Genese
44 Hamorao a laela monna ea neng a okametse ntlo ea hae,+ a re: “Tlatsa mekotla ea banna bao ka lijo ho fihlela tekanyong eo ba tla khona ho e jara ’me u kenye chelete ea e mong le e mong molomong oa mokotla oa hae.+ 2 Empa u kenye senoelo sa ka, senoelo sa silevera, molomong oa mokotla oa e monyenyane le chelete bakeng sa lijo-thollo tsa hae.” Eaba o etsa ho ea ka lentsoe la Josefa leo a le buileng.+
3 E ne e le ka meso ha ho thoe banna bao ba tsamaee,+ bona hammoho le liesele tsa bona. 4 Ba ile ba tsoa motseng. Ba ne ba e-s’o ee hōle ha Josefa a re ho monna ea okametseng ntlo ea hae: “Ema! Lelekisa banna bao ’me ruri u ba fihlele u re ho bona, ‘Ke hobane’ng ha le buselelitse botle ka bobe?+ 5 Na ena hase ntho eo mong’a ka a noelang ho eona le eo a e sebelisetsang ho hlalosa ka botsebi lipontšo tsa se tlang?+ Le entse ketso e mpe.’”
6 Qetellong a ba fihlela ’me a ba bolella mantsoe ana. 7 Empa ba re ho eena: “Ke hobane’ng ha moren ’a ka a bua mantsoe a kang aa? Ha ho utloahale hore bahlanka ba hao ba etse ntho leha e le efe e kang ena. 8 Chelete eo re e fumaneng melomong ea mekotla ea rōna re e khutliselitse ho uena ha re tsoa naheng ea Kanana.+ Joale, ke joang re ka utsoang silevera kapa khauta ka tlung ea mong’a hao?+ 9 Le leng la makhoba a hao leo e ka fumanoang ho lona le ke le bolaoe ’me le rōna re ke re be makhoba a mong’a ka.”+ 10 Eaba o re: “Joale ho ke ho be hantle feela ho ea ka mantsoe a lōna.+ Kahoo eo e tlang ho fumanoa ho eena o tla fetoha lekhoba la ka,+ empa le tla be le se na molato.” 11 Eaba e mong le e mong o theolela mokotla oa hae fatše kapele ’me e mong le e mong a bula mokotla oa hae. 12 Eaba oa batlisisa. A qala ka e moholo ’me a qetella ka e monyenyane. Qetellong senoelo sa fumanoa mokotleng oa Benjamine.+
13 Joale ba hahola liaparo tsa bona tsa ka holimo+ ’me e mong le e mong a boela a belesa esele ea hae mojaro oa hae eaba ba khutlela motseng. 14 Juda+ le barab’abo ba ea ka tlung ea Josefa, ’me o ne a ntse a le moo; eaba ba itihela fatše ka pel’a hae.+ 15 Joale Josefa a re ho bona: “Ke ketso ea mofuta ofe ee eo le e entseng? Na le ne le sa tsebe hore motho ea kang ’na a ka hlalosa ka botsebi lipontšo tsa se tlang?”+ 16 Eaba Juda oa hooa: “Re ka re’ng ho mong’a rōna? Re ka bua eng? Hona re ka paka joang hore re lokile?+ Molimo oa ’nete o fumane phoso ea makhoba a hao.+ Bona! re makhoba a mong’a rōna,+ rōna hammoho le eo senoelo se fumanoeng letsohong la hae!” 17 Leha ho le joalo, a re: “Ha ho utloahale hore ke etse sena!+ Motho eo senoelo se fumanoeng letsohong la hae ke eena eo e tla ba lekhoba la ka.+ Ha e le lōna ba bang kaofela, nyolohelang ho ntat’a lōna ka khotso.”+
18 Joale Juda a atamela ho eena ’me a re: “Kea u rapela, mong’a ka, ka kōpo e-re lekhoba la hao le bue lentsoe moo mong’a ka a ntseng a utloa,+ ’me bohale+ ba hao bo se ke ba tukela lekhoba la hao, hobane uena u tšoana le Faro.+ 19 Mong’a ka o ile a botsa makhoba a hae, a re, ‘Na le na le ntat’a lōna kapa mor’abo lōna?’ 20 Eaba re re ho mong’a ka, ‘Re na le ntate ea hōlileng le ngoana oa botsofali ba hae, e monyenyane.+ Empa mor’abo o shoele kahoo ke eena feela ea setseng oa ’m ’ae,+ ’me ntat’ae oa mo rata.’ 21 Ka mor’a moo ua re ho makhoba a hao, ‘Mo tliseng ho ’na hore ke tle ke mo bone.’+ 22 Empa ra re ho mong’a ka, ‘Moshanyana ha a khone ho siea ntat’ae. Ha a ka mo siea, ka sebele ntat’ae o tla shoa.’+ 23 Eaba u re ho makhoba a hao, ‘Ntle le hore mor’abo lōna e monyenyane a theohe le lōna, le se ke la hlola le talima sefahleho sa ka.’+
24 “Eaba re nyolohela ho lekhoba la hao e leng Ntate ra ntan’o le bolella mantsoe a mong’a ka. 25 Hamorao Ntate a re, ‘Khutlang, le re rekele lijonyana.’+ 26 Empa ra re, ‘Ha re khone ho theoha. Re tla theoha haeba mor’abo rōna e monyenyane a e-na le rōna, hobane ha re khone ho talima sefahleho sa monna eo haeba mor’abo rōna e monyenyane a le sieo ho rōna.’+ 27 Joale lekhoba la hao e leng Ntate la re ho rōna, ‘Le tseba hantle hore mosali oa ka o ntsoaletse bara ba babeli feela.+ 28 Hamorao e mong o tsoile sehlopheng sa ka ’me ka hooa ka re: “Oe, ruri o rusolotsoe!”+ ’me ha ke e-s’o mo bone ho fihlela joale. 29 Haeba le ka tlosa le enoa mahlong a ka ’me a hlaheloa ke kotsi e bolaeang, ka sebele le tla theolela moriri oa ka o moputsoa ka mesarelo Sheole.’+
30 “Joale, hang ha ke fihla ho lekhoba la hao e leng Ntate moshanyana a le sieo ho rōna, athe moea oa hae o tlamahane le moea oa enoa,+ 31 joale ka sebele hang ha a bona hore moshanyana ha a eo o tla shoa, ’me ruri makhoba a hao a tla theolela moriri o moputsoa oa lekhoba la hao e leng Ntate ka mesarelo Sheole. 32 Etsoe lekhoba la hao le ipehile paneng+ bakeng sa moshanyana nakong ea ha a se ho ntat’ae, la re, ‘Haeba nka hlōleha ho mo khutlisetsa ho uena, joale ke tla be ke sitetsoe Ntate ka ho sa feleng.’+ 33 Kahoo joale, ka kōpo, ho ke ho sale lekhoba la hao ho e-na le moshanyana e le lekhoba ho mong’a ka, e le hore moshanyana a nyolohe le barab’abo.+ 34 Etsoe nka ea joang ho Ntate moshanyana a le sieo ho ’na, esere ka bona tlokotsi e tla hlahela Ntate?”+