Sefela sa Lifela
8 “Hoja u ne u le joaloka khaitseli ea ka,+ ea anyang matsoele a ’Mè!+ Ha ke ne nka u fumana ka ntle, ke ne ke tla u aka.+ Batho ba ne ba ke ke ba ’nyelisa. 2 Ke ne ke tla u etella pele, ke ne ke tla u tlisa ka tlung ea ’Mè,+ ea neng a nthuta. Ke ne ke tla u fa veine e nōkiloeng+ ka linōko hore u e noe, lero le lecha la likharenate. 3 Letsoho la hae le letšehali le ne le tla ba tlas’a hlooho ea ka; ’me letsoho la hae le letona—le ne le tla nkopa.+
4 “Lōna barali ba Jerusalema, ke le hlapantšitse hore le se ke la leka ho tsosa kapa ho susumetsa lerato ka ho ’na ho fihlela lona le batla.”+
5 “Ngoanana enoa ke mang+ ea nyolohang lefeelleng,+ ea itšetlehileng ka moratuoa oa hae?”+
“Ke ile ka u tsosa tlas’a sefate sa liapole. ’M’ao o ne a le moo a le bohlokong ba pelehi ka lebaka la hao. Ea u belehileng o ile a ba le bohloko ba pelehi moo.+
6 “Mpehe joaloka tiiso pelong ea hao,+ joaloka tiiso letsohong la hao; hobane lerato le matla joaloka lefu,+ ho tsitlella boinehelo bo khethehileng+ ha ho inehele joaloka Sheole. Mocheso oa lona ke mocheso oa mollo, lelakabe la Jah.+ 7 Metsi a mangata ha a khone ho tima lerato,+ leha e le hore linōka li ka le hohola.+ Haeba motho a ne a tla fana ka lintho tsohle tsa bohlokoa tsa ntlo ea hae bakeng sa lerato, ruri batho ba ne ba tla li nyelisa.”
8 “Re na le khaitseli e nyenyane+ e se nang matsoele ho hang. Re tla etsetsa khaitseli ea rōna eng letsatsing leo e tla kōpuoa ka lona?”
9 “Haeba e ka ba lerako,+ re tla haha holim ’a hae tora ea silevera; empa haeba e ka ba monyako,+ re tla mo thiba ka lepolanka la kedare.”
10 “’Na ke lerako, ’me matsoele a ka a joaloka litora.+ Ka lebaka lena mahlong a hae ke fetohile ea joaloka ea fumanang khotso.
11 “Solomone o ne a e-na le serapa sa morara+ Baale-hamone. O ile a fana ka serapa seo sa morara ho bahlokomeli.+ E mong le e mong o ne a tla tlisa likotoana tsa silevera tse sekete bakeng sa litholoana tsa eona.
12 “Serapa sa ka sa morara, seo e leng sa ka, se taolong ea ka. Sekete ke sa hao, Uena Solomone, ’me makholo a mabeli ke a ba hlokomelang litholoana tsa sona.”
13 “Lōna ba lulang lirapeng,+ balekane ba ela lentsoe la lōna hloko. E-reng ke le utloe.”+
14 “Baleha, moratuoa oa ka, ’me u iketse joaloka tšephe kapa joaloka namane ea likhama tse tona holim ’a lithaba tsa linōko.”+