Etsisa Tumelo ya Noe, Daniele le Jobo
“Noe, Daniele le Jobo ka lebaka la ho loka ha bona ba ne ba tla lopolla meya ya bona.”—EZEK. 14:14.
1, 2. (a) Ke hobaneng ha mohlala wa Noe, Daniele le Jobo o re fa sebete? (b) Ho ne ho etsahalang ha Ezekiele a ngola mantswe a ho Ezekiele 14:14?
NA O shebane le diteko tse kang ho kula, mathata a ditjhelete kapa mahloriso? Na ka dinako tse ding o thatafallwa ke ho dula o thabile tshebeletsong ya Jehova? Haeba ho jwalo, mohlala wa Noe, Daniele le Jobo o ka o kgothatsa le ho o thusa ho ba le sebete. Banna bana ba ne ba sa phethahala mme ba ne ba tobana le mathata a tshwanang le a rona, ho akarelletsa le maemo a ileng a beha bophelo ba bona kotsing. Le ha ho le jwalo, ba ile ba dula ba tshepahalla Modimo mme ba re behela mohlala tabeng ya ho mamela le ho ba le tumelo.—Bala Ezekiele 14:12-14.
2 Ezekiele o ne a le Babylona ha a ngola mantswe a lengolo la rona la sehlooho, ka selemo sa 612 pele ho mehla ya Jesu.a (Ezek. 1:1; 8:1) Baahi ba motse wa Jerusalema ba ne ba fetohetse Modimo mme motse wa bona o ne o le haufi le ho fediswa. Ke batho ba mmalwa haholo ba neng ba na le tumelo e kang ya Noe, Daniele le Jobo, mme ke batho bao feela ba neng ba tla pholoha phediso e neng e tla tla ka selemo sa 607. (Ezek. 9:1-5) Hara bona e ne e le Jeremia, Baruke, Ebede-meleke, le Barekabe.
3. Re tla tshohlang sehloohong see?
3 Ka ho tshwanang le kajeno, batho ba nang le tumelo e kang ya Noe, Daniele le Jobo ke bona ba tla pholoha ha lefatshe lena le fediswa haufinyane. (Tšen. 7:9, 14) Kahoo, a re boneng hore ke hobaneng ha Jehova a ile a kgetha banna bana e le mehlala ya batho ba lokileng. Ha re tshohla mohlala ka mong, re tla ithuta hore na (1) ke mathata afe ao ba ileng ba tobana le ona le hore (2) re ka etsisa tumelo ya bona jwang.
NOE O ILE A MAMELA LE HO BA LE TUMELO KA DILEMO TSE 900
4, 5. Ke mathata afe ao Noe a ileng a tobana le ona, mme ke hobaneng ha mamello ya hae e ne e ikgetha?
4 Mathata ao Noe a ileng a tobana le ona. Mehleng ya ntatemoholo wa Noe e leng Enoke, batho ba ne ba fetohetse Modimo ka ho felletseng. Ba ne ba bile ba bua ‘dintho tse tshosang’ kgahlanong le Jehova. (Juda 14, 15) Pefo e ne e ntse e ata. Ha e le hantle, mehleng ya Noe, “lefatshe le ne le tletse pefo.” Mangeloi a kgopo a ile a iphetola batho, a nyala basadi mme a tswala bana ba dinatla ba neng ba rata ntwa. (Gen. 6:2-4, 11, 12) Empa Noe o ne a sa tshwane le batho ba mehleng eo. Bibele e re Noe o ile a “fumana kamohelo mahlong a Jehova. . . . O ne a se na molato hara batho ba mehleng ya hae. Noe o ne a tsamaya le Modimo wa nnete.”—Gen. 6:8, 9.
