Batla Maruo a Sebele!
“Iketsetseng metswalle ka maruo a sa lokang.”—LUKA 16:9.
1, 2. Ke hobaneng ha ho tla dula ho e na le batho ba futsanehileng lefatsheng la kajeno?
BOEMO ba moruo ba kajeno bo utlwisa bohloko. Ka mohlala, batjha ba bangata ba batlana le mosebetsi empa ha ba o thole. Ba bang ba beha bophelo ba bona kotsing ka ho fallela dinaheng tse ruileng. Empa le dinaheng tseo, ho ntse ho na le batho ba futsanehileng. Barui ba ntse ba rua ho ya pele ha mafutsana ona a ntse a futsaneha le ho feta. Ho ya ka dipalopalo tsa morao tjena, batho ba mmalwa feela ba ruileng ba na le maruo a lekanang le a baahi ba lefatshe lohle ba kopane. Le hoja ho se bonolo ho netefatsa dipalopalo tsena, ha ho na motho ya ka phehang hore batho ba dibilione ba futsanehile ha ba bang bona ba hafa ka nkatana. Ha Jesu a bona boemo bona o ile a re: “Kamehla le na le mafutsana.” (Mar. 14:7) Ke hobaneng ha maemo a le ka tsela ena?
2 Jesu o ne a tseba hore boemo ba moruo bo ne bo ke ke ba fetoha ha feela Mmuso wa Modimo o eso fihle. Mekgatlo ya dipolotiki le ya bodumedi ke karolo ya lefatshe la Satane. Ho jwalo le ka dikgwebo tse meharo tsa kajeno, tse tshwantshetswang ke “bahwebi” ho Tshenolo 18:3. Le hoja batho ba Modimo ba intsha ka ho feletseng dipolotiking le bodumeding ba bohata, ba bangata ha ba kgone ho ikarola ka ho feletseng lefatsheng la Satane ditabeng tsa kgwebo.
3. Re tla tshohla dipotso dife?
3 Jwalo ka Bakreste, re lokela ho hlahloba boikutlo ba rona ka dikgwebo tsa kajeno, ka ho ipotsa dipotso tse kang: ‘Nka sebedisa thepa le tjhelete ya ka jwang ho bontsha hore ke tshepahalla Modimo? Nka etsang hore ke se ke ka kenella haholo ditabeng tsa kgwebo? Ke diketsahalo dife tse bontshang hore batho ba Modimo ba mo tshepa ka ho feletseng?’
PAPISO YA MOTSAMAISI YA SA LOKANG
4, 5. (a) Motsamaisi ya papisong ya Jesu o ile a iphumana a le boemong bofe? (b) Ke temoso efe eo Jesu a ileng a e fa balatedi ba hae?
4 Bala Luka 16:1-9. Papiso ya Jesu ya motsamaisi ya sa lokang e ya thahasellisa. Ka mora hore a qoswe ka hore o a senya, motsamaisi eo o ile a sebedisa “bohlale bo sebetsang” ho ‘iketsetsa metswalle’ e neng e tla mo thusa ha a se a lahlehetswe ke mosebetsi wa hae.a Jesu o ne a sa kgothalletse barutuwa ba hae ho etsa dintho tse sa lokang e le hore ba kgone ho iphedisa. O ile a re boitshwaro bo jwalo ke ba “bara ba tsamaiso ena ya dintho,” empa o ne a sebedisa papiso ena ho fana ka keletso.
5 Jwalo ka ha motsamaisi a ile a iphumana a le boemong bo thata, le Bakreste ba bangata kajeno ba lokela ho phela tlasa maemo a sa thabiseng a moruo. Ke kahoo Jesu a ileng a re: “Iketsetseng metswalle ka maruo a sa lokang, e le hore, ha a fela, [Jehova le Jesu] ba ka le amohela dibakeng tsa bodulo tse sa feleng.” Re ka ithutang keletsong ee ya Jesu?
