KGAOLO YA 10
“Le Tla Boela le Phele”
NTLHAKGOLO: Boprofeta ba “masapo a omeletseng” a phediswang hape le ho phethahala ha bona
1-3. Keng e etsang hore Baiseraele ba Babilona ba nyahame haholo? (Sheba setshwantsho se qalang.)
BAISERAELE ba Babilona ba nyahame haholo. Ezekiele o ne a ile a qeta dilemo tse hlano a ba profetela hore Jerusalema e tla fediswa empa ha ba a ka ba mo nkela hloohong. Ezekiele o ile a etsa ditshwantshiso tsa boprofeta, a etsa dipapiso a ba a ba bolella melaetsa e tswang ho Jehova empa ba ile ba hana ho dumela hore Jehova o tla tlohela Jerusalema hore e fediswe. Le ka mora hore ba tsebe hore Jerusalema e thibeletswe ke lebotho la Babilona, ba ne ba ntse ba dumela hore baahi ba motse ba tla sireletseha.
2 Ka mora dilemo tse pedi Jerusalema e thibeletswe, monna ya phonyohileng o tlisa tlaleho ena Babilona: “Motse o dihilwe!” Ha Baiseraele ba utlwa ditaba tsena, ba sala ba wele moya. Ba thatafallwa ho utlwisisa hore motse oo ba o ratang le tempele e halalelang kaofela di ile. Tshepo eo esale ba ena le yona ya hore Jerusalema e ke ke ya fediswa, e fetoha maswabi.—Ezek. 21:7; 33:21.
3 Le ha ho le jwalo, ka yona nako ena ya mahlomola, Ezekiele o bontshwa pono e fanang ka tshepo. Pono ee e na le molaetsa ofe o fanang ka tshepo bakeng sa Baiseraele baa ba lahlehetsweng ke tshepo? Pono ee e amana jwang le batho ba Modimo mehleng ee, hona ba ka fumana molemo ofe ho yona? E le hore re arabe dipotso tseo, a re ke re hlahlobeng hore na Jehova o ile a bontsha Ezekiele eng.
“Profetela Masapo Ana” Hape “Profetela Moya”
4. Ezekiele o ile a bona dintho dife tse ikgethang ponong?
4 Bala Ezekiele 37:1-10. Ponong, Ezekiele o behwa thoteng e tletseng masapo. Jehova o ile a fetisa Ezekiele hara masapo ao kaofela e le ho etsa hore a utlwisise pono eo hantle. Ha a ntse a tsamaya hara ona, o ile a hlokomela dintho tse pedi tse ikgethang ka ona. O ile a bona hore “masapo a mangata” le hore ‘a omeletse haholo.’
5. Jehova o ile a fa Ezekiele ditaelo dife tse pedi, hona ho ile ha etsahalang ka mora hore Ezekiele a phethe ditaelo tseo?
5 Ka mora moo, Jehova o ile a fa Ezekiele ditaelo tse pedi tse neng di tla etsa hore masapo ao a tsoswe mohato ka mohato. Taelo ya pele e ne e re: “Profetela masapo ana” o re a “phele.” (Ezek. 37:4-6) Hang ha Ezekiele a qala ho profeta, ho ile ha eba le “modumo, e ne e le modumo wa masapo a kopanang yaba a a kopana.” Ka mora moo, “mesifa le nama” ya hlaha masapong “yaba letlalo le a a kwahela.” (Ezek. 37:7, 8) Taelo ya bobedi e ne e re: “Profetela moya” e le hore o “butswele” batho. Ha Ezekiele a qala ho profeta, “ba qala ho phela mme ba ema ka maoto. E ne e le batho ba bangata haholo.”—Ezek. 37:9, 10.
“Masapo a Rona a Omeletse le Tshepo ya Rona e Fedile”
6. Ke mantswe afe ao Jehova a a sebedisitseng ho thusa Ezekiele ho utlwisisa pono?
6 Jehova o ile a bolella Ezekiele hore na pono eo e bolelang. O ile a re: “Masapo ana ke Baiseraele bohle.” Ka mora hore Baiseraele ba neng ba le botlamuweng Babilona ba utlwe hore Jerusalema e fedisitswe, ba ile ba utlwa ho tshwana le ha ba shwele. Ba ile ba lla ba re: “Masapo a rona a omeletse le tshepo ya rona e fedile. Ka nnete re fedisitswe.” (Ezek. 37:11; Jer. 34:20) Jehova o ile a utlwa sello sa bona yaba o a ba hlalosetsa hore hantlentle pono eo e bohloko ya masapo a omeletseng e na le molaetsa wa tshepo bakeng sa bona.
