BABADI BA BATLA HO TSEBA . . .
Na Bakreste ba Lokela ho Keteka Keresemese?
Batho ba dimilione lefatsheng lohle, ba dumela hore Keresemese ke letsatsi leo Jesu Kreste a tswetsweng ka lona. Empa na o kile wa nahana ka hore na ebe Bakreste ba mehleng ya pele, ba neng ba le haufi le Jesu, ba ne ba keteka Keresemese? Hape na o a tseba hore Bibele e reng ka matsatsi a tswalo? Dikarabo tsa dipotso tsena di tla re thusa hore re tsebe hore na ehlile Bakreste ba lokela ho keteka Keresemese kapa tjhe.
Ntlha ya pele, ha ho na moo Bibele e buang ka mekete ya letsatsi la tswalo ya Jesu kapa ya mohlanka le ha e le o fe wa Modimo ya tshepahalang. Empa Bibele e bua ka batho ba babedi feela, ba ileng ba keteka matsatsi a bona a tswalo. Batho bana, e ne e se bahlanka ba Jehova mme meketeng ya bona ya matsatsi a tswalo, ho ne ho etsahala dintho tse mpe. (Genese 40:20; Mareka 6:21) Buka ya Encyclopædia Britannica e bontsha hore Bakreste ba mehleng ya pele, ba ne ba hloile “moetlo wa bohetene wa ho keteka matsatsi a tswalo.”
Jesu o hlahile ka letsatsi lefe?
Bibele ha e bolele ka ho hlaka hore na Jesu o hlahile neng. Cyclopedia ya McClintock and Strong e re: “Testamente e Ntjha kapa dingolwa le ha e le dife, ha di fane ka letsatsi le tobileng la tlhaho ya Kreste.” Haeba Jesu a ne a batla hore balatedi ba hae ba keteke letsatsi la hae la tswalo, a ka be a ba boleletse.
Ntlha ya bobedi, ha ho na moo Bibele e reng Jesu kapa e mong wa barutuwa ba hae, ba ile ba keteka Keresemese. Buka ya New Catholic Encyclopedia e bontsha hore Keresemese e qadile ho hlahella ho “Chronograph ya Philocalus e leng almanaka ya Baroma e ka nnang yaba ke ya selemo sa 336 mehleng ya Jesu.” Ho hlakile hore sena se etsahetse hantle ka mora hore Bibele, e qetwe ho ngolwa e leng dilemonyana ka mora hore Jesu a tlohe lefatsheng. Ke ka hona Cyclopedia ya McClintock and Strong e reng: “Modimo ha a a laela hore ho ketekwe Keresemese, ebile ha ho moo ho buuwang ka yona Testamenteng e Ntjha.”a
Jesu o ile a laela barutuwa ba hae hore ba keteke eng?
Ka ha Jesu e ne e le Mosuwe e Moholo, ditaelo tseo a di fileng balatedi ba hae mabapi le hore na ba ne ba lokela ho etsang, di tlalehilwe ka Bibeleng. Le ha ho le jwalo, ho keteka Keresemese ha se e nngwe ya tsona. Jwalo ka ha titjhere a sa batle hore bana bao a ba rutang ba fetohele ditaelo tsa hae, Jesu le yena ha a batle ha balatedi ba hae ba “fetela ka nqane ho dintho tse ngodilweng” Mangolong a Halalelang.—1 Bakorinthe 4:6.
Empa ho na le ketsahalo ya bohlokwa eo Bakreste ba mehleng ya pele ba neng ba e tlwaetse, e leng Sehopotso sa lefu la Jesu. Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae hore ba keteke ketsahalo ena, a ba a ba bontsha le hore na ba e keteke ka tsela efe. Ditaelo tsena tse tobileng hammoho le letsatsi leo a shweleng ka lona, di tlalehilwe ka Bibeleng.—Luka 22:19; 1 Bakorinthe 11:25.
Jwalo ka ha re se re utlwile, Keresemese ke moetlo wa bohetene mme Bakreste ba mehleng ya pele ba ne ba sa e keteke. Ho feta moo, le ka Bibeleng ha ho na moo hothweng Jesu kapa Bakreste ba bang ba ne ba keteka Keresemese. Ho latela dintlha tsena tseo re buileng ka tsona, Bakreste ba dimillione lefatsheng lohle, ba entse qeto ya hore ha ba sa tla hlola ba keteka Keresemese.
a Ho fumana dintlha tse eketsehileng ka hore na moetlo wa Keresemese o qadile hokae, sheba sehlooho se reng “Babali ba Batla ho Tseba . . . Ke Eng Seo U Lokelang ho se Tseba ka Keresemese?” Molula-qhooeng wa December 1, 2014 o ka o fumana websaeteng ya www.jw.org/st.