Liproverbia
30 Mantsoe a Agure mora oa Jake, molaetsa o matla.+ Se boleloang ke monna ea shahlileng ho Ithiele, ho Ithiele le Ukale.
2 Etsoe ’na ke ea sa nahaneng ho feta leha e le mang e mong,+ ’me ha ke na kutloisiso ea moloko oa batho;+ 3 ha kea ithuta bohlale;+ ’me ha ke tsebe tsebo ea Ea Halalelang ka ho Fetisisa.+
4 Ke mang ea nyolohetseng leholimong e le hore a ka theoha?+ Ke mang ea bokeletseng moea+ liatleng tse peli? Ke mang ea phuthetseng metsi seaparong sa ka holimo?+ Ke mang ea emisitseng lipheletso tsohle tsa lefatše?+ Lebitso+ la hae ke mang ’me lebitso la mora oa hae ke mang, haeba u tseba?+
5 Polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea Molimo e hloekile.+ Ke thebe ho ba tšabelang ho eena.+ 6 U se ke ua eketsa letho mantsoeng a hae,+ e le hore a se ke a u khalemela, le hore u se ke ua pakoa u le leshano.+
7 Ke kōpile lintho tse peli ho uena.+ U se ke ua nkhanela ka tsona pele ke shoa.+ 8 U suthisetse hōle le ’na ho se be le ’nete le lentsoe la leshano.+ U se ke ua mpha bofutsana kapa maruo.+ E-re ke je lijo tseo ke li behetsoeng,+ 9 e le hore ke se ke ka khora eaba kea u latola+ ’me ke re: “Jehova ke mang?”+ le hore ke se ke ka futsaneha eaba kea utsoa ’me ke rohaka lebitso la Molimo oa ka.+
10 U se ke ua etselletsa mohlanka ho mong’a hae,+ e le hore a se ke a u rohaka, le hore u se ke ua nkoa u le molato.+
11 Ho na le moloko o rohakang ntat’a oona le o sa hlohonolofatseng ’m ’a oona.+
12 Ho na le moloko o iponang+ o hloekile empa o sa hlatsuoa mantle a oona.+
13 Ho na le moloko oo mahlo a oona e leng a phahameng hakaakang! le oo mahlo a oona a khanyang a phahameng.+
14 Ho na le moloko oo meno a oona e leng lisabole le oo masapo a oona a mohlahare e leng lithipa tse selakhang,+ ho ja ba hlorileng lefatšeng le ba futsanehileng har’a moloko oa batho.+
15 Likoili li na le barali ba babeli ba hoeletsang: “Fanang! Fanang!” Ho na le lintho tse tharo tse sa khotsofaleng, tse ’nè tse sa kang tsa re: “Ho lekane!” 16 Sheole+ le pōpelo e thibiloeng,+ naha e sa khotsofalang ke metsi,+ le mollo+ o sa kang oa re: “Ho lekane!”+
17 Leihlo le fetolang ntat’a lona litšeho le le nyelisang ho mamela ’m ’a lona+—makhoaba a phula ea molapo o phoroselang a tla le honya ’me malinyane a matona a ntsu a tla le ja.
18 Ho na le lintho tse tharo tse hlollang haholo ho ’na, le tse ’nè tseo ke sa li tsebeng: 19 tsela ea ntsu maholimong, tsela ea noha lefikeng, tsela ea sekepe bohareng ba leoatle+ le tsela ea monna ea shahlileng ho moroetsana.+
20 Tsela ea mosali ea febang ke ena: o jele ’me o itlhakotse molomo eaba o re: “Ha kea etsa phoso.”+
21 Lefatše le tsukutlehile tlas’a lintho tse tharo, ’me ha le khone ho mamella tlas’a tse ’nè: 22 tlas’a lekhoba ha le busa e le morena,+ le motho ea se nang kelello ha a e-na le lijo tse lekaneng;+ 23 tlas’a mosali ea hloiloeng ha a ruuoa joaloka mosali,+ le lekhabunyane ha le leleka mong’a lona oa mosali.+
24 Ho na le lintho tse ’nè tse nyenyane ka ho fetisisa lefatšeng, empa li bohlale ka tlhaho:+ 25 bohloa ke batho ba seng matla,+ leha ho le joalo bo lokisa lijo tsa bona lehlabula;+ 26 lipela+ ke batho ba seng matla, leha ho le joalo li haha matlo a tsona holim ’a lefika;+ 27 litsie+ ha li na morena, leha ho le joalo li tsamaea kaofela li arotsoe ka lihlopha;+ 28 checheiki+ e itšoarella ka matsoho a eona ’me e ka tlung e khōlō ea ’muso ea morena.
29 Ho na le tse tharo tse ipabolang ho tsamaeeng ha tsona, le tse ’nè tse ipabolang motsamaong oa tsona: 30 tau, e matla ka ho fetisisa har’a liphoofolo le e sa khutleng ka pel’a mang kapa mang;+ 31 lekesi kapa phooko, le morena oa sehlopha sa masole a sechaba sa hae.+
32 Haeba u sebelitse ka mokhoa o se nang kelello ka ho iphahamisa,+ ’me haeba u tsepamisitse monahano oa hao ho seo, u behe letsoho molomong.+ 33 Etsoe ho fehla lebese ke hona ho hlahisang sereleli, le ho pepeta nko ke hona ho hlahisang mali, ’me ho pepeta bohale ke hona ho hlahisang ho qabana.+