-
U Lokela ho Etsa’ng ha U Entse Sebe se Tebileng?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
4. Jehova o bontša baetsalibe mohau
Haeba motho ea entseng sebe se tebileng a hana ho mamela melao ea Jehova, o tla tlosoa ka phuthehong ʼme ha rea lokela ho itsoakanya le eena. Bala 1 Bakorinthe 5:6, 11, ebe le buisana ka potso ena:
Feela joalokaha tomoso e belisa hlama ea bohobe, ho itsoakanya le moetsalibe ea sa bakeng ho tla ama phutheho joang?
Baholo ba etsisa Jehova ka ho bontša baetsalibe ba tlositsoeng ka phuthehong mohau ka hore ba ee ho bona ʼme ba ba thuse. Bongata ba bona ba ile ba khutlela ka phuthehong hobane le hoja ho tlosoa ho ne ho le bohloko, ho ile ha ba thusa hore ba bone liphoso tsa bona.—Pesaleme ea 141:5.
Tsela eo Jehova a sebetsanang le baetsalibe ka eona e bontša joang hore o nahanela batho, o mohau ebile o lerato?
5. Jehova oa re tšoarela ha re baka
Jesu o ile a etsa papiso e re thusang ho utloisisa hore na Jehova o ikutloa joang ha motho a baka. Bala Luka 15:1-7 ebe le buisana ka potso ena:
Papiso ee e u ruta’ng ka Jehova?
Bala Ezekiele 33:11 ebe le buisana ka potso ena:
-
-
Lula U Tšepahalla JehovaU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
1. Ke joang batho ba bang ba ka etsang hore re se ke ra tšepahalla Jehova?
Batho ba bang ba tla leka ho re sitisa ho sebeletsa Jehova. Ke bo-mang ba ka etsang ntho e mpe hakaalo? Batho ba bang ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova ba jala mashano ka mokhatlo oa Molimo e le ha ba leka ho fokolisa tumelo ea rona. Batho bao ba bitsoa bakoenehi. Hape baeta-pele ba bang ba likereke ba bua mashano ka rona. Sepheo sa bona ke ho khelosa Bakreste ba sa hlokomeleng likotsi tsa mashano ao hore ba tlohele ho sebeletsa Jehova. Ho kotsi ho pheha khang le bahanyetsi ba rona, ho bala libuka tsa bona, ho kena liwebsaeteng tsa bona, ho bala lintho tseo ba li ngotseng inthaneteng kapa ho shebella livideo tsa bona. Ha Jesu a ne a bua ka batho ba neng ba leka ho nyahamisa batho ba bang hore ba se ke ba sebeletsa Jehova ka botšepehi, o ile a re: “Ba tloheleng. Ke batataisi ba foufetseng. Joale, haeba sefofu se tataisa sefofu, ka bobeli li tla oela ka sekoting.”—Matheu 15:14.
2. Liqeto tseo re li etsang li ka bontša joang hore re tšepahalla Jehova?
Lerato leo re ratang Jehova ka lona le tla etsa hore re qobe eng kapa eng e amanang le bolumeli ba bohata. Kahoo mesebetsi ea rona, mekhatlo eo re e kenetseng kapa ntho efe kapa efe eo re e etsang ha ea lokela ho amana le bolumeli ba bohata. Jehova oa re lemosa o re: “Tsoang [Babylona e Moholo], sechaba sa ka.”—Tšenolo 18:2, 4.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute hore na u ka etsa’ng e le hore u se ke oa lumella mang kapa mang ho etsa hore u khaotse ho tšepahalla Jehova. Hape ithute hore na u ka bontša joang hore u tšepahalla Jehova ka ho tsoa ho Babylona e Moholo.
3. Hlokomela mesuoe ea bohata
Re lokela ho etsa’ng ha re utloa batho ba bua lintho tse mpe ka mokhatlo oa Jehova? Bala Liproverbia 14:15, ebe le buisana ka potso ena:
Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e utloang?
Bala 2 Johanne 9-11, ebe le buisana ka lipotso tsena:
Re lokela ho tšoara bakoenehi joang?
Le haeba re sa bue le bakoenehi ka ho toba, ke joang re ka kopanang le lithuto tsa bona?
U nahana hore Jehova o tla ikutloa joang haeba re ka mamela lintho tse mpe tseo batho ba li buang ka eena kapa ka mokhatlo oa hae?
4. Lula u tšepahalla Jehova le haeba Mokreste-’moho le uena a etsa sebe
-