Bontshang Lerato la Lona ka Diketso
“A re se keng ra rata ka lentswe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le nnete.”—1 JOH. 3:18.
1. Mofuta o phahameng ka ho fetisisa wa lerato ke ofe, hona hobaneng? (Sheba setshwantsho se qalong.)
LERATO le thehilweng melaomotheong e lokileng (e leng a·gaʹpe) ke mpho e tswang ho Jehova. Modimo ke Mohlodi wa lona. (1 Joh. 4:7) Ona ke mofuta o phahameng ka ho fetisisa wa lerato. Le hoja lerato lena le akarelletsa ho ameha ka batho ba bang, le bonahala hantle ka diketso tse hlokang boithati. Ha buka e nngwe e hlalosa a·gaʹpe, e re: “Ke lerato le bonahalang ka diketso tseo motho a di etsetsang ba bang.” Haeba re bontshwa kapa re bontsha ba bang lerato le se nang boithati, re a thaba mme bophelo ba rona bo ba le morero.
2, 3. Ke jwang Jehova a bontshitseng batho lerato le se nang boithati?
2 Jehova o bontshitse batho lerato le pele a bopa Adama le Eva. O entse lefatshe hore e be lehae la ka ho sa feleng, leo motho a ka thabelang bophelo ho lona. Jehova o entse sena molemong wa rona e seng bakeng sa hae. O ile a boela a bontsha lerato le se nang boithati ka ho fa batho tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng le letle leo a neng a ba etseditse lona.
3 Ka mora hore Adama le Eva ba etse sebe, Jehova o ile a bontsha lerato la hae le phahameng ka ho fetisisa. O ile a etsa tokisetso ya hore bana ba Adama le Eva ba lokollwe sebeng le lefung, a kgodisehile hore ba bang ba bona ba ne ba tla mo rata. (Gen. 3:15; 1 Joh. 4:10) Ha e le hantle, Jehova o ile a bua ka thekollo jwalo ka ha eka e ne e se e lefilwe. Ka mora dilemo tse ka bang 4 000, Jehova o ile a itela haholo ha a fana ka Mora wa hae a le mong hore a shwele batho. (Joh. 3:16) Ka sebele re ananela lerato la Jehova le se nang boithati!
4. Keng se bontshang hore batho ba sa phethahalang ba ka kgona ho bontsha lerato le se nang boithati?
4 Le rona re kgona ho bontsha lerato le se nang boithati hobane Modimo o re entse ka setshwantsho sa hae. Le hoja sebe seo re se futsitseng ho Adama se re thatafalletsa ho rata batho ba bang, ha se etse hore re hlolehe ho etsa jwalo. Abele o ile a bontsha hore o rata Modimo ka ho sebedisa se molemohadi seo a neng a na le sona ho mo etsetsa sehlabelo. (Gen. 4:3, 4) Noe o ile a bontsha hore o rata batho e le kannete, ha a ba bolella molaetsa wa Modimo ka dilemo tse ngata, le hoja ba ne ba sa mo mamele. (2 Pet. 2:5) Abrahama o ile a bontsha hore o rata Modimo ka ho mamela ha a mo laela hore a etse sehlabelo ka mora wa hae Isaka. (Jak. 2:21) Jwalo ka banna bana ba tshepahalang, le rona re batla ho bontsha lerato ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le ona.
LERATO LA NNETE LE LA BOIKAKETSI
5. Re ka bontsha lerato la nnete ka ditsela dife?
5 Bibele e re lerato la sebele ha le bontshwe “ka lentswe kapa ka leleme, empa . . . ka ketso le nnete.” (1 Joh. 3:18) Na see se bolela hore re ke ke ra bontsha lerato ka seo re se buang? Ha ho jwalo. (1 Bathes. 4:18) Ho fapana le hoo, se bolela hore lerato la rona ha le a lokela ho bontshwa ka mantswe feela, haholoholo haeba ho hlokahala hore re etsetse motho ho itseng. Ka mohlala, ha ho a lekana ho bua mantswe a mosa ho Mokreste mmoho le rona ya hlokang dijo, tjhelete kapa diaparo. (Jak. 2:15, 16) Ka ho tshwanang, lerato la rona ho Jehova le tla bonahala ha re nka karolo mosebetsing wa boboledi, e seng feela ka ho rapella hore “a romele basebetsi kotulong.”—Mat. 9:38.
