2 Likronike
28 Akaze+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema+ ka lilemo tse leshome le metso e tšeletseng, ’me ha aa ka a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova joaloka moholo-holo oa hae Davida.+ 2 Empa a tsamaea litseleng tsa marena a Iseraele,+ ’me a etsa le liemahale tsa bo-Baale+ tse entsoeng ka ho qhibilihisoa.+ 3 A etsa mosi+ oa sehlabelo phuleng ea mora oa Hinome+ ’me a chesa bara+ ba hae mollong, ho ea ka lintho tse manyala+ tsa lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bara ba Iseraele.+ 4 Kamehla o ne a etsa sehlabelo+ le ho etsa mosi oa sehlabelo libakeng tse phahameng+ le holim ’a maralla+ le ka tlas’a sefate sa mofuta o mong le o mong o behang haholo.+
5 Ka lebaka leo Jehova Molimo oa hae a nehelana ka eena letsohong+ la morena oa Syria,+ hoo ba ileng ba mo hlaba ’me ba hapa baholehuoa ba bangata ho eena ’me ba ba tlisa Damaseka.+ Hape ha nehelanoa ka eena letsohong la morena oa Iseraele,+ hoo a ileng a mo bolaea ka polao e khōlō. 6 Ka lebaka leo Peka+ mora oa Remalia+ a bolaea ba likete tse lekholo le mashome a mabeli ka letsatsi le le leng Juda, kaofela e le banna ba sebete, ka lebaka la ho tlohela ha bona Jehova+ Molimo oa baholo-holo ba bona. 7 Ho ekelletsa moo, Zikri, monna ea matla oa Efraime,+ a bolaea Maseia mora oa morena le Azrikame moeta-pele oa ntlo le Elkana ea hlahlamang morena. 8 Ho feta moo, bara ba Iseraele ba isa kholehong bara babo bona ba likete tse makholo a mabeli, basali, bara le barali; ba nka le thepa e hapuoeng e ngata ho bona e le thepa e tlatlapuoeng, ka mor’a moo ba tlisa thepa e hapuoeng Samaria.+
9 Ho ne ho e-na le moprofeta oa Jehova moo eo lebitso la hae e neng e le Odede. Kahoo a tsoela ka pel’a lebotho le neng le tla Samaria ’me a re ho lona: “Bonang! Ke ka lebaka la khalefo+ ea Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna khahlanong le Juda a nehelaneng ka bona matsohong a lōna, hoo le bolaileng har’a bona ka khalefo+ e fihlileng maholimong.+ 10 Joale le nahana ho etsa bara ba Juda le ba Jerusalema bahlanka+ le makhabunyane a lōna. Leha ho le joalo, na lōna ha le molato ho Jehova Molimo oa lōna? 11 Joale ’mameleng ’me le khutlise baholehuoa bao le ba hapileng ho barab’abo lōna,+ etsoe bohale bo tukang ba Jehova bo khahlanong le lōna.”+
12 Eaba banna ba itseng bao e leng lihlooho+ tsa bara ba Efraime,+ Azaria mora oa Johanane, Berekia mora oa Meshilemothe le Jehizekia mora oa Shalume le Amasa mora oa Hadlai, ba tsohela ba tsoang phutuhong ea sesole matla, 13 ’me ba re ho bona: “Le se ke la tlisa baholehuoa mona, kaha ho tla fella ka hore re be molato ho Jehova. Le nahana ho eketsa libe tsa rōna le molato oa rōna, etsoe re na le molato o moholo,+ ’me ho na le bohale+ bo tukelang Iseraele.” 14 Ka lebaka leo banna ba hlometseng+ ba tlohela baholehuoa+ le se tlatlapuoeng ka pel’a likhosana+ le phutheho eohle. 15 Joale banna ba neng ba khethiloe ka mabitso+ ba ema ’me ba tšoara baholehuoa, ’me bohle ba bona ba hlobotseng ba ba apesa se tsoang thepeng e hapuoeng. Kahoo ba ba apesa+ ’me ba ba fa meqathatso le ho ba fepa+ le ho ba fa se nooang+ le ho ba tlotsa ka oli. Ho feta moo, leha e le bafe ba neng ba therekela, ba ba tsamaisa+ ka liesele ’me ba ba tlisa Jeriko,+ motseng oa lifate tsa palema,+ ka thōko ho barab’abo bona. Ka mor’a moo ba khutlela Samaria.+
16 Ka nako eo Morena Akaze+ a romeletsa ho marena a Assyria+ hore a mo thuse. 17 Baedomo+ ba boela ba kena ’me ba qala ho hlasela Juda le ho hapa baholehuoa. 18 Ha e le Bafilista,+ ba futuhela metse ea Shefela+ le Negebe+ ea Juda ’me ba hapa Bethe-shemeshe+ le Ajalone+ le Gederothe+ le Soko+ le metse e itšetlehileng ka eona le Timna+ le metse e itšetlehileng ka eona le Gimzo le metse e itšetlehileng ka eona; ba lula moo. 19 Etsoe Jehova o ile a kokobetsa+ Juda ka lebaka la Akaze morena oa Iseraele, hobane o ile a tlohela ho hloka taolo hore ho hōle Juda,+ ’me ho ne ho bile le ho se tšepahale ho hoholo mabapi le Jehova.
20 Qetellong Tilgathe-pilnesere+ morena oa Assyria a mo futuhela ’me a mo bakela mahlomola,+ ’me ha aa ka a mo matlafatsa. 21 Etsoe Akaze o ile a nka sohle sa ntlo ea Jehova+ le ntlo ea morena+ le ea likhosana+ ’me kahoo a fana ka mpho ho morena oa Assyria;+ empa ha hoa ka ha mo thusa ka letho. 22 Leha ho le joalo, nakong eo a neng a mo bakela mahlomola, o ile a etsa ka ho se tšepahale haholoanyane ho Jehova, ke hore, Morena Akaze a etsa joalo.+ 23 A qala ho etsa sehlabelo bakeng sa melimo+ ea Damaseka+ e neng e mo hlasela, ’me a tsoela pele ho re: “Kahobane melimo ea morena oa Syria ea ba thusa,+ ke tla e etsetsa sehlabelo, e le hore e ka nthusa.”+ Ea fetoha sesosa sa ho etsa hore eena le Baiseraele bohle ba khoptjoe.+ 24 Ho feta moo, Akaze a bokella lisebelisoa+ tsa ntlo ea Molimo oa ’nete ’me a pshatla lisebelisoa tsa ntlo ea Molimo oa ’nete,+ le ho koala mamati+ a ntlo ea Jehova, eaba o iketsetsa lialetare sekhutlong se seng le se seng Jerusalema.+ 25 Metseng eohle, esita le metseng ea Juda, a etsa libaka tse phahameng+ bakeng sa ho etsetsa melimo e meng mosi oa sehlabelo,+ hoo a ileng a siteloa+ Jehova Molimo oa baholo-holo ba hae.
26 Ha e le litaba+ tsa hae tse ling kaofela le litsela tsohle tsa hae, tsa pele le tsa ho qetela, li ngotsoe Bukeng+ ea Marena a Juda le a Iseraele. 27 Qetellong Akaze a robala le baholo-holo ba hae, ’me ba mo pata motseng, Jerusalema, etsoe ha baa ka ba mo tlisa libakeng tsa lepato tsa marena a Iseraele.+ Mora oa hae Ezekiase a qala ho busa sebakeng sa hae.