5 Mantswe ao a re bolellang ka monna eo ya lokileng? Hlokomela hore Noe ha a ka a “tsamaya le Modimo” kapa ho mo mamela ka dilemo tse 70 kapa tse 80 feela, e leng dilemo tseo batho ba bangata kajeno ba di phelang. Pele ho Morwallo, Noe o ne a se a phetse dilemo tse ka bang 600! (Gen. 7:11) O ne a se na phutheho jwalo ka rona kajeno, mme a se na barapedimmoho ba neng ba ka mo kgothatsa. Ho hlakile hore le ba lelapa labo e ne e se barapedi ba Jehova.b
6. Noe o ile a bontsha sebete ka ditsela dife?
6 Noe ha a ka a tsebahala e le motho ya ratang bophelo ba boiketlo. Empa e ne e le “mmoledi wa ho loka” ya sebete, a bolela phatlalatsa hore o rapela Jehova. (2 Pet. 2:5) Moapostola Pauluse o ile a re: “Ka tumelo [ya hae, Noe] o ile a ahlola lefatshe.” (Baheb. 11:7) Batho ba ile ba hanyetsa Noe esita le ho mo soma, mohlomong ba bang ba bile ba mo tshosetsa ka hore ba tla mmolaya. Empa Noe ha a ka a “thothometswa ke batho.” (Liprov. 29:25) Ho e na le hoo, Jehova o ile a mo thusa hore a be sebete.
7. Ke mathata afe ao Noe a ileng a kopana le ona ha a ntse a haha areka?
7 Ka mora dilemo tse ka hodimo ho 500 Noe a sebeletsa Modimo, Jehova o ile a re a hahe areka e neng e tla pholosa batho le diphoofolo. (Gen. 5:32; 6:14) Noe o ile a kopana le mathata ha a ntse a etsa mosebetsi ona, e seng feela a amanang le ho haha. Batho ba ile ba mo soma esita le ho mo hanyetsa. Ho ntse ho le jwalo, Noe o ile a mamela ditaelo tsohle tsa Modimo. Bibele e re o ile “a feela a etsa jwalo.”—Gen. 6:22.
8. Noe o ile a bontsha jwang hore o ne a tshepile hore Jehova o tla mo hlokomela?
8 Noe o ne a boetse a tobane le bothata ba ho hlokomela lelapa la hae. Pele ho Morwallo, batho ba ne ba lokela ho sebetsa ka thata hore ba fumane dijo mme le Noe o ne a etsa se tshwanang. (Gen. 5:28, 29) Empa mosebetsi wa boiphediso o ne o sa tle pele bophelong ba Noe. Ho e na le hoo, o ne a tshepile Modimo. Esita le ha a ntse a haha areka, e leng mosebetsi o nkileng dilemo tse 40 kapa tse 50, Noe ha a ka a dumella letho ho sitisa kamano ya hae le Modimo. O ile a tswela pele a mamela Modimo dilemo tse ding hape tse 350 ka mora Morwallo. (Gen. 9:28) O re behetse mohlala o motle hakaakang!
9, 10. (a) Re ka etsisa tumelo ya Noe jwang? (b) Jehova o ikutlwa jwang ka batho ba mo tshepahallang?
9 Kamoo re ka etsisang tumelo ya Noe kateng. Jwalo ka Noe, le rona re lokela ho mamela Modimo ka hore re se ke ra ba karolo ya lefatshe la Satane mme re etse hore Mmuso wa Modimo o tle pele bophelong ba rona. (Mat. 6:33; Joh. 15:19) Lefatshe ha le re rate. Dinaheng tse ding, bahlanka ba Modimo ba hlouwe hobane feela ba mamela melao ya Modimo mabapi le lenyalo le thobalano. (Bala Malakia 3:17, 18.) Empa jwalo ka Noe, re tshaba Jehova e seng batho. Re a tseba hore ke yena feela ya ka re fang bophelo bo sa feleng.—Luka 12:4, 5.
10 Empa ho thweng ka wena? Na o tla tswela pele ho “tsamaya le Modimo,” esita le ha batho ba bang ba o soma kapa ha o tobane le mathata a ditjhelete? Haeba o ka etsisa tumelo ya Noe mme wa mamela Modimo, kgodiseha hore Jehova o tla o hlokomela.—Bafil. 4:6, 7.
