SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 29
Na o Itokiseditse Mahlomola a Maholo?
“Le itokise.”—MAT. 24:44.
PINA YA 150 Batlang Modimo Hore le Lopollwe
SEO RE TLO ITHUTA SONAa
1. Ho itokisetsa dikoduwa ho tla re thusa jwang?
HO ITOKISA ho ka pholosa bophelo ba rona. Ka mohlala, ha koduwa e hlaha, batho ba ileng ba itokisetsa yona ba na le menyetla e mengata ya ho pholoha ebile ba ka kgona le ho thusa batho ba bang. Mokgatlo o mong wa diphallelo wa Europe o ile wa re: “Batho ba ka pholoha haeba ba itokisitse hantle.”
2. Ho itokisetsa mahlomola a maholo ho tla re thusa jwang? (Matheu 24:44)
2 “Mahlomola a maholo” a tla fihla ka tshohanyetso. (Mat. 24:21) Empa a fapana le dikoduwa tse ding ka hore a ke ke a tsometsa motho e mong le e mong. Dilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng, Jesu o ile a eletsa barutuwa ba hae hore ba itokisetse nako eo. (Bala Matheu 24:44.) Haeba re itokisitse, ho tla ba bonolo hore re mamelle nako eo e boima le hore re thuse batho ba bang hore ba mamelle.—Luka 21:36.
3. Ho ba le mamello, qenehelo le lerato ho tla re thusa jwang hore re itokisetse mahlomola a maholo?
3 Hlokomela makgabane a mararo a ka re thusang hore re itokisetse mahlomola a maholo. Re tla etsang mohla re koptjwang ho bolella batho molaetsa o boima wa kahlolo ebe ba a re hanyetsa? (Tshen. 16:21) Re tla hloka ho ba le mamello e le hore re mamele Jehova mme re tshepe hore o tla re sireletsa. Re tla etsang ha bana ba bo rona ba lahlehelwa ke tse ding tsa dintho tsa bona kapa ba lahlehelwa ke thepa ya bona kaofela? (Hab. 3:17, 18) Ho ba le qenehelo ho tla re susumeletsa ho ba thusa ka dintho tseo ba di hlokang. Nakong eo ditjhaba tse ikopantseng di re hlaselang, re tla etsang haeba re ka tlameha ho qeta nako re dula sebakeng se le seng le bana ba bo rona? (Ezek. 38:10-12) Haeba re ba rata haholo, re tla kgona ho mamella nakong eo e boima.
4. Ke dikeletso dife tse hlahang ka Bibeleng tse bontshang hore re lokela ho dula re lwanela ho ba le mamello, qenehelo le lerato?
4 Lentswe la Modimo le re kgothaletsa hore re dule re lwanela ho ba le mamello, qenehelo le lerato. Luka 21:19 e re: “Ha le ka mamella le tla pholoha.” Bakolose 3:12 e re: “Ebang le qenehelo.” 1 Bathesalonika 4:9, 10 yona e re: “Modimo ke yena ya le rutang hore le ratane. . . . Le ha ho le jwalo, re a le kopa bana beso hore le tswele pele ho rata bana ba bo lona le ho feta.” Ditemana tsena kaofela di ne di ngoletswe Bakreste ba neng ba se ba ntse ba bontshitse hore ba na le mamello, qenehelo le lerato. Le ha ho le jwalo, ba ne ba lokela ho dula ba lwanela ho ba le makgabane ao. Le rona re lokela ho etsa jwalo. E le hore re kgone ho etsa jwalo, a re hlahlobeng hore na Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba bontsha jwang hore ba na le makgabane ao. Ka mora moo, re tla bona hore na re ka ba etsisa jwang mme ra bontsha hore re itokiseditse mahlomola a maholo.
LWANELA HO DULA O ENA LE MAMELLO
5. Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba thuswa keng ho mamella mathata a bona?
