1 Likronike
20 Eitse ha selemo se thoasa,+ nakong eo ka eona marena a khorohang,+ Joabe a etella pele lebotho+ le hlaselang ’me a felisa naha ea bara ba Ammone le ho lika-liketsa Raba,+ ha Davida a ntse a lula Jerusalema; Joabe a qala ho hlasela+ Raba ’me a e heletsa. 2 Empa Davida a rōlisa+ Malkame moqhaka, ’me a fumana boima ba oona e le talenta ea khauta, ’me ho ne ho e-na le majoe a bohlokoa ka ho oona; oa roaloa ke Davida. Thepa e hapuoeng ea motse eo a ileng a e ntša e ne e le ngata haholo.+ 3 A ntša batho ba neng ba le ho oona, eaba o ba boloka ba sebetsa+ ho sakheng majoe le lisebelisoeng tse bohale tsa tšepe le lilepeng;+ ke tsela eo Davida a ileng a tsoela pele ho etsa ka eona metseng eohle ea bara ba Ammone. Qetellong Davida le batho bohle ba khutlela Jerusalema.
4 Eitse ka mor’a sena ba qala ho loana le Bafilista+ Gezere.+ Joale Sibekai+ Mohushathe a bolaea Sipai oa ba tsoetsoeng ke Barefaime,+ hoo ba ileng ba hlōloa.
5 Ba boela ba loana le Bafilista; eaba Elkanane+ mora oa Jaire o bolaea Lahmi mor’abo Goliathe+ Mogathe, eo thekō ea lerumo la hae e neng e le joaloka toloki ea ba sebetsang ka foreimi e etsang masela.+
6 Ntoa ea boela ea e-ba teng Gathe,+ ha ho ne ho e-na le monna ea boholo+ bo sa tloaelehang eo menoana ea hae ea matsoho e neng e tšeletse le ea maoto e neng e tšeletse, e le mashome a mabeli a metso e mene;+ le eena, o ne a tsoaletsoe Barefaime.+ 7 A ’na a nyelisa+ Baiseraele. Qetellong Jonathane mora oa Shimea+ mor’abo Davida a mo bolaea.
8 Bana ba ne ba tsoaletsoe Barefaime+ Gathe;+ ba oa+ ka letsoho la Davida le ka matsoho a bahlanka ba hae.