6, 7. (a) “Lerato le se nang boikaketsi” ke le jwang”? (b) Ke bo mang ba ileng ba bontsha lerato la boikaketsi?
6 Moapostola Johanne o itse re lokela ho rata “ka ketso le nnete.” Kahoo lerato la rona e lokela ho ba “le se nang boikaketsi.” (Bar. 12:9; 2 Bakor. 6:6) Sena se bolela hore re ke ke ra bontsha lerato la nnete haeba re iketsa seo re seng sona kapa re ikgakanya. Re ka nna ra ipotsa: ‘Na kannete le teng lerato le nang le boikaketsi?’ Ha ho jwalo. Ha e le hantle, leo e tla be e se lerato empa e tla be e le boikaketsi ba lefeela.
7 Nahana ka ba bang ba batho ba ileng ba bontsha lerato la boikaketsi. Tshimong ya Edene, Satane o ile a etsa eka o tsotella Eva, empa ha e le hantle diketso tsa hae e ne e le tsa boithati le boikaketsi. (Gen. 3:4, 5) Diketso tsa Akitofele di ile tsa bontsha hore o ne a sa rate Morena Davida. Akitofele o ile a fetoha lehlabaphio hobane a ne a batla ho ithuisa molemo. (2 Sam. 15:31) Ka ho tshwanang, kajeno bakwenehi le ba bang ba bakang dikarohano ka phuthehong, ba sebedisa “puo e qhekellang le puo e rorisang” ho etsa eka ba rata batho, empa ha e le hantle e le baithati.—Bar. 16:17, 18.
8. Re lokela ho ipotsa potso efe?
8 Batho ba nang le lerato la boikaketsi ba kgopo hobane ba kgelosa batho ba bang. Empa baikaketsi bao ba ke ke ba thetsa Jehova. Ha e le hantle, Jesu o itse baikaketsi ba jwalo ba tla fuwa “kotlo e matla ka ho fetisisa.” (Mat. 24:51) Bahlanka ba Jehova ba qoba ho ba le lerato la boikaketsi. Le ha ho le jwalo, e mong le e mong ho rona o lokela ho ipotsa: ‘Na ke rata batho e le kannete, kapa ka dinako tse ding ke a iketsisa?’ A re ke re tshohleng ditsela tse 9 tseo re ka bontshang “lerato le se nang boikaketsi” ka tsona.
KAMOO RE KA BONTSHANG “LERATO . . . KA KETSO LE NNETE” KATENG
9. Lerato la sebele le ka re susumelletsa ho etsang?
9 Kgotsofalla ho sebeletsa moo o sa bonweng ke batho. Re lokela ho ikemisetsa ho etsetsa barababo rona dintho tse molemo ka “sephiring,” haeba ho kgoneha. (Bala Matheu 6:1-4.) Ananiase le Safira ba hlolehile ho etsa seo. Ba ile ba bua leshano ka tjhelete eo ba ileng ba e ntsha e le monehelo mme ba fumana kotlo ka lebaka la boikaketsi ba bona. (Lik. 5:1-10) Ho fapana le seo, lerato la sebele le tla re susumelletsa ho etsetsa barababo rona dintho tse molemo re sa lebella ho roriswa. Ka mohlala, barababo rona ba thusang Sehlopha se Busang ho hlophisa dingolwa tsa Bibele, ba thabela ho etsa jwalo ba sa bonwe ke batho.
10. Re ka etella pele jwang ho bontsheng ba bang tlhompho?
10 Etella pele ho bontsheng ba bang tlhompho. (Bala Baroma 12:10.) Jesu o ile a bontsha hore o hlompha ba bang ka hore a etse mesebetsi e neng e etswa ke batho ba tlase haholo. (Joh. 13:3-5, 12-15) Re lokela ho sebetsa ka thata hore re be le boikokobetso bo tshwanang le ba Jesu. Baapostola ba ile ba utlwisisa sena hamorao ha ba se ba fumane moya o halalelang. (Joh. 13:7) Re ka bontsha ba bang tlhompho ka hore re se ke ra inkela hodimo hobane re rutehile, re na le tjhelete kapa re fuwe ditokelo tse itseng tshebeletsong ya Jehova. (Bar. 12:3) Re boetse ha re be le mona ha ba bang ba roriswa, esita le haeba re nahana hore le rona re lokela ho roriswa, mohlomong hobane re ile ra kenya letsoho ho se finyelletsweng.
