-
Phephetso ea Ho Latela Mehlaleng ea HaeMolula-Qhooa—1988 | May 1
-
-
Phephetso ea Ho Latela Mehlaleng ea Hae
“Hobane Kreste o hlokofalitsoe bakeng sa lōna ’me a le siela mohlala oa botho, e le hore le ka latela mehlaleng ea hae.”—1 PETROSE 2:21, Phillips.
1, 2. (a) Ke eng eo e ka bang phephetso ea sebele, hona ke hobane’ng ha Bakreste ba thahasella hoo? (b) Ho phahamisoa lipotso life moo?
NA U kile ua tsamaea lehlabatheng la lebōpo la leoatle kapa sebakeng seo lehloa le khethehetseng ho sona ’me ua iphumana u hapiloe ke mophula oa mehlala e siiloeng ke motho ea tsamaileng moo pele ho uena? Na mohlomong u bile ua khetha mehlala ea motho e mong ’me ua leka ho e latela, u matahanya mehato ea hao le eona hantle ka hohle kamoo ho ka khonehang? Haeba ho joalo, u ile ua hlokomela hore hona ha ho bonolo. Ha e le hantle, ho latela haufi-ufi mehlaleng ea motho e mong—e-bang ke ka mokhoa oa sebele kapa oa tšoantšetso—ke phephetso ea sebele. Empa, ka hore e be re ipitsa Bakreste, re bontšitse takatso ea rōna ea ho etsa hona hoo, ho latela haufi-ufi mehlaleng ea Kreste.
2 Na u utloisisa ho etsa boiteko bo hlokahalang ho hlōla phephetso ee ka katleho? Ho feta moo, na u ikemiselitse ho etsa joalo, ho sa tsotellehe hore na ho ka hlaha eng? Haeba ho joalo, kutloisiso e feletseng ea mathata a ho latela mehlaleng ea sebele e tla u etsa ea atlehang haholoanyane ho lateleng mehlaleng ea Kreste ea tšoantšetso.XXXXXXX
Ithute ho Fetoha
3. Ke hobane’ng ha ho latela mehlaleng ea motho e mong ho ka ’na ha bonahala e se ha tlhaho qalong?
3 Motho e mong le e mong o na le mokhoa o ikhethang oa ho tsamaea. Ka mohlala, hore na motho o namalatsa hakae, ho fapana ho ea ka batho, joalokaha ho le joalo le ka tsela eo motho a beang mohato oa leoto. Menoana ea hae e ka ’na ea sheba pele hantle, kapa e ka sheba ka hare kapa ka ntle ka tekanyo e ’ngoe e itseng, tekanyo e ka ’nang ea e-ba khōlō haholo ka leotong le leng ho feta ka ho le leng. Na u hlokomela phephetso eo? E le hore u tsamaee haufi-ufi mehlaleng ea motho e mong, u tlameha ho fetola tsela eo uena u namalatsang ka eona le tsela eo u hatang ka eona hore e lumellane le eo eena a namalatsang ka eona le eo a hatang ka eona. Ha u qala, hona ho tla bonahala e se ha tlhaho, empa ho tlameha ho etsoa. Ha ho tsela e ’ngoe.
4. Ke hobane’ng ha ho latela mehlaleng ea Jesu e le phephetso e khethehileng?
4 Ka puo ea tšoantšetso, tsela eo Kreste a neng a tsamaea ka eona e ne e ikhetha, kahobane har’a batho ba mehleng ea hae ke eena feela eo e neng e le motho ea phethahetseng, “ea sa kang a tseba sebe.” (2 Ba-Korinthe 5:21) Kaha ka tlhaho batho ke baetsalibe ba sa phethahalang, ho tsamaea mehlaleng ea Jesu hase tsela ea bona e tloaelehileng ea ho tsamaea. Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Korinthe sena, ha a re: “Hoba le sa le ba nama. Hobane ha e le moo mōna o sa le teng har’a lōna, le liphapang, na ha le ba nama na? na ha le ee ka mokhoa oa batho na?” Litšekamelo tsa mōna le phapang, “mesebetsi ea nama,” li tloaelehile bakeng sa batho ba sa phethahalang, empa Jesu o ile a tsamaea ka tsela ea lerato, ’me “lerato ha le na mōna; . . . ha le halefe.” Kahoo ho tsamaea mehlaleng ea Kreste ho fana ka phephetso e khōlō ho feta haeba feela re ne re kōptjoa ho latela mehlaleng ea motho ea sa phethahalang.—1 Ba-Korinthe 3:3; 13:4, 5; Ba-Galata 5:19, 20; bona le Ba-Efese 5:2, 8.
5, 6. (a) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sitiloe ho latela mehlaleng ea Kreste, ’me hoo ho ile ha etsa hore Pauluse a fane ka keletso efe? (b) Batho ba khothaletsoa joang hore ba tsamaee mehlaleng ea Kreste kajeno, ’me e le ka liphello life ho bona?
5 Ntle le ho se phethahale, ho se tsebe thato ea Molimo le hona ho ka sitisa motho ho tsamaea mehlaleng ea Kreste. Kahona Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba Efese hore ba “se hlole [ba] phela joale ka ba-lichaba ba bang, ba eang ka bosaoana ba likelello tsa bona; bao mehopolo ea bona e leng lefifing, ’me ba hole le bophelo ba Molimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba lipelo tsa bona.”—Ba-Efese 4:17, 18.
6 Ka mosebetsi oa boboleli ba ’Muso, kajeno batho ba phehelloa hore ba khaotse ho tsamaea ka tsela ea bona e tloaelehileng, ka ho se tsebe merero ea Molimo, ka kelello e lefifing, ba susumetsoa ke lipelo tse thata tse batlang lipakane tsa bosaoana. Ba khothaletsoa hore ba fetohele mohlaleng o phethahetseng oa Kreste, ba “tsamaee joalo ho eena,” ka ho etsa joalo ba “hapa mehopolo eohle, e tle e utloe Kreste.” (Ba-Kolosse 2:6, 7; 2 Ba-Korinthe 10:5) Batho ba utloisisang ho hlōla phephetso ena baa tiisoa tumelong ea bona. Ha ba tloaela ho tsamaea ka tsela eo Kreste a tsamaileng ka eona, butle-butle e fetoha e bonolo haholoanyane bakeng sa bona.
7. Re tiiselitsoe joang hore, le hoja e le phephetso, ho latela mehlaleng ea Jesu ke ntho e ka etsoang?
7 Leha ho le joalo, hona kamehla ke phephetso. Phapang e pakeng tsa sebōpuoa se phethahetseng le se sa phethahalang ke e khōlō. Kahoo libōpuoa tse sa phethahalang li tlameha ho etsa liphetoho tse khōlō e le hore li ka leka ho latela mohlala o phethahetseng. Batho ba bang, mohlomong e le ka baka la lefutso kapa tikoloho, ba na le bothata bo boholoanyane ba ho fetohela tseleng ea bophelo ba Bokreste ho feta ba bang. Empa Jehova o re tiisetsa hore motho ofe kapa ofe eo kannete a utloisisang ho ikitlaetsa a ka ho etsa. Moapostola Pauluse o itse: “Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.” (Ba-Filippi 4:13; bona le 2 Ba-Korinthe 4:7, NW; 12:9.) Hoa tšoana le ka Bakreste bohle.
Ela Hloko
8, 9. (a) Ke hobane’ng ha ho ela hloko ka ho feletseng le ho bea kelello ka botlalo li hlokahala ha motho a latela mehlaleng ea motho e mong? (b) Ke ho latela keletso efe ea Bibele ho tla re thibela ho hlahlathela thōko le mehlala ea Jesu?
8 Re ke ke ra latela mehlaleng ea sebele ntle le ho sheba ka hloko moo re hatang teng. Haeba mahlo a rōna a qamaka koana le koana—a talima lintho tse etsahalang kathōko ho rōna kapa linthong tse ling—joang kapa joang re tla hata tseleng e fosahetseng hona hoo kapa hamorao. Ntle le hore re ele hloko ka ho feletseng le hore re behe likelello tsa rōna moo ka botlalo, re tla fapoha mehlala eo re lokelang ho e latela. Kahona, kamehla ho hlokahala hore re itebele, haholo-holo ha marata a tšohanyetso kapa lintho tse ling tse ferekanyang tse sa lebelloang li ka ’na tsa tlosa likelello tsa rōna mosebetsing oo re o tšoereng.—Bapisa Jobo 18:10, 11, NW.
9 Ka tsela ea tšoantšetso, hona ke ’nete hape ka ba latelang mehlala ea Jesu. Jesu o lemositse balateli ba hae hore ba itlhokomele ka hloko, esere lipelo tsa bona “tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo.” (Luka 21:34) Satane o sebelisa lintho tsena tse ferekanyang tsa letsatsi le letsatsi ho etsa hore re tlose mahlo a rōna mehlaleng ea Jesu. O potlakela ho re tšoara re sa itebela ka ho nka monyetla ka maemo a sa lebelloang, a kang khanyetso, ho kula, kapa mathata a lichelete. Ho tiisa ‘hore le kamohla re se suthele thōko,’ re tlameha hore “re ele ka ho fetisisa litaba tsee re li utloileng hloko,” ka mantsoe a mang, re boloke mahlo a rōna a talimile haufi-ufi mehlaleng ea Kreste ho feta le ha e le neng pele.—Ba-Heberu 2:1; bona le 1 Johanne 2:15-17.
U se ke ua Fapoha
10. (a) Ho na le kotsi efe ha mehlala ea batho ba fapaneng e parolana? (b) Ka kutloisiso ea moea, ke hobane’ng ha liphello tsa ho latela mehlala e fosahetseng e le tse tebileng?
10 Lebōpong la leoatle le tletseng sephethe-phethe, ho ka ’na ha e-ba le mehlala e mengata ea batho ba fapaneng lehlabatheng le mongobo, ’me mephula e meng ea mehlala ea batho ba fapaneng e ka ’na ea parola oo re o latelang. Bonyane ha e habanngoa feela, mehlala e mengata ea batho ba fapaneng e ka ’na ea bonahala e tšoana. Ke habohlokoa hakaakang hore re kholisehe hore re latela e nepahetseng! Ho seng joalo re ka ’na ra ekoa hore re tsamaee ka tsela e fosahetseng. Ka kutloisiso ea moea, sena se ka ’na sa e-ba le liphello tse tebileng. Kotsi ea ho latela mehlala e ka ’nang ea bonahala e nepahetse empa ha e le hantle e sa nepahala e bontšoa ke maele a lemosang: “Mohlomong ho motho tsela e ’ngoe e ka e sasametse, athe phello ea eona ke lefu.”—Liproverbia 16:25.
11. Pauluse o file Bakreste ba pele keletso efe, ’me e behela bo-mang mohlala kajeno?
11 Ka baka la kotsi ena ea sebele, Pauluse o ile a ikutloa a tlameha ho lemosa baena ba hae phuthehong ea pele ea Bokreste: “Ke maketse kahobane le setse le tlohetse ea le bitsitseng ka mohau oa Kreste, la phakisa ho fetela Evangeling esele. . . . Batho ba teng ba le ferekanyang, ’me ba rata ho sokanya Evangeli ea Kreste. . . . Ekare ha e mong a fela a le bolella Evangeli esele ho eo le e amohetseng, a neeloe anathema.” (Ba-Galata 1:6-9) Tumellanong le mohlala oa Pauluse, Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova kajeno se re lemosa ka bakoenehi le baena ba bohata bao, kamoo ho neng ho le kateng, ba neng ba siea mehlala ea bolotsana. Bakreste ba ’nete ha ba batle ho fapoha tsela eo Kreste a ba sietseng eona ka tataiso ea Molimo.—Pesaleme ea 44:18.
