-
Bibele e Re’ng ka Thobalano?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
KHAOLO EA 41
Bibele e Re’ng ka Thobalano?
Batho ba bangata ba thatafalloa ke ho bua ka thobalano. Empa ha Bibele e bua ka thobalano, e bua ka eona ka tsela e hlomphehang ebile ha e pate letho. Seo e se buang se re tsoela molemo. Taba ena ea utloahala hobane Bibele e tsoa ho ’Mopi oa rona Jehova. O tseba lintho tse ka re tsoelang molemo. Jehova oa re bolella hore na re etse’ng e le hore re mo thabise le hore na ke’ng e ka re thusang hore re thabele bophelo ka ho sa feleng.
1. Na Jehova o nka ho etsa thobalano ho fosahetse?
Thobalano ke mpho e tsoang ho Jehova. O batla hore e etsoe ke monna le mosali ba nyalaneng. Mpho ena e etselitsoe hore banyalani ba be le bana hape ba thabele ho bontšana lerato ho ea kamoo Molimo a ba bopileng kateng. Ke kahoo Lentsoe la Molimo le reng: “U thabe le mosali oa bocha ba hao.” (Liproverbia 5:18, 19) Jehova o lebeletse hore banyalani ba Bakreste ba tšepahallane hobane ha ba etsa joalo, ba ke ke ba etsa bofebe.—Bala Baheberu 13:4.
2. Bohlola ke’ng?
Bibele e re ‘lihlola li ke ke tsa rua ’Muso oa Molimo.’ (1 Bakorinthe 6:9, 10) Bangoli ba Bibele ba neng ba ngola ka Segerike, ba sebelisitse lentsoe por·neiʹa ha ba bua ka bohlola. Lentsoe lena le akarelletsa (1) mefuta ea thobalanoa e etsoang ke batho ba sa nyalanang, (2) thobalano e etsoang ke batho ba bong bo tšoanang le (3) thobalano eo batho ba e etsang le liphoofolo. Ha re qoba ho etsa bohlola, re thabisa Jehova ebile rea itšireletsa.—1 Bathesalonika 4:3.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute hore na u ka qoba bohlola joang le hore na u tla fumana molemo ofe haeba u lula u itšoere hantle.
3. Balehela bohlola
Monna ea tšepahalang Josefa o ile a hana ho etsa thobalano le mosali ea neng a batla ho robala le eena. Bala Genese 39:1-12 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Ke’ng e ileng ea thusa Josefa hore a hane ho etsa bohlola? (Sheba temana ea 9.)
Na u nahana hore Josefa o ile a etsa qeto e nepahetseng? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
Mehleng ee bacha ba ka etsisa Josefa joang ’me ba qoba ho etsa bohlola? Bapala VIDEO.
Jehova o batla hore kaofela ha rona re balehele bohlola. Bala 1 Bakorinthe 6:18 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Ke maemo afe a ka etsang hore motho a qetelle a entse bohlola?
U ka balehela bohlola joang?
4. U ka qoba ho etsa ntho e fosahetseng
Ke’ng e ka etsang hore ho be thata ho qoba bohlola? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Ha ntate ea hlahang videong ee a hlokomela hore menahano le liketso tsa hae li ka etsa hore qetellong a se ke a tšepahalla molekane oa hae, o ile a etsa’ng?
Ka linako tse ling, le ho Bakreste ba tšepahalang ho thata ho nahana lintho tse lokileng. Ke joang u ka qobang ho lula u nahana ka lintho tse fosahetseng? Bala Bafilipi 4:8 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Re lokela ho nahana ka lintho tse joang?
Ho bala Bibele le ho phathahana ka mosebetsi oa Jehova ho ka re thusa joang ho qoba teko ea ho etsa sebe?
5. Melao ea Jehova e re tsoela molemo
Jehova oa tseba hore na ke’ng e tla re tsoela molemo. Oa re bolella hore na re etse’ng e le hore re lule re itšoere hantle le hore na melemo ea ho etsa joalo ke efe. Bala Liproverbia 7:7-27 kapa u bapale VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.
Mohlankana eo o ile a ipeha tekong joang? (Sheba Liproverbia 7:8, 9.)
Ho ea ka Liproverbia 7:23, 26 ho etsa bohlola ho ka ba le litla-morao tse bohloko. Haeba re lula re itšoere hantle re tla qoba mathata afe?
Ho itšoara hantle ho ka re thusa joang hore re thabele bophelo ka ho sa feleng?
Batho ba bang ba re seo Bibele e se buang ka batho ba bong bo tšoanang ba ratanang se bontša ho hloka lerato. Empa Jehova ke Molimo ea lerato ’me o batla hore batho ba thabele bophelo ka ho sa feleng. Kahoo, e le hore re phele ka ho sa feleng, re lokela ho mamela melao ea hae. Bala 1 Bakorinthe 6:9-11 ebe le buisana ka potso ena:
Na Molimo o re ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang ke eona feela ntho e fosahetseng?
Kaofela re lokela ho etsa liphetoho e le hore re thabise Molimo. Na ho na le molemo oo re tla o fumana ka ho etsa joalo? Bala Pesaleme ea 19:8, 11 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Na u nahana hore melao ea Jehova ea utloahala? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
Jehova o thusitse batho ba bangata hore ba phele ka melao ea hae. Le uena a ka u thusa
BATHO BA BANG BA RE: “Ha ho phoso ho etsa thobalano le motho eo u sa nyalanang le eena hafeela le ratana.”
Uena u nahana joang?
KAKARETSO
Thobalano ke mpho eo Jehova a e fileng monna le mosali ba nyalaneng hore ba e thabele.
Re Ithutile’ng?
Bohlola bo akarelletsa ho etsa’ng?
Ke’ng e tla re thusa ho qoba ho etsa bohlola?
Re fumana melemo efe ha re mamela melao ea Jehova?
BATLA
Ithute hore na ke hobane’ng ha Molimo a re monna le mosali ba batlang ho lula ’moho ba nyalane ka molao.
“Bibele e Re’ng ka Batho ba Lulang Hammoho Pele ba Nyalana?” (Sehlooho se websaeteng)
Ithute hore na ke hobane’ng ha Bibele e re ha rea lokela ho hloea batho ba bong bo tšoanang ba ratanang le hoja ketso eo ba e etsang e fosahetse.
“Na ke Phoso ha Batho ba Bong bo Tšoanang ba Ratana?” (Sehlooho se websaeteng)
Ithute kamoo melao ea Molimo e re sireletsang kateng tabeng ea thobalano.
“Na ho Nyanyana Litho Tsa Botona Kapa Tsa Botšehali ke ho Etsa Thobalano?” (Sehlooho se websaeteng)
Sehloohong se reng: “Ba ne ba Ntšoara ka Tlhompho,” hlokomela hore na ke’ng e thusitseng ntate e mong ea neng a ratana le batho ba bong bo tšoanang le ba hae hore a fetole bophelo ba hae ’me a thabise Molimo.
a Mefuta ena e akarelletsa thobalano e etsoang ke batho ba sa nyalanang, ho nyanyana litho tsa botona kapa tsa botšehali, ho kenya setho sa botona ka morao le ho phollana litho tsa botona kapa tsa botšehali pakeng tsa batho ba sa nyalanang.
-
-
Bibele e Ruta’ng ka Lenyalo le Bosoha?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
KHAOLO EA 42
Bibele e Ruta’ng ka Lenyalo le Bosoha?
Litsong tse ling batho ba lumela hore motho a ke ke a thaba haeba a sa nyala kapa a sa nyaloa. Leha ho le joalo, ha se batho bohle ba lenyalong ba thabileng hape ha se batho bohle ba masoha ba sa thabang. Bibele e re lenyalo le bosoha ke limpho tse tsoang ho Jehova.
