Lipesaleme
Ho motsamaisi. Ea bara ba Kora.+ Maskile.
44 Molimo, re utloile ka litsebe tsa rōna,
Baholo-holo ba rōna ba re phetetse+
Mosebetsi oo u ileng ua o etsa matsatsing a bona,+
Matsatsing a khale.+
2 U ile ua leleka lichaba ka letsoho la hao,+
Ho e-na le tsona ua hloma bona.+
Ua felisa lihlopha tsa lichaba le ho li leleka.+
3 Etsoe ha baa ka ba rua naha ka lisabole tsa bona,+
Matsoho a bona hase ’ona a ileng a ba tlisetsa poloko.+
Etsoe ke letsoho la hao le letona le seatla+ sa hao le leseli la sefahleho sa hao,
Kahobane u ile ua khahlisoa ke bona.+
5 Ka uena re tla sututsa bahanyetsi ba rōna;+
Ka lebitso la hao re tla hatakela ba re tsohelang matla.+
8 Re tla fana ka thoriso ho Molimo letsatsi lohle,+
Re tla roka lebitso la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Selah.
13 U re beha joaloka nyeliso ho baahelani ba rōna,+
Litšeho le sesomo ho ba re pota-potileng ka hohle.+
14 U re beha joaloka polelo ea maele har’a lichaba,+
Joaloka ntho e sisinyetsoang hlooho har’a lihlopha tsa lichaba.+
15 Letsatsi lohle ho kokobetsoa ha ka ho ka pel’a ka,
Lihlong tsa sefahleho sa ka li nkoahetse,+
16 Ka lebaka la lentsoe la ea nyelisang le ea nyefolang,
Ka lebaka la sera le ea iphetetsang.+
17 Sena sohle ke se re oetseng holimo, ’me ha rea u lebala,+
Ha rea etsa ka bolotsana selekaneng sa hao.+
18 Lipelo tsa rōna ha lia reteleha ka ho hloka tumelo,+
Leha e le hore mehato ea rōna e kheloha tseleng ea hao.+
20 Haeba re lebetse lebitso la Molimo oa rōna,
Kapa re otlolletse liatla tsa rōna ho molimo osele,+
21 Na Molimo a ke ke a batlisisa see?+
Etsoe o hlokomela liphiri tsa pelo.+
23 Tsoha. Ke hobane’ng ha u ntse u robetse, Jehova?+
Falimeha. U se ke ua tsoela pele u re lahla ka ho sa feleng.+