12. (a) 2 Timothea 1:13 e ka re thusa joang ho qoba ho thetsoa hore re latele mehlala ea bolotsana? (b) Ke eng e khethollang mefuta e meng ea litaba tse molemo?
12 Ka ho ela hloko haufi-ufi matšoao a khethollang mehlala ea Kreste, re tla qoba ho thetsoa. Tsebo e nepahetseng ka Jesu, ka lithuto tsa hae, le ka tsela eo phutheho ea Bokreste e sebetsang ka eona e re thusa ho khetholla ‘mohlala oa litaba tsa pholoho’ o re sireletsang ho ba ‘sokanyang Evangeli ea Kreste.’ (2 Timothea 1:13) Mefuta e meng ea ho bitsoang litaba tse molemo—eo ha e le hantle e leng mehlala ea bolotsana—e sitoa ho nyalana le mohlala oo oa ’nete. Ea o sotha, e ntša lintho tseleng. Ho e-na le ho hlakisa linnete tsa Bibele tsa motheo le melao-motheo ea eona, ea li hanyetsa. Ho fapana le ho khothaletsa mafolo-folo a eketsehileng tšebeletsong ea Jehova, e phea khang e buellang hore re khoehlise. Molaetsa oa eona hase o molemo ’me ha o tlotlise lebitso la Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng; ke o fanang ka maikutlo a mabe, o tsōmang liphoso le o nyatsa-nyatsang. Ka sebele, ena hase mehlala eo re batlang ho e latela.
Boloka Lebelo le Loketseng
13. Lebelo le ameha joang ha re latela mehlaleng ea motho e mong?
13 Ka lehlakoreng le leng, hore na re namalatsa hakae ho reroa ke lebelo leo re tsamaeang ka lona. Ka kakaretso, ha re tsamaea ka matla, re namalatsa haholoanyane; ha re tsamaea butle, re namalatsa hanyenyane. Kahona ho ne ho tla ba bonolo haholoanyane ho rōna hore re latele mehlala ea sebele ea motho e mong haeba re etsa hore lebelo leo re tsamaeang ka lona le tšoane le leo a neng a tsamaea ka lona. Ka ho tšoanang, e le hore re ka tsamaea ka katleho mehlaleng ea tšoantšetso ea Moeta-pele oa rōna, Jesu Kreste, re tlameha ho boloka lebelo leo a tsamaileng ka lona.
14. (a) Ke ka litsela life re ka ’nang ra sitoa ho boloka lebelo le tšoanang le la Jesu? (b) Ke hobane’ng ha e le booatla ho leka ho mathela kapele ho “mohlanka ea khabane, ea bohlale”?
14 Ho se boloke lebelo leo Kreste a tsamaileng ka lona ho ne ho ka ’na ha bolela e ’ngoe ea lintho tsena tse peli. Ekaba hore re leka ho tsamaea kapele ho mo feta, ho matha re siea “mohlanka ea khabane, ea bohlale” eo Jesu a mo sebelisang ho phethahatsa morero oa Jehova, kapa re salla morao ho lateleng tataiso ea ‘mohlanka’ eo. (Mattheu 24:45-47) Ho etsa mohlala oa e qalang, linakong tse fetileng Bakreste ba bang ba ’nile ba fela pelo ka liphetoho tsa thuto kapa tsa tlhophiso kapa tsa ho hlokoloa tseo ba neng ba utloa hore lia hlokahala le hore li lieha ho etsoa. Ka ho belaela hobane ba ne ba ikutloa hore lintho ha li etsoe kapele ho lekana, ba ile ba ikhula bathong ba Jehova. Ke booatla le ho sitoa ho bonela litaba pele hakaakang! Hangata eona ntho e neng e ba khopisitse e ile ea fetoloa hamorao—ka nako ea Jehova e loketseng.—Liproverbia 19:2; Moeklesia 7:8, 9.
15. Morena Davida le Jesu e bile mehlala e metle joang ea ho boloka lebelo le loketseng?
15 Tsela e bohlale ke ho emela Jehova hore a nke bohato ho e-na le ho leka ho laela hore na lintho li lokela ho etsahala ka lebelo le lekae. Morena Davida oa boholo-holo o ile a beha mohlala o loketseng. O ile a hana ho fetohela Morena Saule ka boiteko ba ho inkela borena pele ho nako e loketseng ea hore Jehova a mo nee bona. (1 Samuele 24:1-15) Ka ho tšoanang, Jesu, “mor’a Davida,” o ile a hlokomela hore o ne a tla lokela ho emela ho kena ka ho feletseng boreneng ba hae ba leholimo. O ne a tseba polelo ea boprofeta e neng e sebetsa ho eena: “Lula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao.” Kahoo ha sehlopha sa Bajode se ne se batla ho “mo nka ka matla ba tle ba ’mee morena,” ka potlako Jesu a ikhula. (Mattheu 21:9; Pesaleme ea 110:1; Johanne 6:15) Lilemo tse ka bang 30 hamorao, ho latela Ba-Heberu 10:12, 13, Jesu o ne a sa ntsane a emetse borena ba hae. Ha e le hantle, o ile a ema hoo e ka bang makholo a 19 a lilemo pele a hlomamisoa e le Morena ea loketseng oa ’Muso oa Molimo ha o hlongoa ka 1914.
16. (a) Bontša kamoo re ka ’nang ra tsamaea butle haholo ho feta kamoo re lokelang ho tsamaea kateng. (b) Morero oa mamello ea Jehova ke ofe, ’me re lokela ho qoba ho sebelisa mamello eo hampe joang?
16 Leha ho le joalo, ho sitoa ho boloka lebelo le loketseng, ho ka boela ha bolela ho khoehlisa, ho salla morao. Kahona, ha Lentsoe la Molimo le bontša hore re tlameha ho etsa liphetoho bophelong ba rōna, na re nka bohato ntle le tieho? Kapa re phea khang ea hore kaha Molimo o na le mamello, re ka ’na ra chechisa ho etsa liphetoho tse joalo ho fihlela neng-neng, re tšepile hore ho ka ’na ha e-ba bobebe haholoanyane ka nako eo? Ke ’nete hore Jehova o na le mamello. Empa hona hase hore re ka lieha ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Ho e-na le hoo, “o sa mameletse ka baka la rōna; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.” (2 Petrose 3:9, 15) Joale, ho molemo hakaakang ho etsisa mopesaleme ea itseng: “Kea phakisa, ha ke liehe ho boloka litaelo tsa hao.”—Pesaleme ea 119:60.
17. Ho boloka lebelo le loketseng ho amana joang le boboleli ba ’Muso, ’me ho etsa hore re ipotse potso efe?
17 Ho salla morao ho ka boela ha ama boboleli ba ’Muso. Ho latela Mattheu 25, hona joale Jesu o ahlōla batho, o arola “linku” ho “lipōli.” Karolo e khōlō ea hona e etsoa ka boboleli ba ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ (Mattheu 24:14, NW; 25:31-33; Tšenolo 14:6, 7) Hoa utloahala hore nako e behetsoeng ho finyella mosebetsi ona oa ho arola e lekanyelitsoe. (Mattheu 24:34) Ha nako eo re nang le eona e ntse e atamela pheletsong, re ka lebella hore Jesu a potlakise mosebetsi. Ha a etsa joalo, o nka bohato e le kofuto ea Molimo, oo, ha o bua ka mosebetsi oa ho bokella, o tšepisang: “’Na Jehova ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.” (Esaia 60:22) Joaloka basebetsi-’moho le Molimo, ba latelang haufi-ufi mehlaleng ea Mora oa oona, na re potlakisa lebelo la boboleli ba rōna ba ’Muso ho isa boholeng boo boemo ba rōna ba ’mele le boikarabelo ba Mangolo li bo lumellang? Litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo li bontša hore Lipaki tsa Jehova tse limillione li etsa hona hoo!
Qoba ho Itšepa ho Tlōla, Loantša ho Nyahama
18. Ke hobane’ng ha motho a ka ’na a itšepa ho tlōla, ’me Bibele e lemosa ka kotsi ee joang?
18 Ha re mamella ka nako e telele ho lateleng mehlala ea motho e mong, tsela ea hae ea ho tsamaea e fetoha tloaelo ho rōna haholoanyane. Leha ho le joalo, haeba re fetoha ba sa tsotelleng, re tla hata tseleng e fosahetseng e-bang ke hona hoo kapa hamorao. Kahona ha re latela mehlaleng ea Jesu ea tšoantšetso, re tlameha ho hlokomela kotsi ea ho itšepa ho tlōla, ka ho se tsotelle re tšepa matla a rōna, re ikutloa hore re se re finyelletse tsela e phethahetseng eo a neng a tsamaea ka eona. Phihlelo ea Petrose e tlalehiloeng ho Luka 22:54-62 e sebeletsa e le temoso e nakong. E boetse e hatisa bonnete ba 1 Ba-Korinthe 10:12, e reng: “Ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.”
19. (a) Nako le nako ho etsahala joang ka Mokreste e mong le e mong? (Jakobo 3:2) (b) Re lokela ho talima mantsoe a Pauluse ho Ba-Roma 7:19, 24 joang?
19 Ka baka la ho se phethahale, Mokreste e mong le e mong o tla hata tseleng e fosahetseng nako le nako. Ho fapoha e ka ’na ea e-ba ho honyenyane, ho ke keng ha bonahala habonolo ho ba bang. Kapa e ka ’na ea e-ba ho fosa pakane ho totobetseng hoo bohle ba tlang ho ho bona. Maemong ao ka bobeli, ho tšelisa hakaakang ho hopola boipolelo bo tšepahalang ba Pauluse: “Hobane molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona kea bo etsa. Ke motho ea soto hakaakang!” (Ba-Roma 7:19, 24) Ke ’nete hore mantsoe ana ha aa lokela ho talingoa e le boikemelo ba ho etsa ho fosahetseng. Ho e-na le hoo, ke khothatso ho Bakreste ba inehetseng ba loantšang mefokolo ea ho se phethahale, e ba thusang ho qophella boitekong ba bona ba ho hlōla phephetso ea ho tsamaea mehlaleng ea Jesu e phethahetseng.
20. (a) Liproverbia 24:16 e re thusa joang peisong ea rōna ea bophelo? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa joang?
20 Liproverbia 24:16 e re: “Hobane ea lokileng, leha a ka oa hasupa, o tla boela a tsohe.” Peisong ea rōna ea bophelo, ha ho ea lokelang ho ikutloa a tlameha ho tlohela. Peiso ena e tšoana le lebelo la mokoka, peiso ea mamello, e seng lebelo la sekhahla le lekhutšoanyane. Ho hata tseleng e fosahetseng ho honyenyane feela ha motho ea lebelong le lekhutšoanyane ho ka mo hlokisa menyetla eohle ea ho siea lebelong. Semathi sa lebelo la mokoka, le haeba se ka khōptjoa, se na le nako ea ho phahama le ho qetela lebelo. Kahoo ha ho hata tseleng e fosahetseng ho hong ha botho ho etsa hore u bokolle, “Ke motho ea soto hakaakang!” hopola hore u sa ntsane u e-na le nako ea ho phahama. U sa ntsane u e-na le monyetla oa ho khutlela mehatong ea hao le Moeta-pele oa hao, Jesu Kreste. Ha ho na lebaka la ho lahla tšepo! Ha ho na lebaka la ho inehela! Ikemisetse, ka thuso ea Molimo, ho hlōla ka katleho phephetso ea ‘ho latela haufi-ufi mehlaleng ea Jesu.’—1 Petrose 2:21.
-
-
Batho ba Tsamaeang Mehlaleng ea JesuMolula-Qhooa—1988 | May 1
-
-
Batho ba Tsamaeang Mehlaleng ea Jesu
“Na ha rea ka ra tsamaea le eena ka moea o le mong, ka mehlala e le meng feela na?”—2 BA-KORINTHE 12:18.
