Exoda
18 Joale Jethro moprista oa Midiane, mohoe+ oa Moshe, a utloa ka sohle seo Molimo a se etselitseng Moshe le sechaba sa hae sa Iseraele, kamoo Jehova a ntšitseng Baiseraele kateng Egepeta.+ 2 Kahoo Jethro, mohoe oa Moshe, a nka Zipora, mosali oa Moshe, ka mor’a hore a tsamaisoe, 3 le bara ba hae ba babeli,+ bao lebitso la e mong oa bona e neng e le Gershome,+ “hobane,” o ile a re, “ke fetohile mojaki naheng esele”; 4 ’me lebitso la e mong e le Eliezere,+ “hobane,” ho qotsa mantsoe a hae, “Molimo oa Ntate ke mothusi oa ka hobane o ntopolotse saboleng ea Faro.”+
5 Kahoo Jethro, mohoe oa Moshe, le bara ba hae le mosali oa hae ba tla ho Moshe lefeelleng moo a neng a hlomile liahelo teng, thabeng ea Molimo oa ’nete.+ 6 Joale a romela molaetsa ho Moshe: “’Na, mohoe oa hao, Jethro,+ ke tlile ho uena, le mosali oa hao hammoho le bara ba hae ba babeli.” 7 Hang-hang Moshe a tsoa ho ea khahlanyetsa mohoe oa hae, ’me a itihela fatše ka sefahleho a mo aka;+ eaba ba qala ho botsana bophelo. Ka mor’a moo ba kena ka tenteng.
8 Moshe a qala ho phetela mohoe oa hae sohle seo Jehova a se entseng ho Faro le Egepeta ka lebaka la Baiseraele,+ le litsietsi tsohle tse ba hlahetseng tseleng,+ le hore leha ho le joalo Jehova o ile a ba lopolla.+ 9 Joale Jethro a ikutloa a nyakaletse ka molemo oohle oo Jehova a o etselitseng Baiseraele ka hore a ba lopolle letsohong la Egepeta.+ 10 Ka lebaka leo Jethro a re: “Ho bokoe Jehova, ea le lopolotseng letsohong la Egepeta le letsohong la Faro, le ea lopolotseng sechaba letsohong la Egepeta.+ 11 Joale ke fela ke tseba hore Jehova o moholo ho feta melimo+ e meng eohle ka lebaka la taba ena eo ka eona ba ileng ba iketelletsa pele khahlanong le bona.” 12 Joale Jethro, mohoe oa Moshe, a nka nyehelo ea secheso le mahlabelo bakeng sa Molimo;+ Arone le banna bohle ba baholo ba Iseraele ba ja bohobe le mohoe oa Moshe, ka pel’a Molimo oa ’nete.+
13 Ka letsatsi le hlahlamang Moshe a lula fatše ho ba moahloli oa sechaba joalokaha e le tloaelo,+ ’me sechaba sa ’na sa ema ka pel’a Moshe ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea. 14 Mohoe oa Moshe a bona sohle seo a se etsetsang sechaba. Kahoo a re: “U etsetsa sechaba mosebetsi oa mofuta ofe? Ke hobane’ng ha e le uena feela ea ntseng a lutse ’me sechaba sohle se ntse se eme ka pel’a hao ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea?” 15 Joale Moshe a re ho mohoe oa hae: “Hobane sechaba se ntse se tla ho ’na ho botsa Molimo.+ 16 Haeba se e-na le nyeoe,+ e tla tla ho ’na ’me ke tla ahlola pakeng tsa bona, ke tsebahatse liqeto tsa Molimo oa ’nete le melao ea hae.”+
17 Mohoe oa Moshe a re ho eena: “Tsela eo u etsang ka eona ha e ntle. 18 Ruri u tla khathala, uena le sechaba sena se nang le uena, hobane mosebetsi ona ke mojaro o moholo haholo bakeng sa hao.+ U ke ke ua khona ho o etsa u le mong.+ 19 Joale mamela lentsoe la ka.+ Ke tla u eletsa, ’me Molimo o tla ba le uena.+ U be moemeli oa sechaba ka pel’a Molimo oa ’nete,+ ’me u tlise linyeoe ka pel’a Molimo oa ’nete.+ 20 U se lemose melao ea tsamaiso le melao,+ ’me u se tsebise tsela eo se lokelang ho tsamaea ka eona le mosebetsi oo se lokelang ho o etsa.+ 21 Empa u lokela ho khetha har’a sechaba sohle banna ba nang le bokhoni,+ ba tšabang Molimo,+ banna ba tšepahalang,+ ba hloileng phaello e sa lokang;+ ’me u ba behe hore ba se okamele e le balaoli ba ba likete,+ balaoli ba ba mashome a mahlano le balaoli ba ba mashome.+ 22 Ba ahlole sechaba ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe e loketseng; ’me nyeoe e ’ngoe le e ’ngoe e khōlō ba e tlise ho uena,+ empa nyeoe e ’ngoe le e ’ngoe e nyenyane ba e sebetse e le baahloli. Kahoo ipebofaletse, ’me ba jare mojaro le uena.+ 23 Haeba u etsa ntho ena, ’me Molimo a u laetse, joale ka sebele u tla khona ho e mamella ’me, ntle ho moo, sechaba sena sohle se tla fihla libakeng tsa sona ka khotso.”+
24 Kapele-pele Moshe a mamela lentsoe la mohoe oa hae ’me a etsa sohle seo a se buileng.+ 25 Moshe a qala ho khetha banna ba nang le bokhoni har’a Baiseraele bohle ’me a ba fa maemo hore e be lihlooho tsa sechaba,+ e be balaoli ba ba likete, balaoli ba ba makholo, balaoli ba ba mashome a mahlano le balaoli ba ba mashome. 26 Ba ahlola sechaba ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe e loketseng. Ba ne ba tlisa nyeoe e boima ho Moshe,+ empa nyeoe e ’ngoe le e ’ngoe e nyenyane ba ne ba e sebetsa e le baahloli. 27 Ka mor’a moo Moshe a felehetsa mohoe oa hae,+ ’me a tsamaea ho ea naheng ea habo.