Jeremia
35 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova matsatsing a Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, le re: 2 “E-ea ka tlung ea Barekabe,+ u bue le bona ’me u ba tlise ka tlung ea Jehova, ho e ’ngoe ea likamore tsa ho jela; ’me u ba fe veine hore ba noe.”
3 Kahoo ka nka Jazania mora oa Jeremia mora oa Habazinia le barab’abo, le bara bohle ba hae, le lelapa lohle la Barekabe, 4 eaba ke ba tlisa ka tlung ea Jehova, kamoreng ea ho jela+ ea bara ba Hanane mora oa Igdalia, monna oa Molimo oa ’nete, e neng e le pel’a kamore ea ho jela ea likhosana e neng e le ka holim ’a kamore ea ho jela ea Maseia mora oa Shalume+ molebeli oa monyako. 5 Joale ka beha ka pel’a bara ba ntlo ea Barekabe linoelo tse tletseng veine le mepotjoana eaba ke re ho bona: “Noang veine.”
6 Empa ba re: “Re ke ke ra noa veine, kahobane Jonadabe mora oa Rekabe,+ moholo-holo oa rōna, ke eena ea re laetseng, a re, ‘Le se ke la noa veine, lōna kapa bara ba lōna, ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 7 Le se ke la haha ntlo, le se ke la jala peō; le se ke la lema serapa sa morara, kapa hona hore e be sa lōna. Empa le lule litenteng ka matsatsi ’ohle a lōna, e le hore le ’ne le phele ka matsatsi a mangata holim ’a naha eo le lutseng ho eona le le bajaki.’+ 8 Kahoo re ntse re mamela lentsoe la moholo-holo oa rōna Jonadabe mora oa Rekabe nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo a re laetseng+ eona ka ho se noe veine ka matsatsi ’ohle a rōna, rōna, basali ba rōna, bara ba rōna le barali ba rōna,+ 9 le ka ho se hahe matlo hore re lule ho ’ona, e le hore re se ke ra ba le serapa sa morara kapa tšimo kapa peō. 10 Re ntse re lula litenteng ’me re mamela le ho etsa ho ea ka sohle seo moholo-holo oa rōna Jonadabe+ a re laetseng sona.+ 11 Empa eare ha Nebukadrezare morena oa Babylona a loantša naha+ ra qala ho re, ‘Tloong, re keneng Jerusalema ka lebaka la lebotho la sesole la Bakalde le ka lebaka la lebotho la sesole la Basyria, ’me re luleng Jerusalema.’”+
12 Lentsoe la Jehova la hlaha ho Jeremia, la re: 13 “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘E-ea, ’me u re ho batho ba Juda le ho baahi ba Jerusalema: “Na ha lea ka la tsoela pele ho amohela keletso ea hore le mamele mantsoe a ka?”+ ho bolela Jehova. 14 “Ho phethiloe mantsoe a Jonadabe mora oa Rekabe,+ ao a a laetseng bara ba hae, hore ba se ke ba noa veine, ’me ha ba e-s’o e noe ho fihlela letsatsing lena, hobane ba mametse taelo ea moholo-holo oa bona.+ Ha e le ’na, ke buile le lōna, ke tsoha hoseng ke bua,+ empa ha lea ’mamela.+ 15 Ka ’na ka le romela bahlanka bohle ba ka baprofeta,+ ke tsoha hoseng ke ba romela, ke re, ‘Ka kōpo, furallang e mong le e mong tsela ea hae e mpe,+ ’me le etse hore mesebetsi ea lōna e be metle,+ ’me le se ke la latela melimo e meng ho e sebeletsa.+ Le ’ne le lule naheng eo ke e fileng lōna le baholo-holo ba lōna.’+ Empa ha lea ka la sekeha tsebe, kapa la ’mamela.+ 16 Empa bara ba Jonadabe mora oa Rekabe+ ba phethile taelo ea moholo-holo oa bona eo a ba laetseng eona;+ empa ha e le sechaba sena, ha sea ’mamela.”’”+
17 “Ka hona sena ke seo Jehova, Molimo oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Bonang! ke tlisetsa Juda le baahi bohle ba Jerusalema tlokotsi eohle eo ke e buileng khahlanong le bona,+ ka lebaka la hore ke buile le bona empa ha baa ka ba mamela, ’me ka ’na ka ba bitsa empa ba se ke ba araba.’”+
18 Jeremia a re ho lelapa la Barekabe: “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore le mametse taelo ea moholo-holo oa lōna Jonadabe+ ’me le ntse le boloka litaelo tsohle tsa hae le ho etsa ho ea ka sohle seo a le laetseng sona,+ 19 ka hona sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Ha ho motho oa Jonadabe mora oa Rekabe ea tla tlosoa hore a se ke a ema+ ka pel’a ka kamehla.”’”+