KGAOLO YA 21
Mmuso wa Modimo o Fedisa Dira Tsa Wona
1, 2. (a) Ke bopaki bofe bo bontshang hore Morena wa rona o ile a nna a busa ho tloha ka 1914? (b) Re tla hlahloba eng kgaolong ye?
E BILE ntho e matlafatsang tumelo ho hlahloba seo Mmuso wa Modimo o se finyeletseng hara dira tsa wona. (Pes. 110:2) Morena wa rona o hlahisitse lebotho la baboledi ba sebetsang ka ho rata. O hlwekisitse balatedi ba hae moyeng le boitshwarong. Hape, ho sa tsotellehe boiteko ba dira tsa Mmuso ba ho re arola, kajeno re na le bonngwe ba bara ba motho lefatsheng lohle. Dintho tsena le tse ding tse ngata tseo Mmuso o di finyeletseng, tseo re buileng ka tsona di fana ka bopaki bo hlollang ba hore ho tloha ka 1914, Morena wa rona o ntse a busa hara dira tsa Mmuso.
2 Haufinyane Mmuso o tla etsa dintho tse ding tse ngata tse hlollang. O tla ‘tla’ mme o tla “silakanya o fedise” dira tsa wona kaofela. (Mat. 6:10; Dan. 2:44) Empa pele nako eo e fihla, ho na le dintho tsa bohlokwa tse lokelang ho etsahala. Ke dife? Boprofeta bo bong ba Bibele bo araba potso eo. A re hlahlobeng bo bong ba boprofeta boo, e le hore re bone hore na ke dintho dife tse larileng kapele.
Selelekela sa “Timetso ya Tshohanyetso”
3. Ketsahalo ya pele eo re e letetseng ke efe?
3 Mohoo wa kgotso. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bathesalonika mme a hlalosa ketsahalo ya pele eo re e letetseng. (Bala 1 Bathesalonika 5:2, 3.) Lengolong leo, Pauluse o bua ka “letsatsi la Jehova” le tla qala ha ho hlaselwa “Babylona e Moholo.” (Tšen. 17:5) Leha ho le jwalo, pele letsatsi la Jehova le qala, ditjhaba di tla re, “Kgotso le tshireletseho!” Polelo ena e ka bolela phatlalatso e le nngwe kapa diphatlalatso tse mmalwa tse tla etswa. Na baetapele ba bodumedi ba tla etsa mohoo oo? Kaha ke karolo ya lefatshe, ho ka etsahala hore le bona ba tla kopanela le ditjhaba ha di re, “Kgotso e teng!” (Jer. 6:14; 23:16, 17; Tšen. 17:1, 2) Phatlalatso ena ya kgotso le tshireletseho, e tla ba pontsho ya hore letsatsi la Jehova le haufi le ho qala. Dira tsa Mmuso wa Modimo ‘di ke ke tsa phonyoha.’
4. Ho utlwisisa boprofeta ba Pauluse bo mabapi le mohoo wa kgotso le tshireletseho ho re thusa jwang?
4 Ho utlwisisa boprofeta boo, ho re thusa jwang? Pauluse o re: “Ha le lefifing, hoo letsatsi leo le ka le fihlelang jwalokaha le ne le tla fihlela mashodu.” (1 Bathes. 5:3, 4) Ho fapana le batho ka kakaretso, rea tseba hore na diketsahalo tsa lefatshe di bolelang. Ha e le hantle, boprofeta bo mabapi le kgotso le tshireletseho bo tla phethahala jwang? Re tla leta mme re bone se tla etsahala. Kahoo, “a re duleng re fadimehile mme re dule re hlaphohetswe dikelellong.”—1 Bathes. 5:6; Sof. 3:8.
Matshwenyeho a Maholo aa Qala
5. “Matshwenyeho a maholo” a tla qala ka ketsahalo efe?