1. Melemo ea ho ba lesoha ke efe?
Bibele e re: “Ea fanang ka bosoha ba hae lenyalong o etsa hantle, empa ea sa faneng ka bona lenyalong o tla etsa hamolemo haholo.” (Bala 1 Bakorinthe 7:32, 33, 38.) Ke ka litsela life motho ea seng lenyalong a etsang “hamolemo haholo”? Batho ba seng lenyalong ha ba na boikarabelo ba ho hlokomela balekane. Kahoo, ba na le bolokolohi bo bongata. Ka mohlala, ba bang ba khona ho sebeletsa Jehova haholoanyane ka hore ba ee linaheng tse ling ho ea ruta batho Bibele. Ho feta moo, ba ka sebelisa nako ea bona e ngata ho matlafatsa setsoalle sa bona le Jehova.
2. Ho na le melemo efe ha lenyalo le ngolisitsoe ka molao?
Joalokaha bosoha bo na le melemo ea bona, lenyalo le lona le na le melemo ea lona. Bibele e re “ba babeli ba molemo ho feta a le mong.” (Moeklesia 4:9) Taba ena ke ’nete ho Bakreste ba sebelisang likeletso tsa Bibele manyalong a bona. Batho ba nyalanang ka molao ba etsa tšepiso ea hore ba tla ratana, ba hlomphane ba be ba hlokomelane. Ha ba nyalane ka molao, ba ikutloa ba sireletsehile ho feta batho ba lulang ’moho feela ba sa nyalana. Hape le bana ba ikutloa ba sireletsehile haeba batsoali ba bona ba nyalane.
3. Jehova o nka lenyalo joang?
Ha Jehova a nyalisa batho ba pele o ile a re: ‘Monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae.’ (Genese 2:24) Jehova o batla hore monna le mosali ba ratane le hore ba lule hammoho hafeela ba ntse ba phela. O lumella hore ba ka hlalana feela ha e mong a entse bofebe. Boemong boo, Jehova o lumella molekane ea sa etsang bofebe hore a etse qeto ea hore na o tla hlala molekane oa hae kapa che.a (Matheu 19:9) Jehova ha a lumelle hore Bakreste ba nyale sethepu.—1 Timothea 3:2.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute hore na u ka etsa’ng e le hore u thabe u be u thabise Jehova, ebang u lesoha kapa u lenyalong.
4. Sebelisa mpho ea bosoha hantle
Jesu o ne a nka bosoha e le mpho. (Matheu 19:11, 12) Bala Matheu 4:23 ebe le buisana ka potso ena:
Jesu o ile a sebelisa bosoha ba hae joang e le hore a sebeletse Ntate oa hae le ho thusa batho ba bang?
Bakreste ba seng lenyalong ba ka sebelisa monyetla ona joalokaha Jesu a entse. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Bakreste ba masoha ba ka sebelisa nako ea bona joang?
Na u ne u tseba?
Bibele ha e fane ka molao oa hore na batho ba lokela ho nyalana ha ba le lilemo li kae. Empa e khothalletsa hore motho a eme ho fihlela a “fetile palesa ea bocha,” e leng nako eo maikutlo a ho etsa thobalano a leng matla hoo a ka sitisang mocha hore a etse qeto e nepahetseng.—1 Bakorinthe 7:36.
5. Khetha molekane ka bohlale
Ho khetha molekane ke e ’ngoe ea liqeto tsa bohlokoa tseo u ka li etsang. Bala Matheu 19:4-6, 9 ebe le buisana ka potso ena:
Ke hobane’ng ha Mokreste a sa lokela ho potlakela ho kena lenyalong?
Bibele e ka u thusa hore u khethe molekane ea nepahetseng. Ntho ea bohlokoa ke hore u batle molekane ea ratang Jehova.b Bala 1 Bakorinthe 7:39 le 2 Bakorinthe 6:14 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Ke hobane’ng ha re lokela ho nyalana feela le Bakreste-’moho le rona?
Haeba u nyalana le motho ea sa rateng Jehova, u nahana hore Jehova o tla ikutloa joang?
Haeba liphoofolo tse peli tse sa tšoaneng li panoa hammoho, li tla lemala. Ka tsela e tšoanang, Mokreste ea nyalanang le motho eo e seng Paki ea Jehova o tla ba le mathata a mangata
6. Hlompha lenyalo joaloka Jehova
Baiseraele ba mehleng ea khale ba ne ba hlala basali ba bona ka mabaka a sa utloahaleng. Bala Malakia 2:13, 14, 16 ebe le buisana ka potso ena:
Ke hobane’ng ha Jehova a hloile ha batho ba hlalana ka mabaka a sa hlaheng ka Bibeleng?
Bofebe le tlhalo li utloisa bana le molekane ea se nang molato bohloko
Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
U ka etsa’ng hore lenyalo la hao le atlehe haeba u nyalane le motho eo e seng Paki ea Jehova?
7. Phela ka melao ea Jehova ea lenyalo
Ho ka ’na ha hlokahala hore motho a sebetse ka thata e le hore a phele ka melao ea Jehova ea lenyalo.c Jehova o hlohonolofatsa batho ba etsang joalo. Bapala VIDEO.
Bala Baheberu 13:4 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Na u nahana hore melao ea Jehova ea lenyalo ea utloahala? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
Jehova o lebeletse hore Bakreste ba nyalane ka molao le ho hlalana ka molao joalokaha linaheng tse ngata mebuso e lebeletse hore batho ba etse joalo. Bala Tite 3:1 ebe le buisana ka potso ena:
Haeba u lenyalong, na u kholisehile hore lenyalo la hao le ngolisitsoe ka molao?
MOTHO A KA ’NA A RE: “Ke hobane’ng ha re lokela ho nyalana? Bothata ke’ng ha batho ba ratanang ba lula ’moho ba sa nyalana?”
U tla mo araba joang?
KAKARETSO
Bosoha le lenyalo ke limpho tse tsoang ho Jehova. Batho ba ka thabela limpho tsena le ho li khotsofalla hafeela ba phela ka tsela eo Jehova a reng ba phele ka eona.
Re Ithutile’ng?
Motho a ka sebelisa bosoha ba hae hamolemo joang?
Ke hobane’ng ha Bibele e re re nyalane feela le Bakreste-’moho le rona?
Lebaka feela leo Bibele e reng motho a ka hlala ka lona ke lefe?
_BATLA
Ho nyala “feela Moreneng” ho bolela’ng?
Shebella livideo tse tharo tse khutšoanyane tse ka u thusang ho etsa qeto e nepahetseng pele u ratana kapa u kena lenyalong.
Ithute hore na ke hobane’ng ha ntate e mong a re seo Jehova a mo fileng sona se molemo ho feta seo a se tetseng.
Ke lintho life tseo motho a lokelang ho nahana ka tsona pele a etsa qeto ea ho hlala kapa ho arohana le molekane oa hae?
“Hlompha ‘Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho’” (Molula-Qhooa, December 2018)
a Sheba Tlhaloso ea 4 e buang ka ho arohana boemong boo ho se nang molekane ea entseng bofebe.
b Litsong tse ling batsoali ke bona ba khethelang bana ba bona balekane. Boemong bo joalo, batsoali ba ratang bana ba bona ba sheba hore na motho eo o rata Jehova hakae, eseng hore na o na le chelete e ngata hakae.
c Haeba u lula le motho eo u sa nyalanang le eena, ke uena ea tla etsa qeto ea hore na oa mo tlohela kapa u nyalana le eena.
-