Jeremia
27 Tšimolohong ea ’muso oa Jojakime mora oa Josiase,+ morena oa Juda, lentsoe lena la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova, le re: 2 “Sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona, ‘Iketsetse marapo le lijoko,+ ’me u li behe molaleng.+ 3 U li romele ho morena oa Edomo+ le ho morena oa Moabe+ le ho morena oa bara ba Ammone+ le ho morena oa Tyre+ le ho morena oa Sidone+ ka matsoho a manģosa a tlang Jerusalema ho Tsedekia morena oa Juda. 4 U a fe taelo e eang ho beng ba ’ona, e reng:
“‘“Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele,+ a se boletseng; sena ke seo le lokelang ho se bolella beng ba lōna, 5 ‘Ke entse lefatše,+ moloko oa batho+ le liphoofolo+ tse holim ’a lefatše ka matla a ka a maholo+ le ka letsoho la ka le otlolohileng;+ ’me ke li file ea lokileng mahlong a ka.+ 6 Joale ke fane ka linaha tsena tsohle letsohong la Nebukadnezare morena oa Babylona,+ mohlanka oa ka;+ ke mo file esita le libata tsa naha hore li mo sebeletse.+ 7 Lichaba tsohle li tla sebeletsa eena+ le mora oa hae le setloholo sa hae ho fihlela ho fihla nako ea naha ea hae,+ ’me lichaba tse ngata le marena a mangata a tla mo hanyapetsa joaloka mohlanka.’+
8 “‘“‘Sechaba le ’muso o ke keng oa mo sebeletsa, Nebukadnezare morena oa Babylona; le se ke keng sa beha molala oa sona tlas’a joko ea morena oa Babylona, ke tla lebisa tlhokomelo ea ka ho sechaba seo ka sabole+ le ka tlala+ le ka lefu la seoa,’+ ho bolela Jehova, ‘ho fihlela ke se timelitse ka letsoho la hae.’+
9 “‘“‘Ha e le lōna, le se ke la mamela baprofeta+ ba lōna le linohe tsa lōna le balori+ ba lōna le maselamose a lōna le baloi ba lōna,+ ba reng ho lōna: “Le ke ke la sebeletsa morena oa Babylona.”+ 10 Etsoe ba le profetela leshano, ka morero oa ho etsa hore le isoe hōle le naha ea lōna; ’me ke tla lokela ho le qhalakanya, ’me le tla lokela ho timela.+
11 “‘“‘Ha e le sechaba se tla tlisa molala oa sona tlas’a joko ea morena oa Babylona se mo sebeletse, ke tla boela ke se tlohele hore se lule naheng ea sona,’ ho bolela Jehova, ‘ka sebele se tla e lema ’me se lule ho eona.’”’”+
12 Esita le Tsedekia+ morena oa Juda ke mo boleletse ho ea ka mantsoe ana ’ohle,+ ka re: “Tlisang melala ea lōna tlas’a joko ea morena oa Babylona ’me le mo sebeletse le batho ba hae ’me le ’ne le phele.+ 13 Ke hobane’ng ha uena le sechaba sa hao le lokela ho bolaoa ka sabole,+ ke tlala+ le ke lefu la seoa+ ho ea ka seo Jehova a se boleletseng sechaba se sa sebeletseng morena oa Babylona? 14 Le se ke la mamela mantsoe a baprofeta ba reng ho lōna, ‘Le ke ke la sebeletsa morena oa Babylona,’+ kahobane ba le profetela leshano.+
15 “‘Etsoe ha kea ba romela,’ ho bolela Jehova, ‘empa ba profeta ka bohata ka lebitso la ka, e le hore ke le qhalakanye,+ ’me le tla lokela ho timela,+ lōna le baprofeta ba le profetelang.’”+
16 Ke boleletse baprista le sechaba sena sohle ka re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Le se ke la mamela mantsoe a baprofeta ba lōna ba le profetelang, ba re: “Bonang! Lisebelisoa tsa ntlo ea Jehova li se li tla khutlisoa Babylona haufinyane!”+ Etsoe ba le profetela leshano.+ 17 Le se ke la ba mamela. Sebeletsang morena oa Babylona ’me le ’ne le phele.+ Ke hobane’ng ha motse ona o lokela ho fetoha sebaka se ripitliloeng?+ 18 Empa haeba ke baprofeta ’me haeba lentsoe la Jehova le ho bona, ka kōpo, e-reng ba etse thapeli ho Jehova oa mabotho,+ hore lisebelisoa tse setseng ka tlung ea Jehova le ka tlung ea morena oa Juda le Jerusalema li se ke tsa tla Babylona.’
19 “Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng ka litšiea+ le ka leoatle+ le ka likariki+ le ka lisebelisoa tse setseng motseng ona,+ 20 tseo Nebukadnezare morena oa Babylona a sa kang a li nka ha a isa Jekonia+ mora oa Jojakime, morena oa Juda, kholehong ho tloha Jerusalema ho ea Babylona, hammoho le bahlomphehi bohle ba Juda le Jerusalema;+ 21 etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng ka lisebelisoa tse setseng ka tlung ea Jehova le ka tlung ea morena oa Juda le Jerusalema,+ 22 ‘“Li tla isoa+ Babylona ’me li tla tsoela pele li le moo ho fihlela letsatsing la ha ke lebisa tlhokomelo ea ka ho tsona,”+ ho bolela Jehova. “Ke tla li lata ’me ke li busetse sebakeng sena.”’”+