Nehemia
5 Leha ho le joalo, ho ile ha e-ba le mohoo o moholo+ oa batho le basali ba bona khahlanong le barab’abo bona ba Bajuda.+ 2 Ho ne ho e-na le ba reng: “Re fana ka bara ba rōna le barali ba rōna hore e be tebeletso e le hore re ka fumana lijo-thollo re je ’me re tsoele pele re phela.”+ 3 Ho ne ho e-na le ba reng: “Re fana ka masimo a rōna le lirapa tsa rōna tsa morara le matlo a rōna hore e be tebeletso+ e le hore re ka fumana lijo-thollo nakong ea khaello ea lijo.” 4 Ho ne ho e-na le ba reng: “Re alimile chelete bakeng sa sethabathaba sa morena+ masimong a rōna le lirapeng tsa rōna tsa morara.+ 5 Joale nama ea rōna e tšoana le nama ea barab’abo rōna;+ bara ba rōna ba tšoana le bara ba bona, empa bonang! re etsa bara le barali ba rōna makhoba,+ ’me ho na le ba bang ba barali ba rōna ba seng ba ntse ba entsoe ’ona; ha ho na matla matsohong a rōna ha masimo a rōna le lirapa tsa rōna tsa morara e ntse e le tsa ba bang.”
6 Joale ka halefa haholo hang ha ke utloa mohoo oa bona le mantsoe ana. 7 Kahoo pelo ea ka ea nahana ka hare ho ’na, ’me ka qala ho fumana molato+ ho bahlomphehi le batlatsi ba ’musi, eaba ke tsoela pele ho re ho bona: “Le batla tsoala,+ e mong le e mong ho mor’abo.”
Ho ekelletsa moo, ka lokisetsa seboka se seholo ka lebaka la bona.+ 8 Ka re ho bona: “Re rekolotse+ barab’abo rōna ba Bajuda ba neng ba rekisitsoe lichabeng, ho fihlela moo ho neng ho le matleng a rōna; ka nako e tšoanang na le tla rekisa barab’abo lōna,+ ’me na ba tla rekisoa ho rōna?” Eaba ba hloka puo, ’me ba felloa ke mantsoe.+ 9 Ka tsoela pele ho re: “Ntho eo le e etsang ha e ntle.+ Na ha lea lokela ho tsamaea tšabong+ ea Molimo oa rōna+ ka lebaka la nyeliso+ ea lichaba, lira tsa rōna?+ 10 ’Na le barab’eso le bahlanka ba ka re fana ka chelete le lijo-thollo e le kalimo har’a bona. Ka kōpo, a re tloheleng ho alimana ka phaello hona.+ 11 Ka kōpo, le busetse ho bona letsatsing lena masimo a bona,+ lirapa tsa bona tsa morara, meru ea bona ea mehloaare le matlo a bona, le karolo ea lekholo ea chelete le lijo-thollo, veine e ncha le oli eo le e batlang e le phaello ho bona.”
12 Eaba ba re: “Re tla etsa puseletso,+ ’me re ke ke ra batla letho ho bona.+ Re tla etsa hantle feela joalokaha u bolela.”+ Kahoo ka bitsa baprista ’me ka ba hlapantša ho etsa ho ea ka lentsoe lena.+ 13 Hape, ka hlohlora sefuba sa seaparo sa ka ka ntan’o re: “Ka mokhoa ona e se eka Molimo oa ’nete a ka hlohlora ntlong ea hae le thepeng eo a iphumanetseng eona motho e mong le e mong ea sa phetheng lentsoe lena; ’me ka mokhoa ona e se eka a ka hlohloreha ’me a hloka letho.” Eaba phutheho eohle e re: “Amen!”+ Ba qala ho rorisa Jehova.+ Batho ba etsa ho ea ka lentsoe lena.+
14 Ntho e ’ngoe: Ho tloha letsatsing leo ka lona a mpehileng hore ke be ’musisi oa bona+ naheng ea Juda, ho tloha selemong sa mashome a mabeli+ ho ea selemong sa mashome a mararo a metso e ’meli+ sa Morena Artaxerxerse,+ lilemo tse leshome le metso e ’meli, ’na le barab’eso ha rea ka ra ja bohobe bo loketseng ’musisi.+ 15 Ha e le babusisi ba pele ba bileng teng pele ho ’na, ba ne ba imelitse batho, ’me ba ne ba ntse ba nka lishekele tse mashome a mane tsa silevera ho bona bakeng sa bohobe le veine letsatsi le leng le le leng. Hape, bahlanka ba bona ba ile ba hatella batho.+ Ha e le ’na, ha kea ka ka etsa ka tsela eo+ ka lebaka la ho tšaba Molimo.+
16 Ho feta moo, ke ile ka kopanela mosebetsing oa lerako lena,+ ’me ha rea ka ra fumana tšimo;+ bahlanka bohle ba ka ba ile ba phuthehela moo bakeng sa mosebetsi. 17 Bajuda le batlatsi ba ’musi, banna ba lekholo le mashome a mahlano, le ba tlang ho rōna ba tsoa lichabeng tse neng li re potolohile ba ne ba le tafoleng ea ka.+ 18 Ha e le se neng se lokisitsoe letsatsi le leng le le leng, poho e le ’ngoe, linku tse tšeletseng tse khethiloeng le linonyana li ile tsa lokisoa bakeng sa ka, le veine+ ea mofuta o mong le o mong ka bongata hanngoe ka matsatsi a mang le a mang a leshome. Hammoho le sena ha kea ka ka batla bohobe bo loketseng ’musisi, hobane tšebeletso e holim ’a batho bana e ne e le boima. 19 Molimo oa ka, u nkhopolele+ bakeng sa se molemo,+ sohle seo ke se entseng molemong oa batho bana.+