DANIELE O ILE A MAMELA MODIMO HARA BATHO BA KGOPO
11. Ke mathata afe a maholo ao Daniele le metswalle ya hae e meraro ba ileng ba tobana le ona Babylona? (Sheba setshwantsho se qalong.)
11 Mathata ao Daniele a ileng a tobana le ona. Daniele o ile a iswa kgolehong motseng wa Babylona, o neng o tletse borapedi ba ditshwantsho le bodemona. Ho feta moo, batho ba Babylona ba ne ba kgella Bajuda fatshe mme ba nyatsa le Modimo wa bona Jehova. (Pes. 137:1, 3) E tlameha ebe seo se ile sa utlwisa Daniele le Bajuda ba bang bohloko hakaakang! Daniele le metswalle ya hae e meraro e leng Hanania, Mishaele, le Azaria ba ne ba kwetlisetswa ho sebeletsa ntlong ya morena. Sena se ile sa ba bakela mathata hobane, ka mohlala, ba ne ba kgethelwa dijo tseo ba di jang. Ha e le hantle, taba ena ya dijo e ile ya bakela Daniele bothata, hobane o ne a entse qeto ya hore o ne “a ke ke a itshilafatsa ka dimenyemenye tsa morena.”—Dan. 1:5-8, 14-17.
12. (a) Daniele o ile a bontsha makgabane afe a ikgethang? (b) Jehova o ne a tadima Daniele jwang?
12 Bohlale le bokgoni ba Daniele bo ile ba etsa hore a fuwe maemo mmusong wa Babylona. (Dan. 1:19, 20) Empa ha a ka a dumella seo ho mo etsa hore a ikgohomose, empa o ile a dula a ikokobeditse a bile a lebisa thoriso ho Jehova. (Dan. 2:30) Ha e le hantle, Daniele e ne e sa le motjha ha Jehova a ne a mmala hara batho ba kang Noe le Jobo, bao mohlala wa bona o lokelang ho etsiswa. Na Modimo o ne a entse phoso ka ho kenya Daniele lethathamong leo? Le hanyenyane! Daniele o ile a dula a mamela Modimo le ho mo tshepahalla ho isa lefung. Ho bonahala eka Daniele o ne a le dilemo tse ka hodimo ho 95, ha lengeloi le ne le re ke “monna ya kgahlehang haholo.”—Dan. 10:11.
13. Ho ka etsahala hore Daniele o ile a thusa Bajuda ba habo jwang?
13 Ka thuso ya Modimo, Daniele o ile a fuwa boemo bo hodimo mmusong wa Babylona le wa Medo-Persia. (Dan. 1:21; 6:1, 2) Mohlomong Jehova o ile a sebetsa dintho ka tsela ena, e le hore Daniele a ka thusa batho ba habo, jwalo ka Josefa ha a ne a le Egepeta, le jwalo ka Esthere le Mordekai ha ba ne ba le Persia.c (Dan. 2:48) O ka inahanela kamoo Bajuda bao ba kgolehong, ho akarelletsa le Ezekiele, ba ileng ba kgothala kateng ha ba bona kamoo Jehova a neng a ba hlokometse kateng!
14, 15. (a) Ke ka ditsela dife maemo a rona a tshwanang le a Daniele? (b) Kajeno batswadi ba ka ithutang mohlaleng wa batswadi ba Daniele?
14 Kamoo re ka etsisang tumelo ya Daniele kateng. Kajeno re phela jwalo ka baahi ba nakwana lefatsheng le silafaditsweng ke Babylona e Moholo, e leng mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata, oo Bibele e reng ke “sebaka sa bodulo sa bademona.” (Tšen. 18:2) Ka ha re phela ka melao ya Modimo, batho ba bangata ba re hloile ebile ba a re soma. (Mar. 13:13) Empa jwalo ka Daniele, e se eka re ka atamela ho Modimo wa rona Jehova. Haeba re ikokobelletsa Modimo mme re mo mamela, le rona re tla ba ba kgahlehang mahlong a hae.—Hag. 2:7.
