Jeremia
46 Sena ke se ileng sa hlaha e le lentsoe la Jehova ho moprofeta Jeremia malebana le lichaba:+ 2 Bakeng sa Egepeta,+ malebana le lebotho la sesole la Faro Neko morena oa Egepeta,+ ea neng a le pel’a nōka ea Eufrate Karkemishe,+ eo Nebukadrezare morena oa Babylona a ileng a mo hlōla ka selemo sa bone sa Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda: 3 “Etsang thekō le tšoere thebe e nyenyane le thebe e khōlō, ’me le atamele ntoeng.+ 4 Qhanehang lipere, ’me le palame, lōna banna ba lipere, ’me le eme le roetse lihelmete. Leotsang marumo. Aparang liaparo tse makhakhapha a tšepe.+
5 “‘Ke hobane’ng ha ke bone ba tšohile? Baa khutla, ’me banna ba bona ba matla ba silakantsoe; ka sebele ba balehile, ha baa reteleha.+ Ho na le tšabo ka hohle,’+ ho bolela Jehova. 6 ‘Ea lebelo a se ke a leka ho baleha, ’me monna ea matla a se ke a leka ho phonyoha.+ Holimo leboea+ pel’a lebōpo la nōka ea Eufrate ba khopiloe ’me ba oele.’+
7 “Ke mang enoa ea nyolohang joaloka Nōka ea Nile, joaloka linōka tseo metsi a tsona a ikakhotsang?+ 8 Egepeta e nyoloha joaloka Nōka ea Nile,+ ’me metsi a ikakhotsa joaloka linōka.+ E re, ‘Ke tla nyoloha. Ke tla koahela lefatše. Hang-hang ke tla timetsa motse le ba ahileng ho oona.’ 9 Nyolohang, Lōna lipere; le mathe ka lebelo, Lōna likoloi! Banna ba matla ba ee, Kushe+ le Pute,+ ba tšoarang thebe, le Balude,+ ba tšoarang le ba hatakelang seqha.
10 “Letsatsi leo ke la ’Musi Morena, Jehova oa mabotho, letsatsi la phetetso bakeng sa ho iphetetsa ho bahanyetsi ba hae.+ Ka sebele sabole e tla timetsa ’me e ikhotsofatse ’me e khorisoe ke mali a bona, etsoe ’Musi+ Morena, Jehova oa mabotho, o na le sehlabelo+ naheng ea leboea pel’a nōka ea Eufrate.+
11 “Nyolohela Gileade ’me u nke balsame,+ Uena morali oa Egepeta oa moroetsana.+ Ke ha lefeela u atisitseng mokhoa oa ho folisa. Ha ho na phekolo bakeng sa hao.+ 12 Lichaba li utloile ho se hlomphehe+ ha hao ’me mohoo oa hao o tletse naheng.+ Etsoe ba khopiloe, monna ea matla khahlanong le monna ea matla.+ Ba oele hammoho, ba le babeli.”
13 Lentsoe leo Jehova a le buileng le moprofeta Jeremia mabapi le ho tla ha Nebukadrezare morena oa Babylona ho tla hlasela naha ea Egepeta:+ 14 “Ho boleleng Egepeta, le ho phatlalatse Migdole,+ le ho phatlalatse Nofe+ le Takpanese.+ Le re, ‘Ema, u itokise,+ etsoe ka sebele sabole e tla timetsa sohle se u potolohileng.+ 15 Ke hobane’ng ha ba matla ba lōna ba hohotsoe?+ Ha baa ema, etsoe Jehova o ba sutumelelitse hōle.+ 16 Ba khoptjoa ka bongata. Hape baa oa. Ba ntse ba buisana ba re: “Ema, ’me re khutlele sechabeng sa habo rōna le naheng ea beng ka rōna ka lebaka la sabole e tšoarang hampe.”’ 17 Teng ba phatlalalitse, ‘Faro morena oa Egepeta ke lerata feela.+ O tloheletse nako ea mokete hore e fete.’+
18 “‘Ka ’na ea phelang,’ ho bolela Morena, eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho,+ ‘o tla tla joaloka Tabore+ har’a lithaba le joaloka Karmele+ pel’a leoatle. 19 Iketsetse thōtō ea kholeho,+ Uena moahi oa mosali, morali+ oa Egepeta. Etsoe Nofe+ e tla fetoha ntho e makalloang ’me e chesoe, hoo e ke keng ea e-ba le moahi.+ 20 Egepeta e joaloka khomo e ntle ea sethole. Ka sebele monoang o tla e futuhela o tsoa leboea.+ 21 Ho feta moo, masole a eona a hiriloeng a joaloka manamane a nontšitsoeng.+ Empa le ’ona a inehetse;+ a balehile hammoho. Ha aa ema.+ Etsoe letsatsi la tlokotsi le tlile ho ’ona, nako ea hore a eloe hloko.’+
22 “‘Lentsoe la hae le tšoana le la noha e tsamaeang;+ etsoe banna ba tla tsamaea ka mafolofolo, ’me ba tla kena ho eona ka lilepe, joaloka ba roallang patsi. 23 Ka sebele ba tla rema moru oa hae,’+ ho bolela Jehova, ‘kaha o ne o ke ke oa phunyeletsoa. Etsoe ba bangata ho feta litsie,+ ’me ha ba na palo. 24 Ka sebele morali+ oa Egepeta o tla ikutloa a hlajoa ke lihlong. Ho tla nehelanoa ka eena matsohong a sechaba sa leboea.’+
25 “Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o itse, ‘Bonang! ke lebisa tlhokomelo ea ka ho Amone+ ea tsoang No+ le ho Faro le ho Egepeta le ho melimo+ ea eona le ho marena+ a eona, esita le ho Faro le ho bohle ba mo tšepileng.’+
26 “‘Ke tla nehelana ka bona matsohong a ba batlang meea ea bona le letsohong la Nebukadrezare morena oa Babylona+ le matsohong a bahlanka ba hae; ’me ka mor’a moo e tla hahoa joaloka matsatsing a khale,’+ ho bolela Jehova.
27 “‘Ha e le uena, u se ke ua tšaba, Uena mohlanka oa ka Jakobo, ’me u se ke ua tšoha, Uena Iseraele.+ Etsoe bona! ke u pholosa u le hōle ’me bana ba hao ke ba pholosa naheng ea kholeho ea bona.+ Ka sebele Jakobo o tla khutla ’me a se ke a ba le khathatso ’me a lule ka boiketlo ho se ea bakang ho thothomela.+ 28 Ha e le uena, u se ke ua tšoha, Uena mohlanka oa ka Jakobo,’ ho bolela Jehova, ‘etsoe ke na le uena.+ Ke tla felisa lichaba tsohle tseo ke u qhalakanyelitseng ho tsona,+ empa uena nke ke ka u felisa.+ Empa leha ho le joalo ke tla lokela ho u shapa ka tekanyo e loketseng,+ ’me ho hang nke ke ka u tlohela u sa fuoe kotlo.’”+