1. Ke hobane’ng ha hangata ho se thata ho hlokomela e mong oa Lipaki tsa Jehova?
“ELE sehlopha, baa hlompha, ba na le boikarabelo, ’me ba ithuta hantle sekolong. Ho ke ke ha boleloa tjena ka lihlopha tse ling.” Ho buile joalo mookameli oa sekolo se seng sa mathomo United States. O ne a bua ka bo-mang? Ka bana ba Lipaki tsa Jehova bao e neng e le barutoana sekolong sa hae. Ka sebele, ba bangata ba hlokometse hore Lipaki tsa Jehova, ho akareletsa bana ba tsona, hangata li tšoana ka litsela tse itseng. Ho theosa le lilemo, ho ’nile ha totobala ka ho eketsehileng hore li na le bonngoe bo hlollang mabapi le litumelo tsa tsona le boitšoaro ba tsona. Kahoo ha ho thata ho hlokomela Lipaki.
2. Ke tšobotsi efe e neng e khetholla phutheho ea pele ea Bokreste, ’me Pauluse o ne a ka re’ng ka see?
2 Bonngoe ba Lipaki tsa Jehova ke ntho e ’ngoe e sa tloaelehang lefatšeng lena le arohaneng. Empa ha ho thata ho utloisisa hoo haeba re hopola hore kaofela ha tsona li loanela ho tsamaea mehlaleng ea Jesu. (1 Petrose 2:21) Bonngoe bo joalo e ne e boetse e le tšobotsi e khethollang Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Ka lekhetlo le leng, Pauluse o ile a eletsa phutheho ea Korinthe: “Kea le rapela, banab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lona, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.” (1 Ba-Korinthe 1:10) Pauluse o ile a boela a fana ka keletso e bululetsoeng ea hore na batho ba neng ba sa utloisise ho boloka bonngoe ba Bokreste ba ne ba lokela ho tšoaroa joang.—Bona Ba-Roma 16:17; 2 Ba-Thessalonika 3:6.
3, 4. Pauluse o ile a hlalosa bonngoe bo neng bo le teng pakeng tsa hae le Tite joang, ’me motheo oa bonngoe boo e ne e le ofe?
3 Hoo e ka bang ka selemo sa 55 C.E., Pauluse o ile a rōmela Tite Korinthe ho ea thusa ho bokella lithuso bakeng sa baena ba Judea ba hlokang mohlomong le ho bona kamoo phutheho e neng e arabela kateng keletsong ea Pauluse. Ha a ngolla Bakorinthe hamorao, Pauluse o ile a bua ka ketelo eo Tite a neng a sa tsoa e etsa ’me a botsa: “Na Tite o kile a rua letho ka lōna na? Na ha rea ka ra tsamaea le eena ka moea o le mong, ka mehlala e le meng feela na?” (2 Ba-Korinthe 12:18) Pauluse o ne a bolela eng ho re ba tsamaea “ka moea o le mong” le “ka mehlala e le meng feela”?
4 O ne a bontša bonngoe bo neng bo le teng pakeng tsa hae le Tite. Tite o ne a ee a tsamaee le Pauluse ka linako tse ling, ’me ha ho pelaelo hore o ile a ithuta ho hongata ho Pauluse ka tsela ena. Empa bonngoe bo neng bo le teng pakeng tsa bona ba le babeli bo ne bo theiloe nthong e ’ngoe e matla ho feta hoo. Bo ne bo theiloe kamanong ea bona e ntle le Jehova le ’neteng ea hore ka bobeli ba ne ba latela mehlaleng ea Kreste. Tite o ne a etsisa Pauluse feela joalokaha Pauluse le eena a ne a etsisa Kreste. (Luka 6:40; 1 Ba-Korinthe 11:1) Kahoo ba ne ba tsamaea ka moea oo Jesu a neng a e-na le oona le ka mehlala ea hae.
5. Ho ka lebelloa eng ka batho ba etsisang Pauluse le Tite kajeno kamoo ba ‘tsamaeang ka moea o le mong’ le “ka mehlala e le meng”?
5 Kahona ha ho makatse hore Bakreste ba lekholong lena la bo20 la lilemo, ba ‘tsamaeang ka moea o le mong’ le ka “mehlala e le meng” le eo Pauluse le Tite ba neng ba tsamaea ka eona, ba thabela bonngoe boo ho seng bo lekanang le bona. Ha e le hantle, ho hloka bonngoe ha ba ipitsang Bakreste ho ba hlahatsa hore ke Bakreste ba bolotsana, ha ba tsamaee ka mehlala ea Moeta-pele eo ba ipolelang hore baa mo latela. (Luka 11:17) Phapang ena e khōlō pakeng tsa Bakreste ba ’nete le ba ipitsang Bakreste e ka tšoantšetsoa ka litsela tse fapaneng. Ere re bolele tse ’nè.
Khalalelo ea Mali
6, 7. (a) Pono e nepahetseng ka mali e amehang ho tsamaeeng mehlaleng ea Jesu ke efe? (b) Phapang ke efe pakeng tsa Lipaki tsa Jehova le ba bang kajeno ba hanang litšelo tsa mali?
6 Hoo e ka bang ka selemo sa 49 C.E., sehlopha se busang sa phutheho ea lekholong la pele la lilemo se ile sa rōmela lengolo le neng le arabela potso: Na Bakreste bao e seng Bajode ba lokela ho utloa Molao oa Moshe? Lengolo le ne le re: “Ho hopotsoe ke Moea o Halalelang le ke rōna, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, ha e se ba litaba tsena tse tšoanelang, e leng ho tela tse hlabetsoeng melimo, le mali, le tse fenethiloeng, le bofebe.” (Liketso 15:28, 29) Hlokomela hore har’a “litaba tsena tse tšoanelang” ho ne ho akarellelitsoe ho tela mali. Ho tsamaea mehlaleng ea Jesu ho ne ho tla bolela ho se kenye mali ’meleng e-bang ke ka ho a ja kapa ka tsela leha e le efe e ’ngoe.