15 Batswadi ba ka ithuta ho itseng mohlaleng wa batswadi ba Daniele. Ba ka ithutang? Daniele o ile a hola a rata Modimo, le hoja ho ne ho tletse bokgopo motseng wa habo wa Juda. Seo ha se a iketsahalla feela ka mohlolo. E ne e le bopaki ba hore Daniele o ne a kwetlisitswe hantle ke batswadi ba hae. (Liprov. 22:6) Esita le lebitso la Daniele, le bolelang “Moahlodi wa ka ke Modimo,” le bontsha hore batswadi ba hae ba ne ba tshaba Modimo. (Dan. 1:6.) Kahoo batswadi, le se ke la kgathala empa le be le mamello ha le ruta bana ba lona. (Baef. 6:4) Ba rapelleng le be le rapele le bona. Jehova o ela hloko ha le sebetsa ka thata ho ruta bana ba lona ka yena, mme o tla le hlohonolofatsa ka ho enneng.—Pes. 37:5.
JOBO O ILE A TSHEPAHALA BORUING LE BOFUTSANENG
16, 17. Jobo e ne e le motho ya jwang?
16 Mathata ao Jobo a ileng a tobana le ona. Jobo e ne e le morui, empa bophelo ba hae bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo. Pele a hlahelwa ke diteko, e ne e le motho e “moholo ka ho fetisisa ho baahi bohle ba Botjhabela.” (Jobo 1:3) E ne e le morui, a tumme mme batho ba mo hlompha haholo. (Jobo 29:7-16) Empa dintho tsena ha di a ka tsa etsa hore Jobo a iphahamise kapa a nahane hore ha a hloke Modimo bophelong ba hae. Ho fapana le hoo, Jehova o ile a bitsa Jobo ‘mohlanka wa hae,’ mme a re ka yena: “[Ke] monna ya sa tshwauweng phoso le ya lokileng, ya tshabang Modimo le ya kgelohang bobe.”—Jobo 1:8.
17 Ka ho panya ha leihlo, bophelo ba Jobo bo ile ba fetoha ka ho felletseng. O ile a tobana le diteko tse ileng tsa mo siya a nyahame ebile e le mofutsana. Re a tseba hore diteko tseo di ne di tswa ho Satane, ya neng a qosa Jobo ka hore o sebeletsa Modimo ka mabaka a boithati. (Bala Jobo 1:9, 10.) Jehova ha a ka a ikwala ditsebe ha a utlwa qoso eo ya bohata. Ho e na le hoo, Jehova o ile a fa Jobo monyetla wa ho bontsha hore o a mo tshepahalla le hore o mo sebeletsa hobane a mo rata.
18. (a) Keng se o kgahlang ka botshepehi ba Jobo? (b) Re ithutang ka Jehova tseleng eo a ileng a sebedisana le Jobo ka yona?
18 Satane o ile a leka Jobo ka sehloho, mme a etsa hore ho bonahale eka ke Modimo ya neng a leka Jobo. (Jobo 1:13-21) Ka mora moo, banna ba bararo ba neng ba iketsa eka ke metswalle ya Jobo, ba ile ba mo hlaba ka mantswe, ba re o ne fuwa kotlo e mo tshwanetseng hobane a entse sebe se itseng! (Jobo 2:11; 22:1, 5-10) Empa maemong ana ohle, Jobo o ile a tshepahalla Modimo. Ke nnete hore ka dinako tse ding Jobo o ile a bua a sa nahana, empa Jehova o ne a utlwisisa bohloko boo Jobo a neng a le ho bona. (Jobo 6:1-3) Modimo o ne a bona Jobo e le monna ya tshepahalang, le hoja a ne a tepelletse maikutlo ka lebaka la diteko tse sehloho tse neng di tswa ho Satane. Ka mora diteko tseo, Jehova o ile a fa Jobo leruo le immeneng habedi ha le bapiswa le leo a neng a na le lona pele Satane a mo leka. Jehova o ile a boela a ekelletsa Jobo nako ya bophelo ka dilemo tse 140. (Jak. 5:11) Esita le nakong eo, Jobo o ile a tswela pele ho sebeletsa Jehova ka botshepehi. Re tseba seo jwang? Ha Ezekiele a ne a ngola mantswe a lengolong la rona la sehlooho, e ne e se e le dilemo tse makgolo Jobo a shwele.
19, 20. (a) Re ka etsisa tumelo ya Jobo jwang? (b) Re ka bontsha ba bang qenehelo jwang?
19 Kamoo re ka etsisang tumelo ya Jobo kateng. Ho sa tsotellehe maemo ao re leng ho ona, e se eka re ka nka Jehova e le motho wa bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba rona mme re mo tshepe le ho mo sebeletsa ka pelo e felletseng. Re na le mabaka a eketsehileng a ho etsa jwalo ho feta ao Jobo a neng a na le ona! Ka mohlala, re tseba ho hongata ka Satane le maqiti a hae. (2 Bakor. 2:11) Buka ya Jobo e re thusitse ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha Modimo a dumella hore re be le mathata. Ho ya ka boprofeta ba Daniele, re boetse re a utlwisisa hore Mmuso wa Modimo ke puso ya sebele eo Morena wa yona e leng Kreste Jesu. (Dan. 7:13, 14) Re a tseba hore haufinyane Mmuso oo o tla fedisa mathata a batho ka ho sa feleng.
20 Pale ya Jobo e boetse e re ruta bohlokwa ba ho bontsha batho ba bang qenehelo, haholoholo ha ba imetswe ke mathata. Jwalo ka Jobo, ka dinako tse ding Bakreste ba bang ba ka nna ba bua le rona hampe. (Moek. 7:7) Empa ho e na le ho ba ahlola, a re ba bontsheng qenehelo ka hore re leke ho utlwisisa boemo ba bona. Ka ho etsa jwalo, re tla be re etsisa Ntate wa rona ya lerato le ya mohau, e leng Jehova.—Pes. 103:8.
JEHOVA ‘O TLA O MATLAFATSA’
21. Mantswe a ho 1 Petrose 5:10 a bontsha jwang se ileng sa etsahala bophelong ba Noe, Daniele le Jobo?
21 Le hoja Noe, Daniele le Jobo ba ile ba phela ka dinako tse sa tshwaneng le tlasa maemo a sa tshwaneng, kaofela ha bona ba ile ba mamella mathata ao ba neng ba tobane le ona. Dipale tsa bona di re hopotsa mantswe a ileng a ngolwa ke moapostola Petrose, ha a ne a re: “Ka mora hore le utlwe bohloko ka nakwana, Modimo wa mosa ohle o sa tshwanelang . . . o tla qetela kwetliso ya lona, o tla le tiisa, o tla le matlafatsa.”—1 Pet. 5:10.
22. Re tlo tshohlang sehloohong se latelang?
22 Ka mantswe ana a Petrose, Jehova o re tiisetsa hore o tla matlafatsa bahlanka ba hae. Jehova o ntse a ikutlwa jwalo ka bahlanka ba hae le kajeno. Bohle re batla hore Jehova a re matlafatse mme a re thuse ho dula re tiile borapeding ba nnete. Kahoo, e se eka re ka etsisa tumelo ya Noe, Daniele le Jobo mme re etsise le mohlala wa bona wa ho mamela Modimo! Jwalo ka ha re tla bona sehloohong se latelang, se ileng sa thusa banna bana ho dula ba tshepahala ke hore ba ne ba tseba Jehova e le kannete. Ha e le hantle, ba ne ba “utlwisisa ntho e nngwe le e nngwe” eo Jehova a neng a batla hore ba e etse. (Liprov. 28:5) Le rona re ka tshwana le bona!
a Ezekiele o ile a iswa botlamuweng ka selemo sa 617. Ezekiele 8:1–19:14 e ngotswe ka “selemo sa botshelela” sa nako eo ya botlamuwa, e leng ka selemo sa 612.
b Ntate wa Noe e leng Lameke, e ne e le morapedi wa Modimo mme o ile a shwa hoo e ka bang dilemo tse hlano pele ho Morwallo. Haeba banababo Noe le mme wa hae ba ne ba ntse ba phela ha Morwallo o fihla, ha ba a ka ba pholoha.