5 Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ne ba hloka ho ba le mamello. (Baheb. 10:36) Ba ne ba hlahelwa ke mathata a tshwanang le a hlahelang batho bohle empa ka hodima ona ho ne ho boetse ho ena le a mang. Boholo ba bona ba ne ba hloriswa ke baetapele ba bodumedi ba Bajuda, ba boholong pusong ya Roma ebile ba hloriswa ke ba malapa a bona. (Mat. 10:21) Hape ka dinako tse ding ba ne ba lokela ho itshireletsa kgahlanong le tshusumetso e mpe ya bakwenehi le dithuto tsa bona tse neng di arola phutheho. (Dik. 20:29, 30) Ho ntse ho le jwalo, ba ile ba kgona ho mamella mathata ao. (Tshen. 2:3) Ba thusitswe keng? Ba ile ba nahanisisa ka mehlala e hlahang ka Mangolong ya batho ba ileng ba mamella ba kang Jobo. (Jak. 5:10, 11) Ba ile ba kopa Jehova hore a ba fe matla. (Dik. 4:29-31) Hape ba ile ba dula ba hopola ditholwana tse ntle tse tliswang ke ho mamella.—Dik. 5:41.
6. Pale ya Moradi wa bo rona Merita e o ruta hore keng e ka re thusang ho mamella ha re hloriswa?
6 Le rona re ka kgona ho mamella haeba re itlwaetsa ho bala le ho nahanisisa ka mehlala ya batho ba ileng ba mamella ba hlahang ka Lentsweng la Modimo le dingolweng tsa rona tse thehilweng Bibeleng. Ho etsa jwalo ho ile ha thusa Moradi wa bo rona Merita ya dulang Albania hore a mamelle ha ba lelapa ba mo hlorisa. O re: “Ha ke ntse ke bala pale ya Jobo, e ile ya nkama maikutlo haholo. O ile a hlahelwa ke mathata a mangata a bile a sa tsebe le ho tseba hore na ke mang ya ntseng a mo bakela ona, feela o ile a re: ‘Ke tla dula ke tshepahala ho fihlela ke shwa.’ (Jobo 27:5) Ke ile ka bona hore mathata a ka ha se letho ha a bapiswa le a Jobo. Hape nna ke ne ke tseba hore na ke mang ya mpakelang mathata ana.”
7. Ke eng eo re lokelang ho itlwaetsa ho e etsa esale hona jwale le haeba re se na mathata a boima haholo?
7 Ntho e nngwe e ka re thusang ho mamella ke ho itlwaetsa ho phetlela Jehova sefuba, re mo bolelle dintho tse re tshwenyang. (Bafil. 4:6; 1 Bathes. 5:17) Mohlomong wena ha o na mathata a boima haholo hona jwale. Le ha ho le jwalo, na o kopa thuso ho Jehova neng kapa neng ha o kwatile, o ferekane kapa o imetswe? Haeba o itlwaetsa esale hona jwale ho kopa Jehova hore a o thuse ka mathata a manyenyane a o hlahelang, o tla nolofallwa ho etsa jwalo nakong e tlang ha o lokela ho sebetsana le mathata a boima. O tla kgodiseha hore o tseba hantle hore na nako le tsela e nepahetseng ya ho o thusa ke efe.—Pes. 27:1, 3.
8. Mohlala wa Moradi wa bo rona Mira o bontsha jwang hore ho mamella mathata hona jwale ho ka re thusa ho a mamella le ka moso? (Jakobo 1:2-4) (Sheba setshwantsho.)
8 Haeba re mamella mathata a re hlahelang hona jwale, re ka atleha ho mamella mahlomola a maholo. (Bar. 5:3) Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Bana ba bo rona ba bangata ba hlokometse hore ho mamella bothata bo itseng ho ba thusitse hore ba kgone ho mamella bo latelang. Ho mamella ho ile ha matlafatsa tumelo eo ba nang le yona ya hore Jehova o ikemiseditse ho ba thusa. Tumelo eo e ile ya ba thusa hore ba mamelle mathata a latelang. (Bala Jakobo 1:2-4.) Moradi wa bo rona Mira wa Albania eo e leng pulamadiboho, o ile a hlokomela hore ho mamella mathata nakong e fetileng ho ile ha mo thusa hore a tswele pele ho mamella. O re ka dinako tse ding o bona eka ke yena feela ya nang le mathata a mangata. Le ha ho le jwalo, o a hopola hore na Jehova o mo thusitse hakaakang dilemong tse 20 tse fetileng, ebe o re ka pelong: ‘O se ke wa tela. Na ka nnete o ka kgaotsa ho tshepahalla Jehova ka mora hore a o thuse hakaale ka mathata a mangata a o hlahetseng dilemolemo tsee?’ Le wena o ka nahanisisa ka hore na Jehova o o thusitse jwang hore o mamelle. O kgodisehe hore nako yohle ha o mamella, o a hlokomela ebile o tla o putsa. (Mat. 5:10-12) Etlare ha mahlomola a maholo a qala, o tla ikemisetsa ho dula o mameletse hobane o tla be o ile wa ithuta ho mamella.