5 Bodumedi boa hlaselwa. Hopola hore Pauluse o ile a ngola a re: “Neng kapa neng ha ba re: ‘Kgotso le tshireletseho!’ jwale timetso ya tshohanyetso e tla ba hodima bona hanghang.” Jwalokaha seaduma se thwathwaretsa hang ka mora hore lehadima le tsekeme, hang ha ba re, “Kgotso le tshireletseho!” ho tla latela “timetso ya tshohanyetso.” Ho tla timetswa eng? Pele, ho tla timetswa “Babylona e Moholo,” mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata, o tsejwang hape e le “seotswa.” (Tšen. 17:5, 6, 15) Ho fediswa ha Bokreste ba bohata le mekgatlo yohle ya bodumedi ba bohata, ke qaleho ya “matshwenyeho a maholo.” (Mat. 24:21; 2 Bathes. 2:8) Batho ba bangata ba tla makatswa ke ketsahalo ena. Hobaneng? Hobane ho fihlela nakong eo, seotswa se inka e le “mofumahadi,” eo ‘le ka mohla a ke keng a bona ho siama [maswabi].’ Empa ka tshohanyetso o tla fumana hore o ne a ithetsa. O tla tloswa kapele, jwalokaha eka ke “ka letsatsi le le leng.”—Tšen. 18:7, 8.
6. Ke mang kapa keng e tla hlasela “Babylona e Moholo”?
6 Ke mang kapa ke eng e tla hlasela “Babylona e Moholo”? Ke “sebata” se nang le “dinaka tse leshome.” Buka ya Tšenolo e bontsha hore sebata sena ke Matjhaba a Kopaneng (UN). Dinaka tse leshome di emela mebuso yohle ya dipolotiki e tshehetsang “sebata se mmala o sekareleta.” (Tšen. 17:3, 5, 11, 12) Tlhaselo eo e tla ba mpe hakae? Ditjhaba tsa UN di tla tlatlapa maruo a seotswa sena, di se harole mme “di tla se tjhesa ka ho feletseng.”—Bala Tšenolo 17:16.a
7. Mantswe a Jesu a ho Matheu 24:21, 22 a ile a phethahala jwang mehleng ya baapostola, hona a tla phethahala jwang nakong e tlang?
7 Ho kgutsufatsa matsatsi. Morena wa rona o re boleletse se tla etsahala nakong ya matshwenyeho a maholo. Jesu o ile a re: “Ka lebaka la bakgethwa matsatsi ao a tla kgutsufatswa.” (Bala Matheu 24:21, 22.) Phethahatso ya pele ya mantswe a Jesu e ile ya e ba ka selemo sa 66, ha Jehova a ne a ‘kgutsufatsa matsatsi,’ ha mabotho a Roma a hlasela Jerusalema. (Mar. 13:20) Seo se ile sa thusa Bakreste ba dulang Jerusalema le Judea hore ba pholohe. Jwale, ho tla etsahalang lefatsheng lohle, nakong ya matshwenyeho a maholo? Jehova o tla sebedisa Morena wa rona hore a ‘kgutsufatse’ tlhaselo ya Matjhaba a Kopaneng ho bodumedi e le hore bodumedi ba nnete bo se ke ba fediswa le ba bohata. Kahoo, ha mekgatlo yohle ya bodumedi ba bohata e fediswa, ho tla sala bodumedi bo le bong ba nnete. (Pes. 96:5) A re hlahlobeng hore na ho tla etsahalang ka mora hore karolo ena ya matshwenyeho a maholo e fete.
Diketsahalo Tse Tla Etella Armagedone Pele
8, 9. E ka nna yaba Jesu o ne a bua ka dimakatso dife, hona batho ba tla etsang ha ba di bona?
8 Boprofeta ba Jesu bo mabapi le matsatsi a ho qetela bo bontsha hore ho tla ba le diketsahalo tsa bohlokwa tse mmalwa, tse tla etella Armagedone pele. Diketsahalo tse pedi tsa pele tseo re tla di hlahloba di tlalehilwe Kosepeleng ya Matheu, Mareka le Luka.—Bala Matheu 24:29-31; Mar. 13:23-27; Luka 21:25-28.
9 Dimakatso Tsa Lehodimo. Jesu o ile a re: “Letsatsi le tla fifala, mme kgwedi e ke ke ya fana ka lesedi la yona, le dinaledi di tla wa lehodimong.” Ka sebele batho ba ke ke ba hlola ba batla tataiso ho baetapele ba bodumedi. Na Jesu o ne a boetse a bua ka diketsahalo tsa mohlolo tse tla etsahala lehodimong? Mohlomong o ne a bua ka tsona. (Esa. 13:9-11; Joele 2:1, 30, 31) Ditjhaba di tla etsang ha di di bona? Di tla ba “matshwenyehong” hobane “di sa tsebe tsela ya ho tswa.” (Luka 21:25; Sof. 1:17) Ka sebele dira tsa Mmuso wa Modimo, ho tloha ho ‘marena’ ho ya ho ‘makgoba,’ di tla “idibana ke tshabo le tebello ya dintho tse tlang” ebe dia baleha. Di ke ke tsa fumana sebaka se sireletsehileng sa ho ipatela bohale ba Morena wa rona.—Luka 21:26; 23:30; Tšen. 6:15-17.
