Levitike
22 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe, a re: 2 “Bua le Arone le bara ba hae, e le hore ba ipoloke ba arohile linthong tse halalelang tsa bara ba Iseraele ’me ba se ke ba hlompholla lebitso+ la ka le halalelang ka lintho tseo ba li halaletsang bakeng sa ka.+ Ke ’na Jehova. 3 E-re ho bona, ‘Melokong eohle ea lōna monna leha e le ofe oa bana bohle ba lōna ea atamelang lintho tse halalelang, tseo bara ba Iseraele ba tla li halaletsa bakeng sa Jehova, a sa hloeka,+ moea oo o felisoe ka pel’a ka. Ke ’na Jehova. 4 Ha ho monna oa bana ba Arone eo ha a e-na le lepera+ kapa a e-na le mohlapo o lutlang+ a ka jang lintho tse halalelang ho fihlela a hloeka,+ leha e le ea amang mang kapa mang ea sa hloekang ka lebaka la moea+ o shoeleng kapa monna ea tsoang peō,+ 5 kapa motho ea amang ntho leha e le efe e nyekenyehang e sa hloekang bakeng sa hae+ kapa ea amang motho ea sa hloekang bakeng sa hae mabapi le ho se hloeke leha e le hofe ha hae.+ 6 Moea o amang leha e le efe e joalo e tla ba o sa hloekang ho fihlela mantsiboea ’me o ke ke oa ja leha e le life tsa lintho tse halalelang, empa o itlhatsoe ’mele metsing.+ 7 Ha letsatsi le liketse, o tla hloeka, ’me ka mor’a moo o ka ja tse ling tsa lintho tse halalelang, hobane ke bohobe ba oona.+ 8 Hape o se ke oa ja ntho leha e le efe e seng e shoele kapa ntho leha e le efe e rusolotsoeng ke sebata hoo e tlang ho ba o sa hloekang ka lebaka la eona.+ Ke ’na Jehova.
9 “‘Ba boloke tlamo ea bona ho ’na, hore ba se ke ba jara sebe ka lebaka la eona eaba ba lokela ho shoa+ ka lebaka la eona hobane ba ne ba e silafatsa. Ke ’na Jehova ea ba halaletsang.
10 “‘Ho hang ha ho na osele ea ka jang ntho e halalelang.+ Ha ho na ea jakileng le moprista kapa mosebetsi ea hiriloeng ea ka jang ntho e halalelang. 11 Empa haeba moprista a reka moea, e le se rekoang ka chelete ea hae, oona o ka kopanela ho e ja ka lebaka leo. Ha e le makhoba a tsoaletsoeng ka tlung ea hae, ’ona a ka kopanela ho ja bohobe ba hae ka lebaka leo.+ 12 Haeba morali oa moprista e e-ba oa monna osele, eena a ke ke a ja tsa monehelo oa lintho tse halalelang ka lebaka leo. 13 Empa haeba morali oa moprista a fetoha mohlolohali kapa a hlaloa ha a se na bana, ’me a khutlela ka tlung ea ntat’ae joaloka bocheng ba hae,+ a ka ja bo bong ba bohobe ba ntat’ae;+ empa ho hang ha ho na osele ea ka bo jang.
14 “‘Joale haeba ka phoso+ motho a ja ntho e halalelang, joale a e eketse ka karolo ea eona ea bohlano+ ’me a fe moprista ntho e halalelang. 15 Kahoo ha baa lokela ho silafatsa lintho tse halalelang tsa bara ba Iseraele, tseo ba ka li nehelang ho Jehova,+ 16 ’me ba etsa hore ba jare kotlo ea molato ka lebaka la ho ja lintho tse halalelang; etsoe ke ’na Jehova ea ba halaletsang.’”
17 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 18 “Bua le Arone le bara ba hae le bara bohle ba Iseraele, u re ho bona, ‘Monna leha e le ofe oa ntlo ea Iseraele kapa mojaki ea itseng oa Iseraele ea hlahisang nyehelo ea hae,+ bakeng sa boitlamo+ leha e le bofe ba bona kapa bakeng sa linyehelo leha e le life tsa bona tsa boithatelo,+ tseo ba ka li hlahisang ho Jehova bakeng sa nyehelo ea secheso, 19 hore e le fumanele kamohelo,+ e be e phetseng hantle,+ e tona har’a mohlape, har’a lipheleu kapa har’a lipōli. 20 Le se ke la hlahisa+ ntho leha e le efe e nang le sekoli, hobane e ke ke ea le fumanela kamohelo.
21 “‘Haeba motho a hlahisetsa Jehova sehlabelo se kopanetsoeng+ bakeng sa ho phetha boitlamo+ kapa e le nyehelo ea boithatelo, e lokela ho ba e phetseng hantle har’a mohlape oa liphoofolo tse khōlō kapa mohlape oa likhutšoane, hore a fumane kamohelo. Ho hang ha ea lokela ho ba le sekoli. 22 Ho se ke ha e-ba le e foufetseng kapa e robehileng kapa e sehiloeng kapa e leqhutsu kapa e nang le likhoo kapa setlapeli,+ le se ke la hlahisa le e ’ngoe ea tsena ho Jehova, ’me ho se ke ha e-ba le nyehelo e entsoeng ka mollo+ e tsoang ho tsona eo le tla e beha aletareng bakeng sa Jehova. 23 Ha e le poho kapa nku e nang le setho se selelele haholo kapa se sekhutšoanyane haholo,+ le ka e etsa nyehelo ea boithatelo; empa bakeng sa boitlamo e ke ke ea amoheleha. 24 Empa e makoalata+ a pepetiloeng kapa a pshatlehileng kapa a ntšitsoeng kapa a ponngoeng le se ke la e hlahisa ho Jehova, ’me ha lea lokela ho li hlahisa naheng ea lōna. 25 Le se ke la hlahisa leha e le efe ea tsena tsohle tse tsoang letsohong la osele e le bohobe ba Molimo oa lōna, hobane ho bola ha tsona ho ho tsona. Li na le sekoli.+ Li ke ke tsa amoheleha+ bakeng sa lōna.’”
26 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe, a re: 27 “Haeba ho ka tsoaloa poho kapa pheleu e nyenyane kapa pōli, joale e lule le ’m ’a eona ka matsatsi a supileng,+ empa ho tloha ka letsatsi la borobeli ho ea pele e tla amoheleha e le nyehelo, nyehelo e entsoeng ka mollo ea Jehova. 28 Ha e le poho le nku, le se ke la e hlaba hammoho le namane kapa konyana ea eona ka letsatsi le le leng.+
29 “Haeba le lokela ho hlabela Jehova sehlabelo sa liteboho,+ le lokela ho se etsa bakeng sa hore le iphumanele kamohelo. 30 Se lokela ho jeoa letsatsing leo.+ Le se ke la siea letho la sona ho fihlela hoseng.+ Ke ’na Jehova.
31 “Le boloke litaelo tsa ka ’me le li phethe.+ Ke ’na Jehova. 32 Le se ke la hlompholla lebitso+ la ka le halalelang, ’me ke tla halaletsoa har’a bara ba Iseraele.+ Ke ’na Jehova ea le halaletsang,+ 33 Ea le ntšang naheng ea Egepeta hore ke be Molimo oa lōna.+ Ke ’na Jehova.”