BONTSHA HORE O NA LE QENEHELO
9. Bakreste ba phutheho ya Antioke e Siria ba ile ba etsang ho bontsha hore ba na le qenehelo?
9 A re hlahlobeng hore na ho ile ha etsahalang ha ho eba le tlala e kgolo Judea e ileng ya ama Bakreste. Ka mora hore Bakreste ba phutheho ya Antioke e Siria ba utlwe ka tlala eo, e tlameha ebe ba ile ba qenehela bana ba bo bona ba Judea. Empa ba ile ba bontsha qenehelo eo ka diketso. Ba ile “ba dumellana hore ba romele diphallelo ho barutuwa ba Judea ho ya ka moo e mong le e mong a ka kgonang.” (Dik. 11:27-30) Le hoja Bakreste ba anngweng ke tlala ba ne ba dula hole, phutheho ya Antioke e ne e ikemiseditse ho ba thusa.—1 Joh. 3:17, 18.
10. Re ka bontsha jwang hore re qenehela bana ba bo rona ha ba hlahetswe ke koduwa? (Sheba setshwantsho.)
10 Le rona re ka bontsha hore re na le qenehelo ha re utlwa hore ho na le bana ba bo rona ba anngweng ke koduwa. Re ka ba thusa hanghang, mohlomong ka ho botsa baholo hore na ho na le mosebetsi o hlokang ho etswa oo re ka thusang ka wona, ka ho ntsha monehelo wa mosebetsi wa lefatshe lohle kapa ka ho rapella bana ba bo rona ba anngweng ke koduwa eo.b (Diprov. 17:17) Mohlala, ka 2020 ho ile ha thehwa Dikomiti Tsa Diphallelo tse fetang 950 lefatsheng lohle e le hore ho thuswe bana ba bo rona ba anngweng ke sewa sa COVID-19. Re ananela bohle ba sebetsang le dikomiti tseo tsa diphallelo. Ba ile ba fa bana ba bo rona dintho tsohle tseo ba di hlokang hore ba nne ba phele le hore ba nne ba sebeletse Jehova. Maemong a mang ba ile ba lokisa kapa ba haha botjha mahae a bana ba bo rona le dibaka tsa borapedi. Ba entse dintho tsena tsohle hobane ba qenehela bana ba bo rona.—Bapisa le 2 Bakorinthe 8:1-4.
11. Dintho tseo re di etsang tse bontshang hore re na le qenehelo di ka susumeletsa batho ho etsang?
11 Ha re bontsha bana ba bo rona hore re a ba qenehela ha ba qeta ho hlahelwa ke koduwa, batho ba bang ba hlokomela boitelo ba rona. Mohlala, ka 2019 lehodiotswana le bitswang Dorian le ile la senya Holo ya Mmuso naheng ya Bahamas. Ha bana ba bo rona ba ntse ba haha holo eo botjha, ba ile ba botsa mokonteraka e mong eo e seng Paki hore na o tla batla ho patalwa bokae bakeng sa mosebetsi o hlokang ho etswa. O ile a re ho bona: “Ke kopa ho le fa . . . thepa, batho ba tla etsa mosebetsi le dintho tseo le tla di hloka ke sa le patadise letho. . . . Ke etsa tjena hobane ke batla ho thusa mokgatlo wa lona. Ke kgahlwa ke tsela eo [le] ratang metswalle ya lona ka yona.” Batho ba bangata lefatsheng ha ba tsebe Jehova. Empa boholo ba bona ba shebile tsela eo Dipaki Tsa Jehova di itshwarang ka yona. Ke tlotla e kgolo ho tseba hore dintho tseo re di etsang tse bontshang hore re na le qenehelo di ka etsa hore batho ba rate Modimo ya “mohau haholo.”—Baef. 2:4.
