Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Taeo E Ka Hlahisang Litholoana tsa Khotso
    Molula-Qhooa—1988 | April 15
    • 8. Ke keletso efe eo moapostola Johanne a faneng ka eona mabapi le ho qoba ba joalo?

      8 Mangolong a moapostola Johanne, re fumana keletso e tšoanang e hatellang kamoo Bakreste ba lokelang ho qoba batho ba joalo ka ho feletseng: “Mang le mang ea khelohang, ea sa tiisetseng thutong ea Kreste, ha a na Molimo . . . Ha e mong a e-tla ho lōna, ’me a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lōna, ’me le se ke la mo lumelisa! Hobane ea mo lumelisang [khaiʹro, ka Segerike] o kopana le eena ketsong tsa hae tse mpe.”a—2 Johanne 9-11.

      9, 10. (a) Ho ne ho etsahala joang ka bafosi ba sa bakeng Iseraeleng, hona hobane’ng? (b) Re lokela ho ikutloa joang ka tokisetso ea mehleng ena ea ho leleka batho ba sa bakeleng sebe sa bona tšoanang kajeno? (2 Petrose 2:20-22)

      9 Ke hobane’ng ha boemo bo tiileng joalo bo loketse le kajeno? Koana, nahana ka ho khaola ho bohloko ho neng ho laetsoe Molaong oa Molimo ho Iseraele. Litabeng tse fapanenng tse tebileng, bafosi ba ka boomo ba ne ba ahlōleloa lefu. (Levitike 20:10; Numere 15:30, 31) Ha seo se ne se etsahala, ba bang, esita le beng ka motho eo, ba ne ba ke ke ba hlola ba buisana le motlōli oa molao ea shoeleng. (Levitike 19:1-4; Deuteronoma 13:1-5; 17:1-7) Le hoja Baiseraele ba tšepahalang morao koo e ne e le batho ba tloaelehileng ba nang le maikutlo a tšoanang le a rōna, ba ne ba tseba hore Molimo o lokile ebile o lerato le hore Molao oa oona o ne o sireletsa bohloeki ba bona boitšoarong le moeeng. Kahoo ba ne ba lumela hore tokisetso ea oona ea ho khaola bafosi ha e le hantle e ne e le molemo e bile e le ntho e nepahetseng.—Jobo 34:10-12.

  • Taeo E Ka Hlahisang Litholoana tsa Khotso
    Molula-Qhooa—1988 | April 15
    • a Johanne o sebelisitse khaiʹro, eo e neng e le tumeliso e kang “lumela,” kapa “helele!” (Liketso 15:23; Mattheu 28:9) Ha aa ka a sebelisa a·spaʹzo·mai (joaloka temaneng ea 13), e bolelang “ho kopa ka matsoho, e le ho lumelisa, ho amohela” eo hape e neng e ka ’na ea fana ka maikutlo a tumeliso e mofuthu haholo, esita le ho mamarela motho ka thabo. (Luka 10:4, NW; 11:43; Liketso 20:1, 37; 1 Ba-Thessalonika 5:26) Kahoo tataiso e ho 2 Johanne 11 bonneteng e bolela esita le ho se re “helele!” feela ho batho ba joalo. Bona Molula-Qhooa oa la 15 Phupu, 1985, leqephe 31.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela