-
Nka Sebetsana ka Katleho Joang le ho Songoa?Tsoha!—1999 | July 8
-
-
Boemo bona ha bo bocha. Ha e le hantle, moapostola Petrose o ile a bolella Bakreste ba neng ba phela lekholong la pele la lilemo: “Kahobane ha le tsoele pele ho matha le [batho ba lichaba] . . . , baa makala ’me ba tsoela pele ho bua ka lōna ka mokhoa o nyefolang.” (1 Petrose 4:4) Liphetolelo tse ling li e beha ka tsela ena, ba “le bitsa ka mabitso a phoqang” (Knox) kapa, “Baa le hlapaola.”—Today’s English Version.
-
-
Nka Sebetsana ka Katleho Joang le ho Songoa?Tsoha!—1999 | July 8
-
-
Ka lehlakoreng le leng, basomi ba bang ba joalokaha Petrose a ile a ngola, “baa makala.” E, mohlomong ba hlile ba ferekanngoa ke tsela eo u itšoarang ka eona. Ka mohlala, haeba u e mong oa Lipaki tsa Jehova, e ka ’na eaba ba nahana hore ke ntho e batlang e sa tloaeleha hore ebe ha u kopanele matsatsing a itseng a phomolo. Mohlomong ba bile ba fumane boitsebiso bo fosahetseng ka Lipaki ho bahanyetsi ba ikemiselitseng.
-