7. Ho Ezekiele 37:12-14, Jehova o ile a bolella Ezekiele eng? Mantswe ao a ile a etsa hore Baiseraele ba ikutlwe jwang?
7 Bala Ezekiele 37:12-14. Jehova o ile a sebedisa pono eo ho kgodisa Baiseraele ba botlamuweng hore o tla ba phedisa hape, a ba kgutlisetse naheng ya bona e le hore ba dule teng. Hape, Jehova o ile a boela a ba bitsa “setjhaba sa ka.” E tlameha ebe mantswe ana a ile a kgothatsa Baiseraele bana ba neng ba feletswe ke tshepo. Ke hobaneng ha ba ne ba ka kgolwa hore tshepiso eo e tla phethahala? Ke hobane ke Jehova ya neng a tshepisitse. O ile a re: “Nna Jehova ke entse seo ke se buileng.”
8. (a) Ke ka tsela efe “Baiseraele bohle” ba neng ba shwele? (b) Ezekiele 37:9 e re keng e entseng hore Baiseraele ba shwe? (Sheba naletsana.)
8 Tse ding tsa dintho tse hlahang boprofeteng boo ba Ezekiele di ile tsa phethahala jwang ho Baiseraele? Ka selemo sa 740 pele ho mehla ya Jesu, kamano ya Jehova le Baiseraele e ne e se e ntse e senyehile ha mmuso wa maloko a leshome o wa mme batho ba teng ba haptjwa. Dilemo tse 130 ka mora moo ha batho ba Juda ba haptjwa, “Baiseraele bohle” ba ile ba ya botlamuweng. (Ezek. 37:11) Ka tsela ya tshwantshetso, ho ne ho tshwana le ha Baiseraele bohle ba shwele jwalo ka masapo ao re a boneng ponong ya Ezekiele.a Hape o hopole hore Ezekiele o bone masapo “a omeletseng haholo” e leng ntho e bontshang hore e ne e se jwale ba shwele. Baiseraele bohle ba qetile dilemo tse fetang 200 ba le boemong boo, ho tloha ka selemo sa 740 ho ya ho sa 537 pele ho mehla ya Jesu.—Jer. 50:33.
9. Dintho tse etsahaletseng Baiseraele ba mehleng ya kgale di tshwana jwang le tse etsahaletseng “Iseraele ya Modimo”?
9 Boprofeta ba ho ntjhafatswa ha dintho tsohle bo amang Baiseraele bo kang boo Ezekiele a buileng ka bona bo phethahetse ka tsela e kgolwanyane. (Dik. 3:21) Baiseraele ba mehleng ya kgale ba ile ba ‘bolawa’ yaba ba qeta nako e telele ba shwele ka tsela ya tshwantshetso. Ka tsela e tshwanang, Bakreste ba tlotsitsweng e leng “Iseraele ya Modimo” ba ile ba bolawa ka tsela ya tshwantshetso mme ba qeta nako e telele ba le botlamuweng. (Bagal. 6:16) Ha e le hantle, Bakreste bohle ba tlotsitsweng ba ile ba qeta nako e telele ba le botlamuweng hoo kamano ya bona le Jehova e neng e ka tshwantshwa le masapo “a omeletseng haholo.” (Ezek. 37:2) Jwalo ka ha kgaolo e fetileng e bontshitse, Bakreste ba tlotsitsweng ba ile ba ya botlamuweng ho tloha ka selemo sa 100 ka mora mehla ya Jesu ho ya pele. Ba ile ba qeta nako e telele ba le botlamuweng feela jwalo ka ha Jesu a ne a bontshitse papisong ya hae ya koro le mofoka e buang ka Mmuso wa Modimo.—Mat. 13:24-30.
‘Masapo a a Kopana’
10. (a) Ho Ezekiele 37:7, 8 Jehova o ile a profeta hore ho tla etsahalang ka batho ba hae? (b) Ke dintho dife tseo e tlamehang ebe di ile tsa etsa hore Baiseraele ba be le tshepo?