7 Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba tlōla molao-motheo ona ka boomo ka mokhoa oa litšelo tsa mali. Ke ’nete hore lilemong tsa morao tjena batho ba ’maloa ba ’nile ba hlokomela likotsi tsa litšelo tsa mali bophelong ’me ba li hanne ka mabaka a ho ipaballa bophelong. Hona ke ’nete haholo-holo kaha batho ba bangata ba se ba tšoaelitsoe AIDS ka mali ao ba a tšetsoeng. Empa ke bo-mang ba phahamisang khalalelo ea mali ka baka la ho hlompha molao oa Molimo, ba etsa joalo e le sehlopha? Ha mokuli a hana tšelo ea mali, hang-hang ngaka e nahana hore ke eng? Na hangata ngaka ha e re: ‘E tlameha e be u e mong oa Lipaki tsa Jehova’?
8. Paki e ’ngoe ea Italy e ile ea hlohonolofatsoa joang bakeng sa boikemisetso ba eona ba ho boloka molao oa Molimo ntlheng ee?
8 Antonietta o phela Italy. Hoo e ka bang lilemo tse robeli tse fetileng o ile a kula haholo, ’me mali a hae a ne a fokola hoo lingaka li ileng tsa hatella hore ho ne ho hlokahala hore a tšeloe mali e le ho boloka bophelo ba hae. O ile a hana ’me a hanyetsoa ke lingaka ’moho le beng ka eena. Esita le bashemane ba hae ba babeli ba banyenyane ba ile ba ipiletsa: “’Mè, haeba kannete ua re rata, amohela mali.” Empa Antonietta o ne a ikemiselitse ho lula a tšepahala, ’me ka thabo ha aa ka a shoa. Empa, boemo ba hae bo ne bo ntse bo le kotsing hoo ngaka e ileng ea re: “Re sitoa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha a ntse a phela.” Empa hang ha mofuta oa phekolo o se nang makhokeletso o qala ho sebelisoa, o ile a hlaphoheloa ka potlako hoo ngaka e ’ngoe e ileng ea khōtsa: “Ke sitoa ho ho lumela—e ke ke be eaba u se u hlaphohetsoe ka nako e khutšoanyane hakana, esita le haeba re ne re u pompetse mali letsatsi lohle.” Hona joale, ke pula-maliboho oa kamehla, ’me bara ba hae ba babeli, e mong joale a le lilemo li 12 e mong 14, ba tsoela pele hantle ’neteng. Ka sebete Antonietta o ile a boloka ‘taba eo e tšoanelang,’ khalalelo ea mali. Lipaki tsa Jehova kaofela li na le pono e tšoanang ha li tsamaea mehlaleng ea Jesu.
Boitšoaro bo Botle
9. ‘Taba e ’ngoe e tšoanelang’ e amehang ho lateleng mehlaleng ea Jesu ke efe, ’me ho etsahala joang ka ba sitoang ho boloka see?
9 ‘Taba e ’ngoe e tšoanelang’ e ileng ea totobatsoa ke lengolo leo le tsoang ho sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo e ne e le “ho tela . . . bofebe.” Lengolong la hae la pele le eang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a hlakisa sena haholoanyane, ha a re: “Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, le ha e le basodoma . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Bakreste ba thusa batho ba lakatsang ho sebeletsa Jehova hore ba itlhatsoe mekhoa ena e litšila. Esita le litho tsa phutheho tse tšoasoang ke eona li thusoa hore li itlhoekise haeba li furalla mekhoa eo ’me li baka. (Jakobo 5:13-15) Empa haeba Mokreste ofe kapa ofe a oela mekhoeng e joalo e litšila ’me a hana ho baka, molao o tobileng oa Bibele oa sebetsa. Pauluse o ile a bululeloa ke Molimo hore a re: “Le se ke la kopana le ea ipitsang moena, e leng mofebi. . . . Tlosang e mobe har’a lōna.”—1 Ba-Korinthe 5:11, 13.
10, 11. (a) Ke bo-mang ba tlamehang ho jara boikarabelo bakeng sa litekanyetso tse tlaase tsa boitšoaro Bokreste-’mōtoaneng, hona hobane’ng? (b) Phihlelo ea monna e mong oa Philippines e paka joang hore, e le sehlopha, Lipaki tsa Jehova li boloka litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro?
10 Ho sa tsotellehe thuto ena e hlakileng, Bokreste-’mōtoana bo tletse boitšoaro bo bobe. Baruti ba tšelang litekanyetso tsa bomolimo ka metsi ba molato bakeng sa boemo bona, joalokaha ho le joalo ka ba phethang tšebeletso ea molomo litekanyetsong tsa Bibele empa ba sitoa ho li sebelisa ka sebete liphuthehong tsa habo bona. Leha ho le joalo, ho sena hape, Lipaki tsa Jehova e le sechaba li tsamaea mehlaleng ea Jesu.
11 Nahana ka Jose, oa Philippines. A le lilemo li 17 o ne a se a ntse a tsebjoa e le motho ea bakang likhathatso le ea bechang. Hangata o ne a tahoa, a phela bophelo ba boitšoaro bo bobe, ’me a kena teronkong khafetsa ka baka la bosholu. Eaba o kopana le Lipaki tsa Jehova. O re: “Thuto ea Bibele e fetotse bophelo ba ka ka ho feletseng. Ha ke sa noa ’me ha ke sa tsuba, hape ke ithutile ho laola bohale ba ka. Hona joale ke na le letsoalo le hloekileng, kaha ke e-na le mosali a le mong feela. Hape ke hlomphuoa ke baahisani ba ka, ba neng ba tloaetse ho mpitsa, ‘Jose, mohlola-a-li-etsa’ le ‘Jose, ea tšabehang.’ Joale ba mpitsa ‘Jose, Paki ea Jehova.’ Mora oa ka le mochana oa ka ke bahlanka ba sebeletsang phuthehong eo hona joale ke sebeletsang ho eona ke le moholo ke bile ke le pula-maliboho oa kamehla.” Jose le lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tse ling tse limillione ba tsamaea mehlaleng ea Jesu e le Bakreste ba hloekileng boitšoarong.
