Hosea
5 “Utloang sena, Lōna baprista,+ ’me le ele hloko, Lōna ba ntlo ea Iseraele, le lōna, ba ntlo ea morena,+ mamelang, etsoe kahlolo e ama lōna; hobane le fetohile sefi+ ho Mizpa ’me le joaloka letlooa le aliloeng holim ’a Tabore.+ 2 Ba khelohang ba tebetse tlaase+ mosebetsing oa ho bolaea, ’me ke ne ke le keletso ho bona bohle.+ 3 Ke tsebile Efraime,+ ’me ha kea pateloa Iseraele.+ Etsoe joale, Uena Efraime, u tšoere basali joaloka liotsoa;+ Baiseraele ba itšilafalitse.+ 4 Mesebetsi ea bona ha e lumelle hore ba khutlele ho Molimo oa bona,+ hobane ho na le moea oa bohlola+ har’a bona; ’me ha baa ela Jehova hloko.+ 5 Boikakaso ba Baiseraele bo fane ka bopaki mahlong a bona;+ ’me Baiseraele le Baefraime ba entsoe hore ba khoptjoe liphosong tsa bona.+ Le Bajuda ba khopiloe le bona.+ 6 Ka mehlape ea bona ea likhutšoane le ka mehlape ea liphoofolo tse khōlō ba ile ba ea ’me ba batla Jehova, empa ha baa ka ba mo fumana.+ O ne a ikhutse ho bona. 7 Ba sebelitse ka bolotsana ho Jehova,+ etsoe ba ile ba tsoala bara basele.+ Joale ka khoeli e le ’ngoe ba tla haroloa hammoho le likabelo tsa bona.+
8 “Letsang lenaka+ Gibea,+ terompeta Rama! Tlerolang mohoo oa ntoa Bethe-avene+—ka mor’a hao, Uena Benjamine!+ 9 Uena Efraime, u tla fetoha ntho feela e makalloang letsatsing la khalemelo e matla.+ Har’a meloko ea Iseraele ke tsebahalitse mantsoe a tšepahalang.+ 10 Likhosana tsa Juda li tšoana hantle le ba chechisang moeli.+ Ke tla tšolla bohale ba ka feela joaloka metsi holim ’a bona. 11 Efraime o hateletsoe, o hateletsoe ka toka,+ etsoe o ikhethetse ho sala mohanyetsi oa hae morao.+ 12 Ke ne ke le joaloka tšoèlè+ ho Efraime ’me ke tšoana hantle le ho bola ho ba ntlo ea Juda.
13 “Efraime a bona boloetse ba hae, le Juda a bona seso sa hae.+ Efraime a ea Assyria+ ’me a romeletsa ho morena e moholo.+ Empa eo ha aa ka a khona ho le folisa,+ ’me o ne a ke ke a tlosa ho lōna seso ka pheko leha e le efe.+ 14 Etsoe ke tla ba joaloka taoana ho Efraime+ le joaloka taoana e moetse ntlong ea Juda. ’Na, ke tla tsekolla likoto ’me ke tla ea ’me ke nke, ’me ho ke ke ha e-ba le molopolli.+ 15 Ke tla ea, ke tla khutlela sebakeng sa ka ho fihlela ba jara molato oa bona;+ ’me ka sebele ba tla batla sefahleho sa ka.+ Ha ba le mahlomoleng,+ ba tla mpatla.”+