Jobo
3 Ke ka mor’a sena Jobo a ileng a ahlamisa molomo ’me a qala ho rohaka letsatsi la hae.+ 2 Joale Jobo a araba ’me a re:
3 “Letsatsi leo ke ileng ka tsoaloa+ ka lona le ke le timele,
Le bosiu boo ka bona e mong a ileng a re, ‘Ho emotsoe monna ea shahlileng!’
4 Ha e le letsatsi leo, e ke e be lefifi.
Molimo a se ke a le batla a le holimo,
Kapa khanya e se ke ea le khantšetsa.
5 Botšo le moriti o lefifi li le nke.
Leru la pula le lule holim ’a lona.
Lintho tse fifatsang letsatsi li ke li le tšose.+
6 Bosiu boo—bo ke bo nkoe ke botšo;+
Bo se ke ba ikutloa bo nyakaletse har’a matsatsi a selemo;
Bo se ke ba kena palong ea likhoeli.
9 Linaleli tsa meso ea bona li ke li fifale;
Bo ke bo letele leseli ’me le se ke la e-ba teng;
Bo se ke ba bona mahlaseli a mafube.
11 Ke hobane’ng ha ke sa ka ka shoa ha ke tsoa ka pōpelong?+
Ke hobane’ng ha ke sa ka ka tsoa ka pōpelong ebe kea shoa?
12 Ke hobane’ng ha mangole a ile a nkamohela,
Ke hobane’ng ha matsoele+ a ile a nkamohela e le hore nka anya?
13 Etsoe joale nka be ke robetse e le hore ke se ke ka khathatsoa;+
Nka be ke robetse nakong eo; nka be ke phomotse+
14 Hammoho le marena le baeletsi ba lefatše,+
Ba ikahelang masupi,+
15 Kapa hammoho le likhosana tse nang le khauta,
Tse tlatsang matlo a tsona ka silevera;
16 Kapa, joaloka mpa e senyehileng+ e patehileng, nka be ke sa ka ka ba teng,
Joaloka bana ba sa kang ba bona leseli.+
18 Batšoaruoa ba lutse hammoho ka boiketlo;
Ha e le hantle ha ba utloe lentsoe la ea ba qobellang ho sebetsa.+
21 Ke hobane’ng ha ho e-na le ba letetseng lefu, ’me le le sieo,+
Le hoja ba ntse ba le cheka ho feta ha ba cheka matlotlo a patiloeng?
22 Ba thabang ka nyakallo e fetisisang,
Ba thaba kahobane ba fumana sebaka sa lepato.
23 [Ke hobane’ng ha a fa] monna ea shahlileng [leseli], eo tsela ea hae e patehileng,+
Le eo Molimo a mo etsetsang lekhoakhoa?+
24 Etsoe ho feheloa ha ka ho tla pele ho lijo tsa ka,+
Sello sa ho lumaela ha ka se tšoloha joaloka metsi;+
25 Kahobane ke tšabile ntho e tšabehang, ’me e nkoela holimo;
Seo ke se tšohileng se tla ho ’na.+
26 Ha kea lula ke se na matšoenyeho, kapa hona hore ke lutse ke sa khathatsoe,
Hape ha kea phomola, leha ho le joalo pherekano ea tla.”