Pina ea thoriso ea Davida ha a ne a baleha ka lebaka la mora oa hae Absalome.+
3 Jehova, ke hobane’ng ha bahanyetsi ba ka ba ngatafetse?+
Ke hobane’ng ha ba bangata ba ntsohela matla?+
2 Ba bangata ba re ka moea oa ka:
“Ha ho poloko e tsoang ho Molimo bakeng sa hae.”+ Selah.
3 Leha ho le joalo, Jehova, u thebe e mpotolohileng,+
U khanya+ ea ka le Ea phahamisang hlooho ea ka.+
4 Ke tla hoeletsa ho Jehova ka lentsoe la ka,
O tla nkaraba a le thabeng ea hae e halalelang.+ Selah.
5 Ha e le ’na, ke tla sekama e le hore nka robala;
Ka sebele ke tla tsoha, etsoe Jehova o ntse a ntšehetsa.+
6 Nke ke ka tšaba batho ba likete tse leshome
Ba nketselitseng thekō ka hohle.+
7 Tsoha,+ Jehova! U mpholose,+ Molimo oa ka!+
Etsoe u tla lokela ho otla lira tsohle tsa ka mohlahareng.+
U tla lokela ho roba meno a ba khopo.+
8 Poloko ke ea Jehova.+
Tlhohonolofatso ea hao e holim’a batho ba hao.+ Selah.