Ho se Nke Lehlakore
12. Ke boikutlo bofe ba Bakreste ba ’nete boo Jesu a bo totobalitseng thapelong ea hae e tlalehiloeng ho Johanne khaolo ea 17?
12 Thapelong e telele eo Jesu a ileng a e etsa bosiung ba hae ba ho qetela a e-na le barutuoa ba hae, o ile a bolela tsela e ’ngoe eo ka eona balateli ba hae ba neng ba ka ‘tsamaea mehlaleng ea hae.’ Ha a bua ka barutuoa ba hae, o itse: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” (Johanne 17:16) Hona ho bolela hore Bakreste ha ba nke lehlakore. Ho e-na le ho kopanela lipolotiking kapa likhohlanong tsa lichaba, ba bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo, e le oona feela tharollo mathateng a lefatše lena.—Mattheu 6:9, 10; Johanne 18:36.
13, 14. (a) Bokreste-’mōtoana bo fapana le Lipaki tsa Jehova joang tabeng ea ho se nke lehlakore? (b) Ho boloka ho se nke lehlakore lipolotiking ha Paki e ’ngoe Japane ho ile ha sebeletsa molemo oa boena bohle joang?
13 Litho tsa Bokreste-’mōtoana tse ngata li lebetse molao-motheo ona, ho tsona lichaba tseo li tsoang ho tsona hangata ke tsa bohlokoa ho feta hore na ke tsa bolumeli bofe. Mongoli oa taba e ’ngoe koranteng, Mike Royko, eo e leng setho sa mokhatlo oa likoranta o bontša hore ha ho mohla “matsoalo a Bakreste a ileng a ba thibela ho kenella lintoeng le Bakreste ba bang,” a phaella: “Haeba matsoalo a bona a ne a ile a ba thibela hoo, ha ho mohla lintoa tse ngata tse mahlo-mafubeli ka ho fetisisa Europa li ka beng li ile tsa etsahala.” Ke ’nete e tsebahalang hore Lipaki tsa Jehova li boloka ho se nke lehlakore ho tiileng ha Bokreste linakong tsa ntoa. Empa joaloka balateli ba tsamaeang mehlaleng ea Jesu, hape ha li nke lehlakore litsekong tsa boahisani le tsa bopolotiki. Kahona, ha ho letho le ferekanyang bonngoe ba tsona bo hlollang ba lefatše ka bophara.—1 Petrose 2:17.
14 Ka linako tse ling ho se nke lehlakore ha tsona ho tlisa liphello tse sa lebelloang. Ka mohlala, seterekeng sa Tsugaru Japane leboea, likhetho li ne li nkoa ka mokhoa o tebileng haholo. Empa Toshio, motlatsi oa mohlokomeli oa Lekala la Lichelete ofising ea ’muso e sebakeng seo, o ile a hana ka mabaka a letsoalo la hae ho kenella ha ho khethoa ’musi e mocha oa sebaka seo. Sena se ile sa fella ka hore a theoleloe boemong bo tlaase ba mosebetsi Lekaleng la ho Ntša Metsi a Litšila. Leha ho le joalo, selemo hamorao, ’musi eo oa sebaka o ile a tšoaroa ’me a qobelloa hore a tsoe mosebetsing ka baka la mekhoa e silafetseng. Ho ile ha khethoa ’musi e mocha oa sebaka. Ha a utloa ka ho theoleloa ha Toshio boemong bo tlaase ba mosebetsi, o ile a mo khutlisetsa boemong bo phahameng ba tsamaiso, ’me sena se ile sa tlisetsa baena ba Toshio ba Bakreste mahlohonolo. Joang? Toshio o hlalosa hore ho thata haholo ho fumana tumello ea ho sebelisa mabala a lipapali bakeng sa liboka tse ling ntle le lipapali tsa mabelo. Empa boemong boo a leng ho bona hona joale, ha re qotsa mantsoe a Toshio—“Jehova o khonne ho ntšebelisa, ho fumana mabala a joalo a lipapali bakeng sa likopano tse tharo tsa setereke le likopano tse ’nè tsa potoloho.” O qetella ka ho re: “Haeba re lula re tšepahala, Jehova o tla bula litsela tseo re neng re ke ke ra li nahana tsa ho re sebelisa.”
Ka Lapeng
15. Jesu o ile a siela balateli ba hae ba tsamaeang mehlaleng ea hae mohlala ofe tabeng ea likamano tsa lelapa?
15 Karolo e ’ngoe eo ho eona Bakreste ‘ba latelang mehlaleng ea Jesu’ ke ka lapeng. Bibele e totobatsa mohlala oa Jesu e le mohlala o lokelang ho etsisoa bakeng sa likamano tsa lelapa ha e re: “Ikokobetseng e mong ho e mong, le ntse le tšaba Kreste. Lōna basali, le ikokobetse ka tlas’a banna ba lōna, joale ka ha le ikokobetsa ho Morena; hobane monna ke hloho ea mosali, joale ka ha Kreste le eena e le hloho ea Kereke . . . Joale ka ha Kereke e ikokobetsa ka tlas’a Kreste, basali le bona ba ikokobetse ho banna ba bona joalo nthong tsohle. Lōna banna, ratang basali ba lōna, joale ka ha Kreste le eena a ratile Kereke, ’me a iteletse lefu ka baka la eona.”—Ba-Efese 5:21-25.
16, 17. (a) Ho na le boemo bofe bo bobe Bokreste-’mōtoaneng mabapi le likamano tsa lelapa? (b) Ke ka tsela efe feela likamano tsa lelapa li ka ntlafatsoang, joalokaha ho bontšoa ke phihlelo ea banyalani ba bang Brazil?
16 Kajeno ka kakaretso Bokreste-’mōtoana bo iphapanyetsa keletso ena ’me kahona bo tletse malapa a tsekolohileng. Ho tloaelehile hore ho be le malapa a qhalaneng, ’me likhohlano tsa batsoali le bana li atisa ho fetoha tse tebileng haholo. Moprofesa e mong oa thuto ea kelello o kile a bua tjena lilemong tse seng kae tse fetileng: “Lelapa le arohana likoto.” Liithuti tsa likelello tsa bana, baeletsi ba manyalo, le lingaka tsa mafu a kelello li bile le katleho e fokolang feela ho bolokeng malapa a kotsing a le ’moho. Empa Lipaki tsa Jehova li leka ka matla ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ’me li tsebjoa ka ho ba le likamano tsa lelapa tse molemo ho feta tse tloaelehileng.
17 Ka mohlala, Aldemar e ne e le ofisiri ea sepolesa-sesole sa Brazil ’me o ne a e-na le mathata a lelapa. Mosali oa hae o ile a mo siea ’me a batla karohano ea molao. Aldemar o ile a qala ho noa haholo ’me a ba a leka ho ipolaea. Hamorao, beng ka eena, bao e leng Lipaki tsa Jehova, ba bua le eena ka Bibele. O ile a rata seo a neng a se utloa ’me a qala ho ithuta. Ka ho batla ho lumellanya bophelo ba hae le boemo ba ho se nke lehlakore boo Lipaki tsa Jehova li tsebjoang ka bona, o ile a kōpa ho itokolla sesoleng. Aldemar le mosali oa hae ba ile ba lokisa mathata a bona a lenyalo ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele eo Aldemar a neng a ithuta eona. Kajeno, ba latela mehlaleng ea Jesu, ba sebeletsa Jehova ’moho e le bo-pula-maliboho ba kamehla.
Lia Utloa ka Baka la Lerato
18. (a) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li hlohonolofatsoa moeeng kajeno? (b) Esaia 2:2-4 e phethahatsoa joang hona joale?
18 Ho totobetse hore Lipaki tsa Jehova li tsamaea li kopane mehlaleng ea Kreste Jesu le moeeng oo a neng a e-na le oona. E le batho ka bomong hape e le sehlopha, li hlohonolofatsoa moeeng ka ho etsa joalo. (Pesaleme ea 133:1-3) Bopaki bo totobetseng ba tlhohonolofatso ea Molimo ho tsona bo susumelitse matšoele-tšoele a batho ba lipelo li tšepahalang hore ba nke bohato tumellanong le boprofeta bo ho Esaia 2:2-4. Lilemong tse hlano feela tse fetileng, ba 987 828 ba nkile mehato e hlokahalang ea boinehelo ’me ba itlhahisa bakeng sa kolobetso ea metsing. Ka lerato, Jehova ha aa beha moeli lenaneng la batho ba ka etsang sena pele “mahlomola a maholo” a qala!—Tšenolo 7:9, 14.
19. (a) Ke melemo efe e neng e sa lebelloa e ka ’nang ea hlaha ka ho sebeletsa Jehova, ’me e lokela ho talingoa joang? (b) Lebaka la rōna la motheo la ho utloa litaelo tsa Jehova ke lefe?
19 Joalokaha liphihlelo tse kaholimo li bontša, hangata mahlohonolo a moea a thabeloang ke batho ba Jehova a tsamaea le melemo e neng e sa lebelloa. Ka mohlala, ka ho tela ho tsuba, ka ho phela bophelo ba boitšoaro bo botle, le ka ho hlompha khalalelo ea mali, li ka ’na tsa qoba ho hlaseloa ke mafu a itseng. Kapa ka baka la ho phela tumellanong le ’nete, li ka ’na tsa fumana molemo ka tsela e ’ngoe licheleteng, kahisanong, kapa lapeng. Melemo leha e le efe e joalo e neng e sa lebelloa e talingoa e le tlhohonolofatso ea Jehova, ’me e paka hore melao ea Jehova ke e sebetsang. Empa monyetla oa ho fumana melemo e joalo e sebetsang ka booona hase lebaka le ka sehloohong la ho utloa melao ea Molimo. Bakreste ba ’nete ba utloa Jehova hobane ba mo rata, hobane a tšoaneloa ke borapeli ba bona, le hobane ho etsa thato ea hae e le eona feela ntho e nepahetseng. (1 Johanne 5:2, 3; Tšenolo 4:11) Ke Satane ea pheang khang ea hore batho ba sebeletsa Jehova feela ka baka la melemo ea boithati.—Bona Jobo 1:9-11; 2:4, 5.
20. Lipaki tsa Jehova kajeno li tsamaea ka moea o le mong le lipaki tse tharo tse tšepahalang tsa Baheberu tsa mehleng ea boholo-holo joang?
20 Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li tsamaea ka moea o le mong le lipaki tse nyenyane tsa Baheberu tsa mehleng ea Daniele. Ha li tšosoa ka ho akheloa ka sebōping sa mollo, lipaki tsena li ile tsa re: “Bona, Molimo oa rōna, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, ’me o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena. Leha ho se joalo [hona ho bolela hore, esita le haeba o re tlohella hore re shoe], u tsebe, morena, hobane re ke ke ra sebeletsa melimo ea hao, re ke ke ra khumamela setšoantšo sa gauda seo u se emisitseng.” (Daniele 3:17, 18) Ho sa tsotellehe melemo e tlang hang-hang e neng e sa lebelloa kapa liphello tse joalo, Lipaki tsa Jehova li tla tsoela pele ho latela haufi-ufi mehlaleng ea Jesu, li tseba hore li tiiselitsoe bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo! E le batho ba kopaneng, li tla tsoela pele ho tsamaea “ka moea o le mong” le “ka mehlala e le meng,” ho sa tsotellehe hore na ho ka hlaha eng!
-