11. Ke hobaneng ha re lokela ho babatsa ba bang ho tswa pelong?
11 Babatsa ba bang ho tswa pelong. Re lokela ho itlwaetsa ho babatsana hobane ho etsa jwalo ho “molemo bakeng sa ho haha” phutheho. (Baef. 4:29) Le ha ho le jwalo, re lokela ho babatsa ba bang ho tswa pelong. Ho seng jwalo, re ka iphumana re rorisa ba bang ho tlola kapa re qoba ho ba fa keletso eo ba e hlokang. (Liprov. 29:5) Ke boikaketsi ho babatsa motho, ebe hamorao o mmua hampe. Moapostola Pauluse o re behetse mohlala o motle wa ho babatsa ba bang ho tswa pelong. Ka mohlala, o ile a babatsa Bakreste ba Korinthe ka boitshwaro ba bona bo botle. (1 Bakor. 11:2) Empa ha ba ne ba hloka kgalemelo, o ile a ba eletsa ka bonolo le ka ho hlaka.—1 Bakor. 11:20-22.
12. Re ka bontsha lerato la nnete jwang ha re amohela baeti?
12 Amohela baeti. Jehova o re laela hore re be le seatla se bulehileng ho bara le baradibabo rona. (Bala 1 Johanne 3:17.) Le ha ho le jwalo, re lokela ho etsa seo ka sepheo se setle, e seng ka mabaka a boithati. Re lokela ho ipotsa: ‘Na ke amohela baeti hobane e le metswalle ya ka kapa e le batho ba tsejwang, kapa hobane ke lebelletse hore ba tla nthusa nakong e tlang? Kapa na mohlomong ke ikemiseditse ho mema Bakreste mmoho le nna ba hlokang, bao ke sa ba tlwaelang, le ba se nang letho leo ba ka mpuseletsang ka lona?’ (Luka 14:12-14) Ho thweng haeba motho a sa o lebohe ka mora hore o mo thuse? Kapa o tla etsang haeba Mokreste mmoho a o kopa thuso ka mora hore a senye tjhelete ya hae? Maemong a kang ana re ka sebedisa keletso ena ya Mangolo: “Bontshanang kamohelo ya baeti le sa honothe.” (1 Pet. 4:9) Ka ho latela keletso ena re tla fumana thabo e tliswang ke ho fana le ho thusa ba bang ka sepheo se setle.—Lik. 20:35.
13. (a) Ke neng moo re ka iphumanang re thatafallwa ke ho thusa ba fokolang? (b) Ke dintho dife tseo re ka di etsang ho tshehetsa batho ba fokolang?
13 Tshehetsa ba fokolang. Molaomotheo wa Bibele o reng re ‘tshehetse ba fokolang mme re be le tiisetso ho bohle,’ o ka paka hore na re na le lerato la nnete kapa tjhe. (1 Bathes. 5:14) Batho ba bangata ba fokolang, ba ka nna ba tiya tumelong ha nako e ntse e ya, empa ba bang ba hloka ho tshehetswa le ho bontshwa mamello e eketsehileng. Sena se akaralletsa ho bala le bona Mangolo a kgothatsang, ho sebetsa le bona tshimong kapa ho ipha nako ya ho ba mamela. Ho ekeletsa moo, ho e na le ho nahana hore bara le baradibabo rona ba “matla” kapa ba a “fokola” re lokela ho dula re hopola hore kaofela ha rona re na le mefokolo le makgabane. Esita le moapostola Pauluse o ile a dumela hore o na le mefokolo. (2 Bakor. 12:9, 10) Kahoo kaofela ha rona re ka rua molemo ha barababo rona ba re tshehetsa.
14. Re lokela ho ikemisetsa ho bopa kgotso le tlasa maemo afe?
14 Bopa kgotso. Re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho bopa kgotso le barababo rona le haeba re dumela hore ke rona ba entsweng hampe. (Bala Baroma 12:17, 18.) Ha re utlwisitse motho e mong bohloko, re lokela ho kopa tshwarelo, empa re etse seo ho tswa pelong. Ka mohlala, ho ke ke ha ba hotle ho re ho motho: “Ke maswabi hore o ikutlwa ka tsela eo” kapa “Ke maswabi haeba ke o utlwisitse bohloko.” Ho e na le hoo, o lokela ho dumela phoso ya hao ka ho re: “Ke maswabi hore ke o utlwisitse bohloko ka seo ke se buileng.” Ho bopa kgotso ho bohlokwa le ho feta lenyalong. Monna le mosadi ha ba a lokela ho etsa eka ba a ratana ha ba le hara batho, ebe ha ba le bang ha ba buisane kapa ba hlabana ka mantswe.
15. Re ka tshwarela ba bang jwang ho tswa pelong?
15 Tshwarela ka bolokolohi. Re bontsha hore re tshwaretse motho haeba re sa boloke sekgopi. Bibele e re: “Le mamellane ka lerato, le leke ka tiyo ho boloka bonngwe ba moya ka tlamo e kopanyang ya kgotso.” (Baef. 4:2, 3) Re ka etsa sena ka hore re tshwarele motho le haeba a sa lemohe hore o re kgopisitse. Hore re tshwarele e le ka nnete, re lokela ho laola menahano ya rona hore e se “boloke tlaleho ya bobe.” (1 Bakor. 13:4, 5) Ho boloka sekgopi ho ka senya kamano ya rona le bara le baradibabo rona. Ho hobe le ho feta, ho ka senya kamano ya rona le Jehova ka ho felletseng. (Mat. 6:14, 15) Re ka boela ra bontsha hore re hlile re tshwaretse motho ya re foseditseng ka ho mo rapella.—Luka 6:27, 28.
16. Re lokela ho ba le pono efe ka ditokelo tshebeletsong ya Jehova?
16 Itele bakeng sa batho ba bang. Re ka boela ra bontsha hore lerato la rona ke la nnete ka ho nka ditokelo tseo re di fumanang tshebeletsong ya Jehova e le monyetla wa ho ‘batla, eseng se molemo ho rona, empa se molemo ho motho e mong.’ (1 Bakor. 10:24) Ka mohlala, bahlokomedi ba ba le tokelo ya ho kena pele ho bohle mabaleng a kopano. Bara bana babo rona ha ba nke dikabelo tsa bona e le monyetla wa ho kgetha ditulo tse dutseng botleng bakeng sa bona le ba malapa a bona. Ka ho itella ba bang ka tsela ena, ba bontsha lerato le se nang boithati. Re ka latela mohlala wa bona o motle jwang?
17. Lerato la sebele le ka susumetsa motho ya entseng sebe se tebileng ho etsang?
17 Bolela dibe tsa hao mme o di tlohele. Bakreste ba bang ba ileng ba etsa dibe tse tebileng, ba leka ho di pata hobane ba tshaba ho hlajwa ke dihlong kapa ho swabisa ba lelapa le metswalle. (Liprov. 28:13) Motho ya etsang jwalo ha a na lerato hobane ho pata dibe ho kotsi le ho ba bang. Diketso tsa hae di ka fedisa kgotso mme tsa etsa hore moya wa Modimo o se hlole o sebetsa ka phuthehong. (Baef. 4:30) Lerato la sebele le susumetsa Bakreste ba entseng sebe se tebileng ho bua le baholo e le hore baholo ba ka ba thusa.—Jak. 5:14, 15.
18. Lerato la sebele ke la bohlokwa hakae?
18 Lerato ke la bohlokwa ka ho fetisisa ho feta makgabane a mang. (1 Bakor. 13:13) Le re kgetholla re le balatedi ba Jesu ebile re le baetsisi ba Jehova e leng Mohlodi wa lerato. (Baef. 5:1, 2) Pauluse o ile a ngola a re: “Haeba . . . ke se na lerato, ha ke letho.” (1 Bakor. 13:2) A re se keng ra bontsha lerato ka “mantswe” feela. Empa e se eka re ka tswela pele ho le bontsha “ka ketso le nnete.”