10. Jesu o tla phatlalatsa kahlolo efe, hona batshehetsi le bahanyetsi ba Mmuso wa Modimo ba tla etsang ka nako eo?
10 Ho phatlalatsa kahlolo. Dira tsa Mmuso wa Modimo di tla qobelleha ho bona ketsahalo e tla di hlokofatsa le ho feta. Jesu o re: “Ba tla bona Mora motho a tla ka maru ka matla a maholo le kganya.” (Mar. 13:26) Dimakatso tsena tse matla di tla bontsha hore Jesu o se a fihlile ho tla ahlola. Karolong e nngwe ya boprofeta boo e mabapi le matsatsi a ho qetela, Jesu o re fa dintlha tse eketsehileng ka kahlolo e tla phatlalatswa ka nako eo. Re fumana dintlha tseo papisong ya dinku le dipodi. (Bala Matheu 25:31-33, 46.) Batshehetsi ba tshepahalang ba Mmuso wa Modimo ba tla ahlolwa jwaloka “dinku” mme ba tla ‘phahamisa dihlooho tsa bona,’ ba hlokomela hore “topollo ya [bona] e ya atamela.” (Luka 21:28) Leha ho le jwalo, bahanyetsi ba Mmuso ba tla ahlolwa jwaloka “dipodi” mme ba tla “ikotla ka ho sarelwa” hobane ba elellwa hore ba letetswe ke ‘phediso e sa feleng.’—Mat. 24:30; Tšen. 1:7.
11. Re lokela ho hopola eng, ha re ntse re hlahloba diketsahalo tse larileng ka pele?
11 Ka mora hore Jesu a phatlalatse kahlolo ho “ditjhaba tsohle,” ho na le diketsahalo tsa bohlokwa tse lokelang ho etsahala pele ntwa ya Armagedone e qala. (Mat. 25:32) Re tla hlahloba diketsahalo tseo tse pedi: tlhaselo ya Gogo le ho bokellwa ha batlotsuwa. Ha re ntse re hlahloba diketsahalo tseo tse pedi, re lokela ho hopola hore Lentswe la Modimo ha le bolele nako e tobileng eo diketsahalo tsena di tla etsahala ka yona. Ha e le hantle, ho bonahala eka karolo e nngwe ya diketsahalo tsena e tla etsahala ha e nngwe e ntse e tswela pele.
12. Tlhaselo e kgolohadi eo Satane a tla e lwana kgahlanong le Mmuso e tla ba efe?
12 Tlhaselo e kgolohadi. Gogo wa Magogo o tla hlasela masala a batlotsuwa le metswalle ya bona ya dinku tse ding. (Bala Ezekiele 38:2, 11.) Tlhaselo ena e kgahlanong le Mmuso o thehilweng, e tla ba ntwa ya Satane ya ho qetela eo esale a e fehla kgahlanong le masala a batlotsuwa ho tloha ha a ne a lelekwa lehodimong. (Tšen. 12:7-9, 17) Ho tloha ha batlotsuwa ba qala ho bokellwa ka phuthehong ya Bokreste, Satane o ile a nna a leka ho etsa hore batlotsuwa ba se ke ba tshepahala ho Modimo, empa o ile a nna a hloleha. (Mat. 13:30) Leha ho le jwalo, ha mekgatlo ya bodumedi ba bohata e se e fedisitswe mme batho ba Modimo ba bonahala ba dula moo “ho se [nang] lerako, mme ba se na leha e le mokwallo le menyako,” Satane o tla bona seo e le monyetla wa ho ba hlasela. O tla susumetsa batho ba kgopo hore ba hlasele batshehetsi ba Mmuso.
13. Jehova o tla lwanela batho ba hae jwang?
13 Ezekiele o hlalosa se tla etsahala. Ha boprofeta boo bo bua ka Gogo, bo re: “O tla tla o tswa sebakeng sa hao, o tswa dikarolong tse hole ka ho fetisisa tsa leboya, wena hammoho le ditjhaba tse ngata, kaofela di kaletse dipere, e le phutheho e kgolo, e le lebotho le leholo la sesole. O tla tlameha ho futuhela setjhaba sa ka . . . jwaloka maru a kwahelang naha.” (Ezek. 38:15, 16) Jehova o tla etsang ha ho bonahala eka jwang kapa jwang batho ba hae ba tla hlaselwa? Jehova o re: “Kgalefo ya ka e tla hlaha dinkong tsa ka” hape o re, “ke tla mo bitsetsa sabole.” (Ezek. 38:18, 21; bala Zakaria 2:8.) Jehova o tla lwanela batho ba hae ba lefatsheng. O tla ba lwanela ka ntwa ya Armagedone.
14, 15. Keng hape se tla etsahala ka mora hore Satane a qale ho hlasela batho ba Modimo?
14 Pele re fetela pele ka ho hlalosa hore na Jehova o tla lwanela batho ba hae jwang ntweng ya Armagedone, re lokela ho hlahloba ntho e nngwe ya bohlokwa e lokelang ho etsahala. E tla etsahala pakeng tsa ha Satane a qala ho hlasela batho ba Jehova leha Jehova a lwanela batho ba hae ka Armagedone. Jwalokaha re bone serapeng sa 11, ketsahalo ena ya bobedi ke ho bokellwa ha masala a batlotsuwa.
15 Ho bokellwa ha batlotsuwa. Ka bobedi, Matheu le Mareka ba ile ba tlaleha seo Jesu a ileng a se bua mabapi le “bakgethwa,” e leng Bakreste ba batlotsuwa, e le karolo ya diketsahalo tse tla hlaha pele ntwa ya Armagedone e qhoma. (Sheba serapa sa 7.) Ha Jesu a bua ka yena e le Morena, o ile a profeta a re: “O tla romela mangeloi mme o tla bokella bakgethwa ba hae ho tswa meyeng e mene, ho tloha pheletsong ya lefatshe ho isa pheletsong ya lehodimo.” (Mar. 13:27; Mat. 24:31) Jesu o bua ka ho bokella hofe mona? Ha a bue ka ho tiiswa ha ho qetela ha masala a Bakreste ba batlotsuwa, ho tla etsahala pele matshwenyeho a maholo a qala. (Tšen. 7:1-3) Ho e na le hoo, Jesu o bua ka se tla etsahala nakong ya matshwenyeho a maholo. Kahoo, ho bonahala eka nako e itseng ka mora hore Satane a qale ho hlasela batho ba Modimo, batlotsuwa ba ntseng ba le lefatsheng ba tla bokellwa ho ya lehodimong.
16. Batlotsuwa ba tsositsweng ba tla etsang ka ntwa ya Armagedone?
16 Ho bokellwa hona ha masala a batlotsuwa ho amana jwang le ketsahalo e latelang ya Armagedone? Nako ya ho bokellwa ha masala e bontsha hore batlotsuwa bohle ba tla be ba le lehodimong pele ntwa ya Modimo ya Armagedone e qala. Ha ba le lehodimong, babusimmoho le Kreste ba 144 000, ba tla amohela matla a ho sebedisa “molamu wa tshepe” e le hore ba timetse dira tsohle tsa Mmuso wa Modimo. (Tšen. 2:26, 27) Ka mora moo, batlotsuwa ba tsositsweng hammoho le mangeloi a matla ba tla latela Kreste, Morena wa Mohlabani, ha a lwantsha “lebotho le leholo” la dira le mothating wa ho hlasela batho ba Jehova. (Ezek. 38:15) Ha tlhaselo eo e mabifi e etsahala, jwale ntwa ya Armagedone e tla qala!—Tšen. 16:16.
Qetello ya Matshwenyeho a Maholo
17. Ka Armagedone, ho tla etsahalang ka “dipodi”?
17 Ho phethahatsa kahlolo. Ntwa ya Armagedone e tla phethela matshwenyeho a maholo. Ka nako eo, Jesu o tla etsa mosebetsi o mong. Ntle le hore e be Moahlodi wa “ditjhaba tsohle,” e tla boela e be Mmolai wa ditjhaba, e leng wa batho bohle bao a ileng a ba ahlola jwaloka “dipodi.” (Mat. 25:32, 33) Morena wa rona o tla “hlatha ditjhaba” a sebedisa “sabole e telele e bohale.” Ka sebele, batho bohle ba jwaloka dipodi, ho tloha ho “marena” ho ya ho “makgoba,” “ba tla ya phedisong e sa feleng.”—Tšen. 19:15, 18; Mat. 25:46.
18. (a) Maemo a tla fetoha jwang bakeng sa “dinku”? (b) Jesu o tla phethahatsa kahlolo ya hae jwang?
18 Maemo a tla fetoha hakaakang bakeng sa batho bao Jesu a ba ahlotseng jwaloka “dinku”! Ho e na le hore ba fediswe ke lebotho le leholo la Satane la “dipodi,” “bongata bo boholo” bo tla beng bo bonahala e le “dinku” tse sa kgoneng ho itshireletsa bo tla phonyoha ha sera se bo hlasela mme bo tla ‘tswa matshwenyehong a maholo.’ (Tšen. 7:9, 14) Ka mora moo, Jesu o tla hlola le ho fedisa dira tsohle tsa Mmuso wa Modimo mme a lahlele Satane le bademona ba hae ka mohohlong. Ha ba le moo, ho tla be ho tshwana le ha ba shwele kaha ba tla be ba sa kgone ho etsa letho ka dilemo tse sekete.—Bala Tšenolo 6:2; 20:1-3.
Re ka Itokisa Jwang?
19, 20. Re ka sebedisa seo re ithutang sona ho Esaia 26:20 le 30:21 jwang?
19 Re ka itokisetsa dintho tsee tse tshosang tse tla etsahala jwang? Dilemo tse mmalwa tse fetileng Molula-Qhooa o ile wa re: “Ho pholoha ha rona ho itshetlehile ka ho mamela.” Hobaneng? Re ka fumana karabo temosong eo Jehova a ileng a e fa baholehuwa ba Bajuda ba neng ba dula Babylona ya boholoholo. Jehova o ile a bolela esale pele hore Babylona e tla hlolwa, empa batho ba Modimo ba ne ba ka itokisetsa ketsahalo eo jwang? Jehova o ile a re: “E ya, setjhaba sa ka, kena dikamoreng tsa hao tse ka hare, mme o kwale mamati ka mora hao. Ipate ka motsotswana ho fihlela nyatso e feta.” (Esa. 26:20) Hlokomela maetsi a temaneng ena: “e ya,” “kena,” “o kwale,” “ipate.” Kaofela ha ona a bolela seo motho a lokelang ho se etsa; ke ditaelo. Bajuda ba ileng ba mamela ditaelo tseo ba ne ba lokela hore ba dule ka matlung a bona, ba ipatele masole a neng a le diterateng, a hlasela motse. Kahoo, ho pholoha ha bona ho ne ho itshetlehile ka hore ba mamele ditaelo tsa Jehova.b
20 Re ithutang ho seo? Jwalokaha ho ile ha etsahala ho bahlanka ba Modimo ba boholoholo, ho pholoha ha rona diketsahalo tse tlang ho itshetlehile ka ho mamela ditaelo tsa Jehova. (Esa. 30:21) Re fumana ditaelo tseo ka tataiso eo re e fumanang phuthehong. Kahoo, re batla ho mamela tataiso eo re e fumanang, ka dipelo tsa rona tsohle. (1 Joh. 5:3) Seo se tla etsa hore le nakong e tlang re mamele mme Ntate wa rona Jehova le Morena wa rona Jesu ba tla re sireletsa. (Sof. 2:3) Ho sireletswa ke Modimo ka tsela eo, ho tla etsa hore re inwese ka nkgo kamoo Mmuso wa Modimo o tla fedisa dira tsa wona kateng. Ka sebele re ke ke ra lebala ketsahalo eo!
a Ke ho utlwahalang hore ha ho fediswa “Babylona e Moholo” ho ke ke ha bolawa batho bohle ba bodumedi empa ho tla fediswa mekgatlo ya bodumedi. Ke kahoo ha Babylona e timetswa, boholo ba batho bao e neng e le ditho tsa yona, ba tla pholoha mme e ka nna yaba ba tla leka ho itokolla bodumeding, jwalokaha ho boletswe ho Zakaria 13:4-6.
b E le hore o fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba buka ya Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho I, leqepheng la 282-283.