6. Re tseba jwang hore e ne e se morero wa Modimo hore batho ba etse dikgwebo?
6 Le hoja Jesu a sa hlalose hore na ke hobaneng ha a re maruo ‘ha a loka’, Bibele e bontsha ka ho hlaka hore dikgwebo e ne e se karolo ya morero wa Modimo. Jehova o ne a file Adama le Eva dintho tsohle tseo ba neng ba di hloka serapeng sa Edene. (Gen. 2:15, 16) Hamorao, ha Bakreste ba mehleng ya Bibele ba ne ba fuwa moya o halalelang, “ho ne ho se le ya mong ya neng a re leha e le efe ya dintho tseo a neng a e na le tsona ke ya hae; empa ba ne ba kopanela dintho tsohle.” (Lik. 4:32) Moprofeta Esaia o buile ka nako eo ka yona batho bohle ba tlang ho ba le dintho tsohle tseo ba di hlokang. (Esa. 25:6-9; 65:21, 22) Empa ha jwale, Bakreste ba hloka “bohlale bo sebetsang” e le hore ba iphedise, ba sebedisa “maruo a sa lokang” a lefatshe lena ha ba ntse ba leka ho kgahlisa Modimo.
HO SEBEDISA MARUO A SA LOKANG KA BOHLALE
7. Lengolo la Luka 16:10-13 le fana ka keletso efe?
7 Bala Luka 16:10-13. Motsamaisi ya papisong ya Jesu o ne a etsa metswalle hobane a shebile melemo e itseng. Empa Jesu o ile a re Bakreste ba iketsetse metswalle lehodimong, e seng ka mabaka a boithati. Ditemana tse latelang papisong ena di bontsha hore tshebediso ya rona ya “maruo a sa lokang” e ama botshepehi ba rona ho Jehova. Ntlha ya Jesu e ne e le hore botshepehi ba rona bo ne bo tla bonahala tseleng eo re sebedisang maruo ao ka yona. Ka tsela efe?
8, 9. Fana ka mehlala ya kamoo ba bang ba bontshang botshepehi kateng tseleng eo ba sebedisang maruo a bona ka yona.
8 Re bontsha botshepehi ka maruo a rona ha re ntsha monehelo bakeng sa mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo lefatsheng lohle, oo Jesu a ileng a bua ka ona. (Mat. 24:14) Ngwanana e mong e monyenyane ya dulang India o ile a ipehela tjhelete ka hara lebokose, a bile a itima dintho tse itseng. Ha le se le tletse, o ile a fana ka tjhelete eo bakeng sa mosebetsi wa boboledi. Morabo rona e mong ya dulang India, ya nang le polasi ya dikhokhonate, o ile a fana ka dikhokhonate ofising ya phetolelo ya Semalayalam kaha di a hlokahala ofising eo. Ke bohlale ho etsa jwalo hobane tjhelete e neng e lokela ho ya di reka e a bolokeha mme e sebedisetswe mesebetsi e meng. Ka ho tshwanang, le barababo rona ba dulang Greece ba tlwaetse ho fa lelapa la Bethele oli ya mehlware (olive oil), tjhisi le dijo tse ding.
9 Morabo rona ya tswang Sri Lanka, ya seng a dula mose ho mawatle, o dumeletse Dipaki hore di sebedise ntlo ya hae ho tshwara diboka le dikopano le hore batho ba tshebeletsong ya nako e tletseng ba dule ho yona. Sena se thusa bahweletsi ba dikojwana mahetleng ka ho kgetheha. Dinaheng tseo mosebetsi wa rona o thibetsweng ho tsona, barababo rona ba dumella hore matlo a bona a sebediswe jwalo ka Diholo Tsa Mmuso. Sena se thusa bopulamadiboho le ba bang ba se nang tjhelete hore ba be le sebaka sa borapeli seo ba sa se patalleng.
