2 Samuele
4 Ha mora+ oa Saule a utloa hore Abnere o shoeletse Hebrone,+ joale matsoho a hae a tepella+ ’me Baiseraele bohle ba ferekana. 2 Ho ne ho e-na le banna ba babeli, balaoli ba lihlopha tse futuhang,+ bao e neng e le ba mora oa Saule, lebitso la e mong e le Baana ’me lebitso la e mong e le Rekabe, bara ba Rimone Mobeerothe, oa bara ba Benjamine; etsoe Beerothe,+ le eona, e ne e balelloa e le karolo ea Benjamine. 3 Babeerothe ba qala ho balehela Gitaime,+ ’me ea e-ba bajaki moo ho fihlela letsatsing lena.
4 Joale Jonathane,+ mora oa Saule, o ne a e-na le mora ea holofetseng maoto.+ O ne a le lilemo li hlano ha tlaleho e mabapi le Saule le Jonathane e ne e tsoa Jezriele;+ mohlokomeli oa hae a qala ho mo nka ’me a baleha, empa eare ha a ntse a matha a tšohile hore a balehe, joale mora eo a oela ’me a holofala. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshethe.+
5 Bara ba Rimone Mobeerothe, Rekabe le Baana, ba tsamaea ’me ba fihla ntlong ea Ish-boshethe+ hoo e ka bang ha letsatsi le se le chesa, ha a sa ntse a itse shoa! har’a mp’a motšehare. 6 Ba kena ka har’a ntlo joaloka banna ba latang koro, joale ba mo hlaba mpeng;+ Rekabe le Baana+ mor’abo ba baleha. 7 Ha ba kena ka tlung, o ne a robetse betheng ea hae ka kamoreng ea hae ea ho robala e ka hare, eaba baa mo hlaba hoo ba ileng ba mo bolaea,+ ka mor’a moo ba mo khaola hlooho+ eaba ba nka hlooho ea hae ’me ba tsamaea tseleng e eang Araba bosiu bohle. 8 Qetellong ba tlisa hlooho ea Ish-boshethe+ ho Davida Hebrone ’me ba re ho morena: “Hlooho ea Ish-boshethe mora oa Saule sera+ sa hao ea neng a batla moea+ oa hao ke ena; empa letsatsing lena Jehova o fa khosi ea ka morena boiphetetso+ ho Saule le bana ba hae.”
9 Leha ho le joalo, Davida a araba Rekabe le Baana mor’abo, bara ba Rimone Mobeerothe, a re ho bona: “Ka Jehova ea phelang,+ ea ileng a lopolla+ moea+ oa ka mahlomoleng+ ’ohle, 10 ha ho ne ho e-na le ea ntlalehelang,+ a re, ‘Bona! Saule o shoele,’ ’me mahlong a hae o bile joaloka ea tlisang litaba tse molemo, leha ho le joalo, ke ile ka mo tšoara ’me ka mo bolaea+ Ziklage ha e ne e le tokelo ea ka hore ke mo fe tefo ea lenģosa; 11 ho joalo hakaakang ha banna ba khopo+ ba bolaile monna ea lokileng ka tlung ea hae betheng ea hae? Na joale ha kea lokela ho batla mali a hae matsohong+ a lōna, ’me na nke ke ka le tlosa lefatšeng?”+ 12 Eaba Davida o laela bahlankana ’me ba ba bolaea+ eaba ba ba khaola matsoho le maoto ’me ba ba fanyeha+ haufi le letamo Hebrone; ba nka hlooho ea Ish-boshethe ba nt’ano e pata sebakeng sa lepato sa Abnere Hebrone.+