10 Jehova o ile a profeta hore batho ba hae ba tla bona ha a tsosolosa dintho mohato ka mohato. (Ezek. 37:7, 8) Ke dintho dife tse entseng hore butlebutle batho ba Modimo ba neng ba le botlamuweng ba be le tumelo ya hore tshepo eo ba neng ba ena le yona ya hore ba tla kgutlela Iseraele e tla phethahala? E tlameha ebe ntho e nngwe e ba fileng tshepo ke mantswe a builweng ke baprofeta ba phetseng pele ho bona. Mohlala, Esaia o ile a profeta hore “peo e halalelang” e leng Baiseraele ba setseng, ba ne ba tla kgutlela naheng ya habo bona. (Esa. 6:13; Jobo 14:7-9) Ntho e nngwe e neng e etsa hore ba dule ba ena le tshepo ke boprofeta bo bongata bo buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete boo Ezekiele a neng a bo ngotse. Hape banna ba tshepahalang ba kang moprofeta Daniele ba ne ba le teng Babilona, le motse wa Babilona o ile wa dihuwa ka selemo sa 539 pele ho mehla ya Jesu. E tlameha ebe dintho tsena di ile tsa etsa hore Baiseraele ba be le tshepo ya hore ba tla kgutlela habo bona.
11, 12. (a) Boprofeta ba ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete mohato ka mohato bo ile ba phethahala jwang ho “Iseraele ya Modimo”? (Sheba le lebokose le reng “Borapedi ba Nnete bo Tsosolositswe Mohato ka Mohato.”) (b) Ezekiele 37:10 e etsa hore re ipotse potso efe?
11 Boprofeta boo ba ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete mohato ka mohato bo ile ba phethahala jwang ho “Iseraele ya Modimo” e leng Bakreste ba tlotsitsweng? Ha Bakreste ba tlotsitsweng ba ena le dilemo tse makgolo ba le botlamuweng Babilona e Moholo, ho ile ha utlwahala “modumo wa masapo a kopanang” ha batho ba itseng ba hlomphang Modimo ba ne ba emela borapedi ba nnete ka maoto. Mohlala, dilemong tsa bo1500, William Tyndale o ile a fetolela Bibele ka Senyesemane. Baruti ba Roma e Khatholike ba ile ba halefiswa ke hore ebe Bibele e ne e se e ka balwa ke batho feela tjee. Tyndale o ile a bolawa. Le ha a se a bolailwe, batho ba bang ba sebete ba ile ba tswela pele ho fetolela Bibele ka dipuo tse ding mme butlebutle batho ba bang ba bangata ba ile ba kgona ho bala Lentswe la Modimo.
12 Ha morao ha Charles T. Russell le metswalle ya hae ba qala ho sebetsa ka thata ho ruta dithuto tsa nnete tsa Bibele, ho ne ho tshwana le ha “mesifa le nama” e hlaha masapong. Zion’s Watch Tower le dingolwa tse ding di ile tsa thusa batho ba ratang Modimo hore ba ithute nnete e tswang ka Bibeleng yaba qetellong ba ikopanya le bahlanka ba Modimo ba batlotsuwa. Maqalong a dilemo tsa bo1900, bahlanka ba Modimo ba batlotsuwa ba ile ba tsoswa molota ke dintho tse kang “Photo-Drama of Creation” le buka ya The Finished Mystery. Le pele ho feta nako e telele, nako e ile ya fihla ya hore Modimo a etse hore batho ba hae ‘ba eme ka maoto.’ (Ezek. 37:10) See se ile sa etsahala neng, hona jwang? Dintho tse ileng tsa etsahala Babilona mehleng ya kgale di re thusa ho fumana karabo ya potso eo.
“Ba Qala ho Phela Mme ba Ema ka Maoto”
13. (a) Qalong ya selemo sa 537 pele ho mehla ya Jesu, boprofeta bo ho Ezekiele 37:10, 14 bo ile ba phethahala jwang? (b) Ke mangolo afe a bontshang hore ba bang ba mmuso wa maloko a leshome ba ile ba kgutlela Iseraele?
13 Ho tloha ka selemo sa 537, Baiseraele ba neng ba le Babilona ba ile ba bona ha dintho tse hlahang ponong ena di phethahala. Di ile tsa phethahala jwang? Jehova o ile a etsa hore ba phele hape le hore ba ‘eme ka maoto’ ka ho ba lokolla Babilona le ho ba kgutlisetsa habo bona Iseraele. Baiseraele ba 42 360 le batho ba 7 000 bao e seng Baiseraele ba ile ba tloha Babilona ho ya tsosolosa Jerusalema le tempele le ho dula teng. (Esdr. 1:1-4; 2:64, 65; Ezek. 37:14) Dilemo tse 70 ha morao, Baiseraele ba ka bang 1 750 ba ile ba kgutlela Jerusalema le Esdrase. (Esdr. 8:1-20) Ha ba kopanngwa kaofela, ho ne ho kgutlile Baiseraele ba ka hodimo ho 44 000. Ka nnete e ne e le “batho ba bangata haholo.” (Ezek. 37:10) Ho feta moo, Lentswe la Modimo le re Baiseraele ba bang ba mmuso wa maloko a leshome bao baholoholo ba bona ba neng ba isitswe botlamuweng ke Baasiria dilemong tsa bo700, ba ile ba kgutlela Iseraele ho ya thusetsa ha ho hahwa tempele.—1 Dikron. 9:3; Esdr. 6:17; Jer. 33:7; Ezek. 36:10.