10. Re fumana ditlhohonolofatso dife ha re fana?
10 Mehlala ena e bontsha kamoo batho ba Modimo ba “tshepahalang ho se senyenyane” kateng tseleng eo ba sebedisang maruo a bona. Maruo ao ha se letho ha a bapiswa le maruo a tswang ho Modimo. (Luka 16:10) Metswalle ee ya Jehova e ikutlwa jwang ka boitelo boo e bo etsang? E a tseba hore ho fana ke tsela ya ho fumana maruo a “nnete.” (Luka 16:11) Moradiwabo rona e mong ya tlwaetseng ho ntsha monehelo, o re ha a bua ka tlhohonolofatso eo a e fumaneng: “Dilemong tsena kaofela, ho na le ntho e thahasellisang eo ke e hlokometseng ha ke fana ka seatla se bulehileng. Ho fana ka tjhelete ho entse hore ke fane le ka dintho tse ding. Hona jwale ke se ke kgona ho tshwarela ho feta le ha e le neng pele, ebile ke na le mamello e eketsehileng. Ke boetse ke kgona ho amohela ha dintho di sa tsamaye hantle haesita le ho amohela dikeletso.” Ba bangata ba hlokometse hore ho fana ho matlafatsa kamano ya bona le Modimo.—Pes. 112:5; Liprov. 22:9.
11. (a) Re bontsha jwang hore re “bohlale” ha re fana? (b) Batho ba Jehova ba sebedisa menehelo moo e hlokahalang teng jwang? (Sheba setshwantsho se qalong.)
11 Ho sebedisa thepa le tjhelete ho tshehetsa mesebetsi e amanang le Mmuso ke tsela e nngwe ya ho bontsha “bohlale.” Ho re fa monyetla wa ho thusa ba bang. Batho ba nang le tjhelete le thepa empa ba sa kgone ho kenela tshebeletso ya nako e tletseng kapa ho ya tlhokahalong, ba a thaba kaha ba tseba hore menehelo ya bona e tshehetsa ba bang ba tshebeletsong. (Liprov. 19:17) Menehelo e thusa hore mosebetsi wa boboledi o finyelle le dinaheng tse futsanehileng le hore batho ba thabelang molaetsa wa Bibele ba fumane dingolwa leha ba se na tjhelete. Dilemong tse fetileng, barababo rona ba dinaheng tse kang Congo, Madagascar le Rwanda ba ne ba lokela ho kgetha pakeng tsa ho reka Dibibele le ho reka dijo bakeng sa malapa a bona. Ka nako tse ding, theko ya Dibilele tseo e ne e lekana le mokgolo wa beke kapa wa kgwedi. Kaha mokgatlo wa Jehova o sebedisa menehelo ka ho “leka-lekanya” kapa moo e hlokahalang teng, o entse hore Bibele e fetolelwe ka dipuo tse ngata le hore ditho tsohle tsa malapa di e fumane. (Bala 2 Bakorinthe 8:13-15.) Kahoo bohle ba kgona ho ba metswalle ya Jehova, ebang ke ba fanang ka menehelo kapa ba ruang molemo ho yona.
O SE KE WA KENELLA HAHOLO “DIKGWEBONG TSA BOPHELO”
12. Abrahama o ile a bontsha jwang hore o tshepa Modimo?
12 Re ka boela ra dula re le metswalle ya Jehova ka ho qoba ho kenella haholo dikgwebong tsa lefatshe lena le ka ho ikitlaelletsa ho batla maruo a “nnete”. Abrahama o ne a na le tumelo ho Modimo mme o ile a mamela ha Jehova a re a tlohe motseng wa habo o ruileng wa Ure mme a ilo dula ditenteng. (Baheb. 11:8-10) O ne a nka Modimo e le Mohlodi wa maruo a sebele mme a bontsha hore o mo tshepa ka ho feletseng ka hore a se ke a ipatlela maruo a ditjhelete. (Gen. 14:22, 23) Jesu o ne a re kgothalletsa ho ba le tumelo e jwalo, ha a ne a re ho mohlankana e mong wa morui: “Haeba o batla ho phethahala, e ya o rekise dintho tsa hao o fe mafutsana mme o tla ba le letlotlo lehodimong, o tle mme o be molatedi wa ka.” (Mat. 19:21) Monna eo o ne a se na tumelo e tshwanang le ya Abrahama. Leha ho le jwalo, ho na le batho ba bang ba ileng ba bontsha hore ba tshepa Modimo.
13. (a) Pauluse o ile a fa Timothea temoso efe? (b) Re ka sebedisa keletso ya Pauluse jwang kajeno?
13 Timothea o ne a e na le tumelo. Ka mora hore Pauluse a re Timothea ke “lesole le kgabane la Kreste Jesu,” o ile a re ho yena: “Ha ho monna ya sebeletsang e le lesole ya ikenyang dikgwebong tsa bophelo, e le hore a ka fumana kamohelo ya ya mo ngodisitseng e le lesole.” (2 Tim. 2:3, 4) Balatedi ba Jesu kajeno, ho akarelletsa le ba ka hodimo ho milione ba tshebeletsong ya nako e tletseng, ba sebedisa keletso ya Pauluse ka hohle kamoo ba ka kgonang. Ba hana ho hohelwa ke dipapatso tsa lefatshe lena mme ba dula ba hopola molaomotheo ona o reng: “Ya adingwang ke mohlanka wa motho ya mo adimang.” (Liprov. 22:7) Satane o batla hore re qete matla le nako ya rona e ngata re le makgoba a lefatshe lena. Re ka qeta dilemo re le dikolotong ka lebaka la diqeto tse ding tseo re di etsang. Tse ding tsa dikoloto tseo e ka ba tsa matlo, tsa ho ya kholeje kapa yunivesithi, tsa ho reka dikoloi tse turang esita le tsa ho etsa matjhato a maholo. Re bontsha hore re bohlale ha re nolofatsa bophelo ba rona ka ho fokotsa dikoloto le ditshenyehelo e le hore re ka ba makgoba a Modimo ho e na le ho ba makgoba a dikgwebo tsa lefatshe lena.—1 Tim. 6:10.
14. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang? Fana ka mehlala.
14 Ho nolofatsa bophelo ho akarelletsa ho beha dintho tsa bohlokwa sebakeng sa pele bophelong. Banyalani ba bang ba ne ba na le kgwebo e kgolo, e neng e ba kenyetsa tjhelete e ngata. Le ha ho le jwalo, hamorao ba ile ba lokela ho rekisa kgwebo eo, sekepe esita le thepa e nngwe ya bona hobane ba ne ba batla ho kenela tshebeletso hape. Ka mora moo ba ile ba ithaopela ho ya thusa ho haha ntlokgolo e Warwick, New York. Ba ile ba thaba haholo ho qeta dibeke tse itseng ba sebetsa le moradi wa bona le monna wa hae kahong eo. Batswadi ba monna le bona ba ne ba le teng mosebetsing oo. Moradiwabo rona e mong wa pulamadiboho ya dulang Colorado e U.S.A. o ile a fumana mosebetsi wa matsatsi bankeng. Bahiri ba ile ba kgahlwa ke tsela eo a sebetsang ka yona hoo ba ileng ba kopa hore a sebetse matsatsi a tletseng mme ba tshepisa le ho mo fa mokgolo o imenneng hararo. Empa ha a ka a amohela kopo eo, kaha mosebetsi oo o ne o tla sitisa tshebeletso ya hae. Ena ke mehlala e mmalwa feela e bontshang boitelo boo batho ba Jehova ba bo etsang. Ho ikemisetsa ho beha Mmuso wa Modimo pele bophelong ka tsela ena, ho bontsha hore re nka setswalle sa rona le yena le dintho tseo a re fang tsona e le tsa bohlokwa haholo ho feta tseo re ka di fuwang ke lefatshe la kajeno la kgwebo.
HA MARUO A FELA
15. Ke dintho dife tse re kgotsofatsang e le kannete?
15 Ho ba le maruo ha ho bolele hore motho o hlohonolofaditswe ke Modimo. Jehova o hlohonolofatsa ba ‘ruileng mesebetsi e metle.’ (Bala 1 Timothea 6:17-19.) Ka mohlala, ha Luciab a utlwa hore ho na le tlhokahalo naheng ya Albania, o ile a fallela teng a tloha Italy ka 1993. Le hoja a ne a sa tsebe hore o ne a tla iphedisa kang naheng eo, o ne a tshepile Jehova ka ho felletseng. O ile a ithuta puo ya Sealbania mme o se a thusitse batho ba fetang 60 hore ba inehele ho Jehova. Hase batho bohle ba Modimo ba sebetsang tshimo e behang ditholwana jwalo ka eo. Empa re nka ntho leha e le efe eo re e etsang ho thusa batho ho tseba ka Jehova le ho ba metswalle ya hae, e le letlotlo la ka ho sa feleng.—Mat. 6:20.
