1 Likronike
27 Ha e le bara ba Iseraele ka palo ea bona, lihlooho tsa malapa a habo ntate+ le balaoli+ ba ba likete le ba ba makholo+ le balaoli ba bona ba neng ba sebeletsa+ morena tabeng e ’ngoe le e ’ngoe ea lihlopha tsa ba neng ba kena le ba neng ba tsoa khoeli le khoeli ka likhoeli tsohle tsa selemo, sehlopha ka seng e ne e le ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene.
2 Ea okametseng sehlopha sa pele sa khoeli ea pele e ne e le Jashobeame+ mora oa Zabdiele, ’me sehlopheng sa hae ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene. 3 Ba bang ba bara ba Pereze+ hlooho ea baokameli bohle ba lihlopha tsa tšebeletso e ne e le ba khoeli ea pele. 4 Ea okametseng sehlopha sa khoeli ea bobeli e ne e le Dodai+ Moakoki+ le sehlopha sa hae, ’me Miklothe e ne e le moeta-pele, ’me sehlopheng sa hae ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene. 5 Mookameli oa sehlopha sa boraro sa tšebeletso bakeng sa khoeli ea boraro e ne e le Benaia+ mora oa moprista ea ka sehloohong Jehojada,+ ’me sehlopheng sa hae ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene. 6 Benaia+ enoa e ne e le monna ea matla ho ba mashome a mararo+ ’me a okametse ba mashome a mararo; mora oa hae Amizadabe o ne a okametse sehlopha sa hae. 7 Oa bone bakeng sa khoeli ea bone e ne e le Asahele,+ mor’abo Joabe,+ le mora oa hae Zebadia ka mor’a hae, ’me sehlopheng sa hae ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene. 8 Mookameli oa bohlano bakeng sa khoeli ea bohlano e ne e le Shamehuthe+ Moizrahia, ’me sehlopheng sa hae ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene. 9 Oa botšelela bakeng sa khoeli ea botšelela e ne e le Ira+ mora oa Ikeshe+ Motekooa,+ ’me sehlopheng sa hae ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene. 10 Oa bosupa bakeng sa khoeli ea bosupa e ne e le Heleze+ Mopelone+ oa bara ba Efraime, ’me sehlopheng sa hae ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene. 11 Oa borobeli bakeng sa khoeli ea borobeli e ne e le Sibekai+ Mohushathe oa Bazera,+ ’me sehlopheng sa hae ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene. 12 Oa borobong bakeng sa khoeli ea borobong e ne e le Abi-ezere+ Moanathothe+ oa Babenjamine, ’me sehlopheng sa hae ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene. 13 Oa leshome bakeng sa khoeli ea leshome e ne e le Maharai+ Monetofa oa Bazera,+ ’me sehlopheng sa hae ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene. 14 Oa leshome le motso o mong bakeng sa khoeli ea leshome le motso o mong e ne e le Benaia+ Mopirathone oa bara ba Efraime,+ ’me sehlopheng sa hae ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene. 15 Oa leshome le metso e ’meli bakeng sa khoeli ea leshome le metso e ’meli e ne e le Heldai+ Monetofa, oa Othniele, ’me sehlopheng sa hae ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene.
16 Melokong ea Iseraele,+ oa Barubene, Eliezere mora oa Zikri e ne e le moeta-pele; oa Basimeone, e le Shefatia mora oa Maaka; 17 oa Levi, e le Hashabia mora oa Kemuele; oa Arone, e le Tsadoke;+ 18 oa Juda, e le Elihu,+ e mong oa barab’abo+ Davida; oa Isakare, e le Omri mora oa Mikaele; 19 oa Zabulone, e le Ishmaia mora oa Obadia; oa Nefthali, e le Jerimothe mora oa Azriele; 20 oa bara ba Efraime, e le Hoshea mora oa Azazia; oa halofo ea moloko oa Manase, e le Joele mora oa Pedaia; 21 oa halofo ea moloko oa Manase o Gileade, e le Ido mora oa Zakaria; oa Benjamine, e le Jasiele mora oa Abnere;+ 22 oa Dane, e le Azarele mora oa Jerohame. Bana e ne e le likhosana+ tsa meloko ea Iseraele.
23 Davida ha aa ka a bala ba lilemo li mashome a mabeli le ba ka tlaase, hobane Jehova o ne a tšepisitse ho etsa hore Baiseraele ba ngatafale joaloka linaleli tsa maholimo.+ 24 Joabe+ mora oa Tseruja o ne a qalile ho bala, empa ha aa ka a qeta;+ ka lebaka lena ho ile ha e-ba le khalefo+ khahlanong le Baiseraele, ’me palo eo ha ea ka ea kena tlalehong ea litaba tsa matsatsi a Morena Davida.
25 Ea okametseng matlotlo a morena+ e ne e le Azmavethe mora oa Adiele. Ea okametseng matlotlo a masimong,+ a metseng+ le a metsaneng le a litoreng e ne e le Jonathane mora oa Uzia. 26 Ea okametseng ba sebetsang masimong,+ bakeng sa ho lema mobu, e ne e le Ezri mora oa Kelube. 27 Ea okametseng lirapa tsa morara+ e ne e le Shimei Morama; ea okametseng se neng se le lirapeng tsa morara bakeng sa phepelo ea veine e ne e le Zabdi Moshefame. 28 Ea okametseng meru ea mohloaare le lifate tsa sikamora+ tse neng li le Shefela+ e ne e le Baale-hanane Mogedere; ea okametseng phepelo ea oli+ e ne e le Joashe. 29 Ea okametseng mehlape ea liphoofolo e neng e fula Sharone+ e ne e le Shiterai Mosharone; ea okametseng mehlape likhohlong e ne e le Shafate mora oa Adlai. 30 Ea okametseng likamele+ e ne e le Obile Moishmaele;+ ea okametseng liesele tse tšehali e ne e le Jehdeia Momeronothe. 31 Ea okametseng mehlape e ne e le Jazize Mohagare. Bana bohle e ne e le baokameli ba thepa ea Morena Davida.
32 Jonathane,+ mora oa mor’abo Davida, e ne e le moeletsi, monna ea nang le kutloisiso,+ hape e le mongoli; Jehiele mora oa Hakmoni+ o ne a e-na le bara ba morena.+ 33 Akitofele+ e ne e le moeletsi+ oa morena; Hushai+ Moareke+ e ne e le motsoalle oa morena.+ 34 Ka mor’a Akitofele e ne e le Jehojada mora oa Benaia+ le Abiathare;+ Joabe+ e ne e le molaoli oa lebotho la morena.