Jonase
3 Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho Jonase ka lekhetlo la bobeli, la re:+ 2 “Ema, u ee Ninive motseng o moholo, ’me u phatlalatse ho eona phatlalatso+ eo ke u bolellang eona.”
3 Eaba Jonase oa ema ’me o ea Ninive tumellanong le lentsoe la Jehova.+ Joale ho Molimo Ninive e ne e le motse o moholo,+ o nang le sebaka se ka tsamauoang matsatsi a mararo. 4 Qetellong Jonase a qala ho kena motseng sebaka se ka tsamauoang letsatsi le le leng, ’me a ’na a phatlalatsa a re: “Ho setse matsatsi a mashome a mane feela, ’me Ninive e tla lihuoa.”+
5 Batho ba Ninive ba qala ho beha tumelo ho Molimo,+ eaba ba phatlalatsa hore ho itingoe lijo ’me ho aparoe lesela la mokotla,+ ho tloha ho e moholo ho bona esita le ho ea ho e monyenyane ho bona. 6 Ha lentsoe le fihla ho morena oa Ninive,+ joale a ema teroneng ea hae ’me a hlobola seaparo sa hae khethehileng eaba o ikoahela ka lesela la mokotla ’me o lula fatše moloreng.+ 7 Ho feta moo, a etsa hore ho etsoe mohoo, ’me a etsa hore ho boleloe Ninive, ho ea ka molao-taelo oa morena le ba baholo ba hae, o reng:
“Ha ho motho le phoofolo e ruuoang, ha ho mohlape oa liphoofolo tse khōlō le mohlape oa likhutšoane, ea lokelang ho latsoa letho. Ha ho le ea mong ea lokelang ho ja lijo. Esita le metsi ha baa lokela ho a noa.+ 8 Ba ke ba ikoahele ka lesela la mokotla, motho le phoofolo e ruuoang; ba ke ba hoeletse ho Molimo ka matla ’me ba khutle,+ e mong le e mong tseleng ea hae e mpe le pefong e neng e le matsohong a bona. 9 Ke mang ea tsebang hore na ebe Molimo oa ’nete a ka khutla ’me a ikutloe a soabile+ eaba o khutla bohaleng ba hae bo tukang, e le hore re se ke ra timela?”+
10 Molimo oa ’nete a bona mesebetsi ea bona,+ hore ba ne ba khutlile litseleng tsa bona tse mpe;+ kahoo Molimo oa ’nete a ikutloa a soabile+ ka lebaka la tlokotsi eo a neng a buile hore o tla ba bakela eona; ’me ha aa ka a e baka.+