16. (a) Ho tlilo etsahalang ka dikgwebo tsa lefatshe lee haufinyane? (b) Seo re se tsebang ka bokamoso se lokela ho etsa hore re shebe maruo jwang?
16 Ha Jesu a bua ka “maruo a sa lokang,” o ile a re “ha a fela” e seng ‘ha a ka fela.’ (Luka 16:9) Le hoja batho ba tshoswa ke ho wa ha moruo le ha dibanka ho ntseng ho etsahala kajeno, seo ke dinyane ha se bapiswa le se tla tloha se etsahala haufinyane. Lefatshe lohle la Satane, le boptjwang ke mekgatlo ya dipolotiki, ya bodumedi le ya tsa kgwebo, le tlo fediswa. Baprofeta, Ezekiele le Sofonia, ba boletse esale pele hore kgauta le silevera, e leng maruo a dikgwebo tsa kajeno, e tla ba dintho tse se nang thuso ka nako eo. (Ezek. 7:19; Sof. 1:18) Haeba o ne o le haufi le ho shwa, o ne o tla ikutlwa jwang haeba o ne o ka hlokomela hore o ile wa tela dintho tsa bohlokwa haholo bophelong, mme wa qeta bophelo bohle ba hao o batlana le “maruo a sa lokang”? O ne o tla ikutlwa jwalo ka monna ya qetileng bophelo bohle ba hae a bokella tjhelete, ebe hamorao o lemoha hore tjhelete eo ke ya mokunyata kapa feiki. (Liprov. 18:11) Qetellong maruo a lefatshe lena a tla fela. Kahoo, sebedisa tjhelete le thepa ya hao ka bohlale hona jwale e le hore o se ke wa fetwa ke monyetla wa ho ‘iketsetsa metswalle’ lehodimong. Ntho leha e le efe eo re e etsetsang Jehova le Mmuso wa hae e matlafatsa kamano ya rona le yena.
17, 18. Metswalle ya Modimo e lebeletseng?
17 Ha Mmuso wa Modimo o fihla, re ke ke ra hlola re renta matlo kapa hona ho a kolota. Dijo e tla be e le ntletsentletse. Re tla be re se re sa kule. Batho ba Jehova ba tla thabela ho phela lefatsheng. Kgauta, silevera le majwe a bohlokwa e tla ba tsa ho kgabisa, e seng tsa ho etsa kgwebo. Thepa ya ho haha e kang mapolanka, majwe le tshepe e tla fumaneha mahala hore batho ba ikahele matlo a matle. Metswalle e tla re thusa ka ho rata, e seng hobane e batla tjhelete. Ka nako eo batho ba tla tlwaela ho arolelana dintho le ba bang.
18 Ena ke mehlala e seng mekae feela ya dintho tse tla fumanwa ke ba iketsetsang metswalle lehodimong. Batho ba Jehova ba tla thaba haholo ha ba utlwa Jesu a re: “Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue mmuso oo le o lokiseditsweng ho tloha ho thehweng ha lefatshe.”—Mat. 25:34.
a Jesu ha a hlalose hore na ebe motsamaisi eo o ne a le molato kapa tjhe. Lentswe la Segerike le sebedisitsweng ho Luka 16:1 bakeng sa “ho qoswa” le ka boela la bolela “ho etselletswa.” Leha ho le jwalo, Jesu o bua ka seo motsamaisi a ileng a se etsa e seng mabaka a entseng hore a lahlehelwe ke mosebetsi.
b Pale ya bophelo ya Lucia Moussanett e hlaha ho Tsoha! ya July 8, 2003, leq. 28-32.