Numere
27 Joale barali ba Zelofehade+ mora oa Hefere mora oa Gileade mora oa Makire mora oa Manase,+ oa malapa a Manase mora oa Josefa, ba atamela. Ana ke mabitso a barali ba hae: Mahela, Noe le Hogla le Milka le Tirza.+ 2 Ba ema ka pel’a Moshe le ka pel’a moprista Eleazare+ le ka pel’a marenana le phutheho eohle monyako oa tente ea pokano, ba re: 3 “Ntate o shoeletse lefeelleng,+ empa leha ho le joalo o ne a se har’a phutheho, ke hore, ba ileng ba ema khahlanong le Jehova phuthehong ea Kora,+ empa o shoele+ ka lebaka la sebe sa hae; ’me ha aa ka a ba le bara. 4 Ke hobane’ng ha lebitso la Ntate le lokela ho tlosoa lelapeng la hae kahobane a ne a se na mora?+ Re feng lefa har’a barab’abo Ntate.”+ 5 Eaba Moshe o hlahisa taba ea bona ka pel’a Jehova.+
6 Joale Jehova a bolella Moshe sena: 7 “Barali ba Zelofehade ba bua ka nepo. Ka sebele u lokela ho ba fa leruo har’a barab’abo ntat’a bona, ’me u fetisetse lefa la ntat’a bona ho bona.+ 8 U lokela ho bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Haeba monna leha e le ofe a ka shoa a se na mora, joale le fetisetse lefa la hae ho morali oa hae. 9 Haeba a se na morali, joale le fe barab’abo lefa la hae. 10 Haeba a se na barab’abo, joale le fe barab’abo ntat’ae lefa la hae. 11 Haeba ntat’ae a se na barab’abo, joale le fane ka lefa la hae ho ea amanang+ le eena ka mali ea haufi-ufi le eena ho ba lelapa la hae, ’me o tla le rua. E tla ba taelo e hlomamisitsoeng ka qeto ea boahloli bakeng sa bara ba Iseraele, feela joalokaha Jehova a laetse Moshe.’”
12 Ka mor’a moo Jehova a re ho Moshe: “Nyolohela thabeng ena ea Abarime+ ’me u bone naha eo ka sebele ke tla e fa bara ba Iseraele.+ 13 Ha u e bone, joale u tla nkeloa ho batho+ ba heno, e, uena, feela joalokaha moholoane oa hao Arone a ile a nkoa,+ 14 kahobane le ile la fetohela taelo ea ka lefeelleng la Zine ha phutheho+ e qabana le ’na, tabeng ea ho nkhalaletsa+ ka metsi ka pel’a mahlo a eona. Ana ke metsi a Meriba+ Kadeshe+ lefeelleng la Zine.”+
15 Joale Moshe a bua le Jehova, a re: 16 “Jehova Molimo oa meea+ ea nama+ ea mefuta eohle a ke a behe monna+ hore a okamele phutheho 17 ea tla tsoa ka pel’a eona le ea tla kena ka pel’a eona le ea tla e ntša le ea tla e tlisa,+ hore phutheho ea Jehova e se ke ea tšoana le linku tse se nang molisa.”+ 18 Kahoo Jehova a re ho Moshe: “Inkele Joshua mora oa Nune, monna eo ho nang le moea+ ho eena, ’me u behe letsoho holim ’a hae;+ 19 u mo emise ka pel’a moprista Eleazare le ka pel’a phutheho eohle, ’me u mo laele ka pel’a mahlo a eona.+ 20 U behe ho hlompheha ho hong ha hao holim ’a hae,+ e le hore phutheho eohle ea bara ba Iseraele e ka mo mamela.+ 21 O tla ema ka pel’a moprista Eleazare, ’me o tla mo botsetsa+ ka kahlolo ea Urime+ ka pel’a Jehova. Ka taelo ea hae ba tla tsoa ’me ka taelo ea hae ba tla kena, eena le bara bohle ba Iseraele le phutheho eohle.”
22 Moshe a etsa feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse. Tumellanong le hoo a nka Joshua ’me a mo emisa ka pel’a moprista Eleazare+ le ka pel’a phutheho eohle 23 ’me a beha matsoho holim ’a hae a mo laela,+ feela joalokaha Jehova a ne a buile ka Moshe.+