Lipesaleme
Mabapi le Solomone.
2 E se eka a ka buella nyeoe ea batho ba hao ka ho loka+
Le ea batho ba hao ba hlorileng ka qeto ea boahloli.+
5 Ba tla u tšaba hafeela ho ntse ho e-na le letsatsi,+
Le ka pel’a khoeli ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
6 O tla theohela holim’a joang bo kutiloeng joaloka pula,+
Joaloka lipula tsa melupe tse kolobisang lefatše.+
7 Matsatsing a hae ea lokileng o tla atleha,+
Khotso e tla ba ngata ho fihlela khoeli e se e le sieo.+
10 Marena a Tarshishe le a lihlekehleke+—
A tla ntša sethabathaba.+
Marena a Sheba le a Seba—
A tla hlahisa mpho.+
12 Etsoe o tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso,+
Le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi.+
15 A ke a phele,+ ’me a fuoe khauta e ’ngoe ea Sheba.+
A etsetsoe thapelo kamehla;
A bokoe letsatsi lohle.+
16 Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng;+
Ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.+
Litholoana tsa hae li tla ba joaloka Lebanone,+
Ba tsoang motseng ba tla thunya joaloka limela tsa naha.+
17 Lebitso la hae le ke le be teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
Lebitso la hae le be leholo ka pel’a letsatsi,
Ba ke ba itlhohonolofatse ka eena;+
Lichaba tsohle li ke li phatlalatse hore o thabile.+
19 Ho bokoe lebitso la hae le khanyang ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Khanya ea hae e tlale lefatšeng lohle.+
Amen le Amen.
20 Lithapelo tsa Davida, mora oa Jese,+ li fihlile sephethong.