Sefela sa Lifela
6 “Moratuoa oa hao o ile hokae, Uena e motle ka ho fetisisa har’a basali?+ Moratuoa oa hao o khelohetse hokae, e le hore re ka mo batla le uena?”
2 “Moratuoa oa ka o theohetse serapeng sa hae,+ serapeng sa limela tsa linōko,+ ho lisa+ har’a lirapa, le ho kha likhahla. 3 ’Na ke oa moratuoa oa ka, ’me moratuoa oa ka ke oa ka.+ O lisa+ har’a likhahla.”
4 “U motle, Uena kharebe ea ka,+ joaloka Motse o Khahlehang,+ u khahleha joaloka Jerusalema,+ u susumetsa tšabo joaloka makhotla+ a khobokaneng ho potoloha lifolakha.+ 5 Tlosa mahlo a hao+ ka pel’a ka, hobane a mpherekantse. Moriri oa hao o joaloka mohlape oa lipōli tse theohileng li tlōla ho tsoa Gileade.+ 6 Meno a hao a joaloka mohlape oa linku tse tšehali tse tsoa hlatsuoa, tseo kaofela ha tsona li tsoalang mafahla, ho se le e ’ngoe har’a tsona e shoetsoeng ke likonyana.+ 7 Litlhafunelo tsa hao ka mor’a lesira la hao li joaloka karolo ea kharenate.+ 8 Ho ka ’na ha e-ba le mafumahali a mashome a tšeletseng le lirethe tse mashome a robeli le baroetsana ba se nang palo.+ 9 O mong eo e leng leeba la ka,+ mohloka-koli oa ka.+ O mong eo e leng oa ’m ’ae. Ke ea hloekileng oa ea mo belehang. Barali ba mo bone, ’me ba phatlalatsa hore o thabile; mafumahali le lirethe li mo bone, ’me tsa mo rorisa,+ 10 ‘Ngoanana enoa ke mang+ ea talimang tlaase joaloka mafube,+ e motle joaloka khoeli e tolokileng,+ ea hloekileng joaloka letsatsi le khanyang,+ ea susumetsang tšabo joaloka makhotla a khobokaneng ho potoloha lifolakha?’”+
11 “Ke ne ke theohetse serapeng+ sa lifate tsa linate, ho bona lithunthung phuleng ea molapo o phoroselang,+ ho bona hore na sefate sa morara se ne se hlōmetse, hore na lifate tsa likharenate li ne li thuntse.+ 12 Pele ke hlokomela, moea oa ka o ne o mpehile likoloing tsa batho ba heso ba nang le boikutlo bo botle.”
13 “Khutla, khutla, Uena Moshulame! Khutla, khutla, e le hore re ka u bona!”+
“Le bona eng ho Moshulame?”+
“Ho hong ho joaloka motjeko oa liahelo tse peli!”