Moeklesia
6 Ho na le tlokotsi eo ke e boneng tlas’a letsatsi, ’me e etsahala khafetsa har’a moloko oa batho: 2 motho eo Molimo oa ’nete a mo fang maruo le matlotlo a lintho tse bonahalang le khanya+ le eo, bakeng sa moea oa hae, a sa hlokeng letho leo a le labalabelang,+ leha ho le joalo Molimo oa ’nete a sa mo nolofalletse hore a je ho eona,+ le hoja osele+ feela a ka e ja. Sena ke lefeela ’me ke boloetse bo bobe. 3 Haeba motho e ka ba ntate ka makhetlo a lekholo,+ ’me a ka phela lilemo tse ngata, hoo matsatsi a lilemo tsa hae a ka bang mangata,+ empa leha ho le joalo moea oa hae o sa khotsofalla lintho tse molemo+ ’me a bile a sa bona lebitla,+ ka sebele ke tla re ngoana ea hlahileng a khathetse o molemo ho mo feta.+ 4 Etsoe ke ha lefeela enoa a tlileng ’me o tsamaea ka lefifi, ’me lebitso la hae le tla koaheloa ka lefifi.+ 5 Esita le letsatsi ha aa le bona, leha e le ho le tseba.+ Enoa o ba le phomolo ho mo feta.+ 6 Esita leha ho ka thoe o phetse lilemo tse sekete ka makhetlo a mabeli leha ho le joalo a sa bona se molemo,+ na hase sebakeng se le seng feela moo e mong le e mong a eang teng?+
7 Mosebetsi oohle o boima oa moloko oa batho ke bakeng sa melomo ea bona,+ empa esita le moea oa bona ha o khotsofale. 8 Etsoe ea bohlale o na le molemo ofe ho ea hlokang kelello?+ Ea hlorileng o na le eng ho tsebeng kamoo a lokelang ho tsamaea ka pel’a ba phelang? 9 Ho bona ka mahlo ho molemo ho feta ho tsamaea ha moea.+ Sena le sona ke lefeela le ho lelekisa moea.+
10 Eng kapa eng e leng teng, lebitso la eona le se le ntse le phatlalalitsoe, ’me ho tsebahetse hore na motho ke’ng;+ hape ha a khone ho buella nyeoe ea hae ho ea matla ho mo feta.+
11 Kahobane ho na le lintho tse ngata tse bakang lefeela le leholo,+ motho o na le molemo ofe? 12 Etsoe ke mang ea tsebang hore na ke molemo ofe oo motho a bang le oona bophelong+ ka palo ea matsatsi a bophelo ba hae ba lefeela, ha a a sebelisa joaloka seriti?+ Etsoe ke mang ea ka bolellang motho se tla etsahala ka mor’a hae tlas’a letsatsi?+