse khōlō tsa “moea,” kapa moea o bolaeang oa lefatše lena. O re pota-potile ’me o khothometsa ka matla hoo haeba re ka lumella sebaka se feela hore se be teng boemong ba rōna ba moea, “moea” ona o litšila o tla potlakela ho se koala. Katleho ea ho o hanela e itšetlehile haholo ka hore na re rata se hloekileng, se setle le se lokileng hakae, ’me re hloile se litšila, se sebe le se khopo hakae. Re tla ’ne re phefumolohe “moea” o nepahetseng haeba re tsoela pele ho hlaolela boikutlo bo nepahetseng ba kelello karabelong ea rōna boeta-peleng ba moea o halalelang oa Jehova.—Ba-Roma 12:9; 2 Timothea 1:7; Ba-Galata 6:7, 8.

      17. Ke eng e lokelang ho etsoa ka potlako haeba re utloa “moea” o mong oa lefatše lena o fokelang ka tseleng ea rōna?

      17 Ka mekhoa eohle, u se ke ua lumella “moea” leha e le ofe o litšila oa lefatše lena hore o qale ho nkha hamonate ho uena. ’Musi oa “moea” ona o tsebisisa hore na ho hlokahala eng ho ipiletsa kelellong le ho fehla takatso e atisang ho isa sebeng. (Jakobo 1:14, 15) Lula karolong ea “ba sa tsubeng,” paradeise ea moea ea Jehova. Ha u utloa monkho oa “moea” ona oa lefatše o fapohela ka tseleng ea hao, o qobe. O furalle joalokaha u ne u tla qoba chefu e bolaeang. “Iponeleng hore le tsamaee ka kelello, e seng joale ka maoatla, e mpe e be joale ka ba bohlale. Lopollang linako, hobane mehla e se e le mebe. Ka baka leo, le se ke la etsa ka booatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratoang ke Morena [Jehova].”—Ba-Efese 5:15-17.

      18. Moea oa ba filoeng tokelo ea ho phela lefatšeng le hloekisitsoeng e tla ba ofe?

      18 Ke thato ea Molimo hore re o sebeletse joaloka ka ba tšepahalang. Ho etsa joalo ho tla bolela bophelo tsamaisong ea oona e ncha, e haufi hona joale. Etlare ha re phefumoloha moea ka nako eo, e tla ba o khathollang hakaakang! Ho se lintho tse silafatsang tse bolaeang, e le moea o phelisang feela. Hoo e tla ba ’nete ka moea oa sebele ’me, habohlokoa haholoanyane, ka moea oa ba filoeng tokelo ea ho phela lefatšeng le hloekisitsoeng. Ba tla ba le boikutlo ba ho utloa, ba boikokobetso le ba ho arabela hantle. “Moea” oa lefatše lena la khale, o tletseng litšusumetso tsa bofetoheli, tšenyeho le bokhopo, o tla be o ile.—Tšenolo 21:5-8.

      19. Ke bafe ba tla pholohela tsamaisong e ncha ea Jehova?

      19 Ka sebele, ha re batle ho ba har’a ba phefumolohang “moea” oa tsamaiso ena ha Jehova a felisa tšilafalo le basilafatsi ka Harmagedone. E tla ba topollo e kaakang ha lefatše la khale le se le ile ’me ‘’musi oa moea’ a se a kentsoe sekoting! E mong le e mong ea ratang Jehova ’me a tsoela pele ho rata se hloekileng, se hlomphehang le se lokileng o tla ba teng moo. Jehova o ba batla moo ’me o tla ba thusa ka moea oa hae. O tla ba nea bophelo bo sa feleng tsamaisong e ncha e hloekileng le e tletseng bophelo. A re se keng ra fosoa ke tokelo eo ka lebaka la ho phefumoloha “moea” o bolaeang oa tsamaiso ena ea lintho ea khale!

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela