Lipesaleme
Ea Davida.
28 Ke ntse ke hoeletsa ho uena, Jehova.+
Uena Lefika la ka, u se ke ua nthibela litsebe,+
E le hore u se ke ua khutsa malebana le ’na+
Ke se ke ka ba joaloka ba theohelang sekoting.+
2 Utloa lentsoe la likōpo tsa ka tse tiileng ha ke hoeletsa ho kōpa thuso ho uena,
Ha ke phahamisetsa matsoho a ka kamoreng e ka hare-hare ea sebaka sa hao se halalelang.+
3 U se ke ua nkhoholella hammoho le batho ba khopo le ba tloaetseng ho etsa se kotsi,+
Ba buang khotso le metsoalle+ ea bona empa ka lipelong tsa bona e le se sebe.+
4 Ba fe ho ea ka liketso tsa bona+
Le ho ea ka bobe ba liketso tsa bona.+
U ba fe ho ea ka mosebetsi oa matsoho a bona.+
U ba buseletse liketso tsa bona.+
5 Etsoe ha ba ele mesebetsi ea Jehova hloko,+
Kapa mosebetsi oa matsoho a hae.+
O tla ba qhaqha ’me a se ke a ba haha.
6 Ho bokoe Jehova, kaha o utloile lentsoe la likōpo tsa ka tse tiileng.+