12. Ho bontsha bana ba bo rona hore re a ba qenehela hona jwale ho tla re thusa jwang nakong ya mahlomola a maholo? (Tshenolo 13:16, 17)
12 Nakong ya mahlomola a maholo, re tla lokela ho bontsha hore re qenehela bana ba bo rona. Hobaneng? Bibele e bontsha hore batho ba sa tshehetseng dipolotiki ba tla hlahelwa ke mathata hona jwale le nakong ya mahlomola a maholo. (Bala Tshenolo 13:16, 17.) Bana ba bo rona ba ka nna ba hloka hore re ba thuse ka ditlhoko tsa bona tsa mantlha. Ha Morena wa rona Kreste Jesu a tla ho tla ahlola batho, e se eka a ka fumana re ntse re bontsha qenehelo ebe o re memela hore re “je lefa la Mmuso.”—Mat. 25:34-40.
DULA O LWANELA HO BA LE LERATO
13. Ho ya ka Baroma 15:7, Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba etsang e le hore ba dule ba ratana?
13 Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ne ba tsebahala ka lerato. Empa na ho ne ho le bonolo hore ba ratane? Ka mohlala, phutheho ya Roma e ne e ena le batho ba fapaneng haholo. E ne e ena le Bajuda ba neng ba hotse ba rutwa ho mamela Molao wa Moshe e bile e ena le Baditjhaba ba neng ba hodisitswe ka tsela e fapaneng hole le ya Bajuda. E ka nna yaba Bakreste ba bang e ne e le makgoba, ba bang e se makgoba athe ba bang e ka nna yaba e ne e le beng ba makgoba. Bakreste bao ba ne ba ka kgona jwang ho dula ba ratana le hoja ba fapane hakaalo? Moapostola Pauluse o ile a ba eletsa hore ba ‘amohelane.’ (Bala Baroma 15:7.) O ne a bolelang? Ka Segerike ho ‘amohelana’ ho bolela ho ba mosa ho motho kapa ho mo amohela ka mofuthu, jwalo ka ho mo amohela lelapeng la hao kapa ho mo etsa motswalle wa hao. Ka mohlala, ha Pauluse a ne a bolella Filemone hore a amohele Onesimase e leng lekgoba la hae le neng le balehile, o ile a re: “O mo amohele ka mosa.” (Filem. 17) Prisilla le Akuila ba ile ba amohela Apolose ka hore ‘ba tsamaye le yena’ le hoja e ne e se Mokreste ya nang le boiphihlelo jwalo ka bona. (Dik. 18:26) Bakreste bao ha ba a ka ba dumella dintho tseo ba fapanang ka tsona ho etsa hore ba se ke ba utlwana empa ba ile ba amohelana ba ntse ba sa tshwane jwalo.
14. Moradi wa bo rona Anna le mohatsa wa hae ba ile ba bontsha jwang hore ba rata Bakrestemmoho le bona?
14 Le rona re ka bontsha bana ba bo rona hore re a ba rata ka hore re ba etse metswalle ya rona. Ha re etsa jwalo, le bona ba tla re bontsha hore ba a re rata. (2 Bakor. 6:11-13) Nahana ka mohlala wa Moradi wa bo rona Anna le mohatsa wa hae. Nakwana ka mora hore ba fihle Afrika e ka bophirimela moo ba neng ba ilo sebeletsa e le baromuwa, sewa sa COVID-19 se ile sa qala. Ba ne ba sa kgone ho kopana le bana ba bo bona phuthehong ya bona e ntjha. Moradi wa bo rona Anna le mohatsa wa hae ba ne ba tla ba bontsha jwang hore ba a ba rata? Ba ile ba ba etsetsa di videocall mme ba ba bolella hore ba batla ho ba tseba haholwanyane. Ntho ena e ile ya ama bana ba bo rona maikutlo haholo yaba ba qala ho letsetsa Moradi wa bo rona Anna le mohatsa wa hae le ho ba etsetsa melaetsa hangata. Ke hobaneng ha Moradi wa bo rona Anna le mohatsa wa hae ba ile ba etsa boiteko boo? Moradi wa bo rona Anna o re: “Nke ke ka lebala dintho tseo Bakrestemmoho le nna ba nketseditseng tsona ha ho ne ho le monate le ha ho ne ho le bohloko, tse bontshang hore ba a nthata le hore ba rata lelapa la ka. Dintho tseo di ile tsa ntshusumeletsa ho bontsha batho ba bang hore ke a ba rata.”
15. O ithutang mohlaleng wa Moradi wa bo rona Vanessa ka ho rata bana ba bo rona kaofela? (Sheba setshwantsho.)
15 Boholo ba rona re diphuthehong tse nang le bara le baradi ba bo rona ba fapaneng le rona ka ditsela tse ngata ebile ba ena le botho bo sa tshwaneng. Ntho e tla re thusa hore re dule re ba rata kaofela ke hore re shebe makgabane a bona. Moradi wa bo rona Vanessa ya dulang New Zealand, o ne a utlwa ho le thata hore a utlwane le ba bang ba Bakrestemmoho le yena ka phuthehong. Empa o ile a etsa qeto ya hore o tla qeta nako e ngata a ena le ba bang ba bana ba bo rona bao a neng a utlwa ba mo tena ka lebaka la botho ba bona ho ena le hore a ba qobe. Ho etsa jwalo ho ile ha mo thusa hore a bone hore na ke hobaneng ha Jehova a ba rata. O re: “Haesale mohatsa wa ka e eba molebedi wa potoloho, re se re dula re ena le bana ba bo rona ba bangata le ho feta ba nang le botho bo sa tshwaneng mme ke utlwa ho se ho le bonolo hore ke tlwaelane le bona. Ke se ke rata hore ebe ha re tshwane. Jehova le yena o sa rata ha ho le jwalo hobane o re huletse ho yena re ntse re sa tshwane jwalo.” Re bontsha hore re rata bana ba bo rona haeba re ithuta ho ba sheba ka tsela eo Jehova a ba shebang ka yona.—2 Bakor. 8:24.
16. Ho rata bana ba bo rona ho tla re thusa jwang nakong ya mahlomola a maholo? (Sheba setshwantsho.)
16 Re tla hloka ho ratana nakong ya mahlomola a maholo. Ha mahlomola ao a qala, re tla balehela hokae e le hore re sireletsehe? Ha Babilona ya mehleng ya kgale e ne e hlaselwa, hlokomela hore na Jehova o ile a laela batho ba hae hore ba etseng: “Eya, setjhaba sa ka, kena dikamoreng tsa hao tse ka hare, o kwale mamati. Ipate ka nakwana ho fihlela kgalefo e fetile.” (Esa. 26:20) Ho bonahala eka mantswe ao a lebisitswe le ho rona ba tla tobana le mahlomola a maholo. E ka nna yaba ‘dikamore tse ka hare’ ke diphutheho tsa habo rona. Nakong ya mahlomola a maholo, haeba re dula re momahane le Bakrestemmoho le rona, re tla sireletseha feela jwalo ka ha Jehova a tshepisitse. Ka hoo, re lokela ho sebetsa ka thata hona jwale ho rata bana ba bo rona ho ena le ho ba mamella feela. Ntho eo e ka pholosa bophelo ba rona.
ITOKISE HONA JWALE
17. Haeba re itokisa hona jwale, re tla kgona ho etsang nakong ya mahlomola a maholo?
17 “Letsatsi le leholo la Jehova” le tla tlisetsa batho mahlomola. (Sof. 1:14, 15) Batho ba Jehova le bona e ke ke ya eba mekgelo. Empa haeba re itokisa hona jwale, re tla kgona ho dula re kgobile matshwafo re be re thuse batho ba bang. Re tla kgona ho mamella mathata afe kapa afe ao re tla kopana le ona. Ha bana ba bo rona ba le maqakabetsing, re tla etsa sohle se matleng a rona ho bontsha hore re a ba qenehela ka ho ba thusa le ka ho ba fa dintho tseo ba di hlokang. Hape haeba re ithuta ho rata bana ba bo rona hona jwale, re tla kgona ho ba rata le ka moso. Ha re etsa dintho tsena, Jehova o tla re putsa ka ho re fa bophelo bo sa feleng lefatsheng leo ho lona mathata le mahlomola ohle a tla be a lebetswe.—Esa. 65:17.
PINA YA 144 Tadima Moputsong!
a Mahlomola a maholo a tla qala haufinyane. Ho ba le mamello, qenehelo le lerato ho tla re thusa hore re itokisetse diketsahalo tse eso bonwe tse tla etsahala ka nako eo. Re tlo bona hore na Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba etsang hore ba be le makgabane ao, hore na re ka ba etsisa jwang le hore na makgabane ao a tla re thusa jwang hore re itokisetse mahlomola a maholo.
b Batho ba batlang ho thusetsa mosebetsing wa ho thusa bana ba bo rona ba hlahetsweng ke koduwa ba lokela ho tlatsa foromo ya Local Design/Construction Volunteer Application (DC-50) kapa ya Application for Volunteer Program (A-19) ebe ba emela ho bitswa.