-
Hlokomela Mesuoe ea Bohata!Molula-Qhooa—1997 | September 1
-
-
3. Ho ile ha etsahala eng nakong e fetileng eo Petrose a reng e tla etsahala hape?
3 Ka mor’a hore Petrose a phehelle barab’abo ho ela hloko boprofeta, o re: “Leha ho le joalo, ho ile ha boela ha e-ba le baprofeta ba bohata [Iseraeleng ea boholo-holo], joalokaha ho tla boela ho be le mesuoe ea bohata har’a lōna.” (2 Petrose 1:14–2:1) Batho ba Molimo mehleng ea boholo-holo ba ile ba amohela boprofeta ba ’nete, empa hape ba ne ba lokela ho loantša lithuto tse bolileng tsa baprofeta ba bohata. (Jeremia 6:13, 14; 28:1-3, 15) Jeremia o ile a ngola: ‘Baprofeteng ba Jerusalema ke bone manyala, ho feba le ho tsamaea leshanong.’—Jeremia 23:14.
4. Ke hobane’ng ha mesuoe ea bohata e lokeloa ke timetso?
4 Ha a hlalosa seo mesuoe ea bohata e neng e tla se etsa ka phuthehong ea Bokreste, Petrose o re: “Eona ena e tla tlisa ka lenyele lihlopha tsa bokhelohi tse timetsang ’me e tla latola esita le monghali [Jesu Kreste] ea e rekileng, e itlisetsa timetso e potlakileng.” (2 Petrose 2:1; Jude 4) Tholoana ea ho qetela ea bokhelohi bo joalo ba lekholong la pele la lilemo ke Bokreste-’mōtoana joalokaha re bo tseba kajeno. Petrose o bontša lebaka leo ka lona mesuoe ea bohata e lokeloang ke timetso ka ho feletseng: “Ba bangata ba tla latela liketso tsa eona tsa boitšoaro bo hlephileng, ’me ka lebaka la eona ho tla buuoa ka ho nyefola ka tsela ea ’nete.”—2 Petrose 2:2.
-
-
Hlokomela Mesuoe ea Bohata!Molula-Qhooa—1997 | September 1
-
-
Ho Kenya Lithuto Tsa Bohata
6. Mesuoe ea bohata e susumetsoa ke’ng, hona ke joang e lekang ho fumana seo e se batlang?
6 Ka bohlale, re hlokomela kamoo mesuoe ea bohata e kenyang mohopolo oa eona o bolileng. Petrose o qala ka ho bolela hore ba ho etsa ka lenyele, kapa ka tsela e sa hlahellang, e poteletseng. Oa eketsa: “Ka ho chacheha ka mohono e tla le hanyapetsa ka mantsoe a iqapetsoeng.” Takatso ea boithati e susumetsa mesuoe ea bohata, joalokaha ho totobalitsoe ke phetolelo e ho The Jerusalem Bible: “Ka tabatabelo e tla leka ho ithekela lōna ka lipolelo tsa bolotsana.” Ka ho tšoanang, phetolelo ea James Moffatt mona e re: “Takatsong ea bona e feteletseng ba tla le hanyapetsa ka likhang tse mano.” (2 Petrose 2:1, 3) Lipolelo tsa mesuoe ea bohata li ka ’na tsa bonahala e le tse kholisang ho motho ea sa falimehang moeeng, empa mantsoe a eona a hlophisitsoe ka hloko “ho ithekela” batho, ho ba hohela hore ba sebeletse merero ea boithati ea bathetsi.
-