14. (a) Mantswe a ho Ezekiele 37:24 a re thusa jwang ho tseba nako eo karolo ya bohlokwa ya boprofeta boo e tla phethahala ka yona? (b) Ho etsahetseng ka 1919? (Sheba lebokose le reng “Boprofeta ba ‘Masapo a Omeletseng’ le ‘Dipaki Tse Pedi’ bo Amana Jwang?”)
14 Boprofeta boo bo ile ba phethahala jwang mehleng ee? Jwalo ka ha Jehova a boleletse Ezekiele, karolo ya bohlokwa ya boprofeta boo e ne e tla phethahala nako e kgutshwanyane ka mora hore Davida e Moholo e leng Jesu Kreste a qale ho busa e le Morena.b (Ezek. 37:24) Ka 1919, Jehova o ile a fela a fa batho ba hae moya wa hae o halalelang. Ka lebaka leo, ba ile ba ‘phela’ mme ba lokollwa botlamuweng Babilona e Moholo. (Esa. 66:8) Ka mora moo, Jehova o ile a ba dumella hore ba dule “naheng” ya bona e leng moo ba neng ba tla kgona ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang. Ke jwang batho ba Jehova mehleng ee ba neng ba tla ba “bangata haholo”?
15, 16. (a) Ho tlile jwang hore batho ba Jehova mehleng ee ba be “bangata haholo”? (b) Boprofeta boo ba Ezekiele bo re thusa jwang ho sebetsana le mathata a boima? (Sheba lebokose le reng “Jehova o re Thusa Hore re Eme Hape.”)
15 Zakaria ya neng a sebetsa e le moprofeta nakong eo ka yona Baiseraele ba kgutletseng Jerusalema, o ne a ile a profeta mantswe ana: “Batho ba bangata le ditjhaba tse matla di tla tla . . . di tlo sebeletsa Jehova.” Nako e kgutshwanyane ka mora hore Kreste a kgethe mohlanka ya tshepahalang ka 1919, batho ba Modimo ba ile ba bona ha mantswe ana a Zakaria a phethahala. Zakaria o ile a bontsha hore ditjhaba tseo tse neng di tla sebeletsa Jehova ke “banna ba leshome ba tswang dipuong tsohle tsa ditjhaba.” Banna bao ba ne ba tla tshwara “Mojuda” e leng Iseraele ya Modimo ba ntse ba re: “Re batla ho tsamaya le lona hobane re utlwile hore Modimo o na le lona.”—Zak. 8:20-23.
16 Mehleng ena, bao e leng Iseraele ya Modimo (Bakreste ba tlotsitsweng) le “banna ba leshome” (dinku tse ding) kaofela ke “batho ba bangata haholo” ba balwang ka dimilione. (Ezek. 37:10) Ka ha re masole a Kreste ebile re karolo ya batho bana ba bangata haholo ba ntseng ba eketseha, re latela Morena Jesu ka hohle ka moo re ka kgonang e le hore re fumane ditlhohonolofatso tseo a tla re fa tsona ka moso.—Pes. 37:29; Ezek. 37:24; Bafil. 2:25; 1 Bathes. 4:16, 17.
17. Re tla hlahlobang kgaolong e hlahlamang?
17 Ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete ho ne ho tla etsa hore batho ba Modimo ba be le boikarabelo ba bohlokwa. Ke boikarabelo bofe? E le hore re fumane karabo ya potso eo, re hloka ho kgutlela morao re hlahlobe mosebetsi oo Jehova a ileng a o fa Ezekiele le pele Jerusalema e fediswa. Re tla etsa jwalo kgaolong e hlahlamang.
a Masapo ao Ezekiele a a boneng ponong e ne e se a batho ba shweleng hobane ba ne ba kula kapa ba tsofetse empa e ne e le a batho “ba bolailweng.” (Ezek. 37:9) Baiseraele ba neng ba buswa ke mmuso wa maloko a leshome a Iseraele le mmuso wa maloko a mabedi a Juda ba ile ba hlolwa, ba haptjwa le ho iswa botlamuweng ke Baasiria le Bababilona. Ho ne ho tshwana le ha eka “Baiseraele bohle” ba bolailwe.
b Boprofeta bona bo buang ka Mesia bo ile ba tshohlwa Kgaolong ya 8.