Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Sontaha, la 25 October

Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong ’me sa tlisa lefu.—Bar. 5:12.

E le hore re lopolloe sebeng le lefung, Jehova o ile a romela Jesu hore a tl’o re shoela. Empa ho tla joang hore lefu la motho a le mong ea phethahetseng le lopolle batho ba limilione sebeng le lefung? Moapostola Pauluse o re: “Joalokaha ho se mamele ha motho a le mong [Adama] ho ile ha etsa hore ba bangata e be baetsalibe, ka ho tšoanang ho mamela ha motho a le mong [Jesu] ho tla etsa hore ba bangata e be ba lokileng.” (Bar. 5:19; 1 Tim. 2:6) E leng hore batho bohle ke baetsalibe ebile baa shoa hobane motho a le mong ea neng a phethahetse ha aa ka a mamela Molimo. Kahoo, ho ne ho hlokahala motho e mong ea phethahetseng ea neng a tla mamela Molimo e le hore re lopolloe sebeng le lefung. Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a tlohela bana ba Adama ba mo mamelang hore ba phele ka ho sa feleng? Ho batho ho ne ho ka bonahala eka ena ke eona tsela e nepahetseng ea ho rarolla bothata. Empa ho Jehova ho etsa joalo e ne e tla be e le ho hloka toka, hobane ho ne ho ka bonahala eka Adama ha a etsa sebe se tebileng le hore bana ba hae ba phethahetse empa bonneteng ho se joalo. w25.01 21 ¶3-4

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Mantaha, la 26 October

Re tataisoa ke tumelo eseng ke lintho tseo re li bonang.—2 Bakor. 5:7.

Ho na le nako eo moapostola Pauluse a neng a tseba hore o tl’o bolaoa haufinyane. Empa o ile a khotsofatsoa ke tsela eo a phetseng bophelo ba hae ka eona. Ha a hetla morao, o ile a re: “Ke mathile peiso ho fihlela qetellong ebile ke bolokile tumelo ea ’nete.” (2 Tim. 4:6-8) Pauluse o ile a etsa liqeto tse nepahetseng tšebeletsong ea hae ’me o ne a kholisehile hore o ne a thabisitse Jehova. Le rona re batla ho etsa liqeto tse nepahetseng e le hore Molimo a re amohele. Re ka etsa seo joang? Ha Pauluse a bua ka eena le Bakreste ba bang ba tšepahalang, o ile a re: “Re tsamaea ka tumelo, eseng ka pono.” Ka Bibeleng, ka linako tse ling poleloana “ho tsamaea” e ka bolela tsela eo motho a khethang ho phela ka eona. Ha motho a tsamaea ka tumelo, o etsa liqeto a itšetlehile ka tšepo eo a nang le eona ho Jehova Molimo. Liketso tsa hae li bontša hore o kholisehile hore Molimo o tla mo putsa le hore ho mamela keletso ea Jehova e hlahang ka Lentsoeng la hae, ho tla mo tsoela molemo.—Pes. 119:66; Baheb. 11:6. w25.03 20 ¶1-2

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labobeli, la 27 October

Le lumelle Molimo hore a fetole tsela eo le nahanang ka eona.—Bar. 12:2.

Ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo, batho ba bangata ba neng ba tloaetse ho etsa lintho tse mpe ba entse liphetoho tse kholo bophelong ba bona. (Esa. 65:25) Ba sebelitse ka thata hore ba tlohele ho etsa lintho tse mpe tseo ba neng ba tloaetse ho li etsa. (Baef. 4:22-24) Kaha re baetsalibe, re tla lula re ntse re etsa liphoso. Leha ho le joalo, Jehova o entse hore “batho ba mefuta eohle” ba momahane ka hore ba bontšane lerato le hore ba phele ka khotso. (Tite 2:11) Ke Molimo ea matla ’ohle feela ea ka etsang ntho ena. Mantsoe ana a re tiisetsa hore litšepiso tsa Jehova li lula li phethahala. (Esa. 55:10, 11) Hona joale re se re ntse re phela ka khotso le ka kutloano le Bakreste-’moho le rona. Jehova o entse lelapa le ikhethang la bara le barali ba bo rona. Ka lebaka la hore re karolo ea lelapa lena le leholo, re na le khotso hona joale ebile re ikutloa re sireletsehile le hoja re phela lefatšeng le khopo. (Pes. 72:7) Ka lebaka lena, re batla ho thusa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng hore le bona e be karolo ea lelapa la Jehova. Re ka khona ho etsa joalo ha re tsoela pele re etsa mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa.—Mat. 28:19, 20. w24.04 23 ¶13, 15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela