Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na Ua Tšoaneleha Bakeng sa ho Sebeletsa?
    Molula-Qhooa—1990 | September 1
    • 16. (a) Ho hlokahala eng bakeng sa ho ba le mekhoa e itekanetseng? (b) Moholo a ka boloka boitšoaro joang?

      16 Ea nang le mekhoa e itekanetseng; ea nang le boitšoaro. (1 Timothea 3:2, NW; Tite 1:8) Moholo o lokela ho ba ea leka-lekaneng, a se ke a lemalla mekhoa e mebe. Ha a talimane le liteko, Molimo o tla mo thusa ho boloka ho leka-lekana haeba a rapela joalokaha mopesaleme a ile a rapela: “Felisa matšoenyeho a pelo ea ka, u ’ntše maqakabetsing a ka.” (Pesaleme ea 25:17, BPN) Hape molebeli o lokela ho rapella moea oa Molimo ’me a bontše litholoana tsa oona, ho akarelletsa boitšoaro. (Luka 11:13; Ba-Galata 5:22, 23) Ho ithiba menahanong, puong, le liketsong ho etsa hore moholo a khone ho qoba ho ba ea fetelletsang litaba ha a fana ka tataiso ea moea bakeng sa phutheho.

  • Na Ua Tšoaneleha Bakeng sa ho Sebeletsa?
    Molula-Qhooa—1990 | September 1
    • 19. Ka lebaka la hore o rata ho amohela baeti, moholo o etsa’ng?

      19 Ea ratang ho amohela baeti. (1 Timothea 3:2; Tite 1:8) Moholo ‘o latela mohlala oa ho rata ho amohela baeti.’ (Ba-Roma 12:13, NW; Ba-Heberu 13:2) Lentsoe la Segerike le emelang “ho rata ho amohela baeti” ha e le hantle le bolela “ho rata batho bao motho a sa ba tsebeng.” Ka hona, moholo ea ratang ho amohela baeti o amohela batho ba bacha libokeng tsa Bokreste, o bontša thahasello ho ba hlokang ka tsela e tšoanang le eo a e bontšang ka eona ho ba atlehileng linthong tse bonahalang. O amohela ba leng mosebetsing oa ho tsamaela lithahasello tsa Bokreste ’me o ba felehetsa “ka mokhoa o tla khahlisa Molimo.” (3 Johanne 5-8, BPN) Ka sebele, moholo o bontša hore o rata ho amohela baeti haholo-holo ho balumeli-’moho ho latela litlhokahalo tsa bona le kamoo maemo a hae a mo lumellang ka teng.—Jakobo 2:14-17.

  • Na Ua Tšoaneleha Bakeng sa ho Sebeletsa?
    Molula-Qhooa—1990 | September 1
    • 23. (a) U ne u tla hlalosa ‘motho ea ratang molemo’ joang? (b) Ho ba ea lokileng ho bolela’ng?

      23 Ea ratang molemo; ea lokileng. (Tite 1:8) Hore a tšoanelehe ho ba moholo, monna o tlameha ho rata molemo ’me e be ea lokileng. Motho ea ratang molemo o rata se setle mahlong a Jehova, o etsa liketso tse mosa le tse thusang, ’me o bontša kananelo bakeng sa molemo oa ba bang. (Luka 6:35; bapisa le Liketso 9:36, 39; 1 Timothea 5:9, 10.) Ho ba ea lokileng ho bolela ho ipapisa le melao le litekanyetso tsa Molimo. Har’a tse ling, monna ea joalo o hloka leeme ’me o lula a hopotse lintho tse lokileng, tse hloekileng, le tse khabane. (Luka 1:6; Ba-Filippi 4:8, 9; Jakobo 2:1-9) Kaha molemo o fapane le ho loka ka hore oona o fetela ka ’nģane ho seo toka e se hlokang, motho ea ratang molemo o etsetsa ba bang ho hongata ho feta se lebelletsoeng ho eena.—Mattheu 20:4, 13-15; Ba-Roma 5:7.

      24. Ho ba ea tšepahalang ho hloka eng?

      24 Oa tšepahala. (Tite 1:8, NW) Monna ea tšoanelehang ho ba moholo o boloka boinehelo bo ke keng ba senngoa ho Molimo ’me o khomarela molao oa bomolimo, ho sa tsotellehe hore na botšepehi ba hae bo lekoa joang. O etsa seo Jehova a se lebelletseng ho eena, ’me sena se akarelletsa ho sebeletsa e le ’moleli ea tšepahalang oa ’Muso.—Mattheu 24:14; Luka 1:74, 75, NW; Liketso 5:29; 1 Ba-Thessalonika 2:10, NW.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela