Liketso
6 Joale matsatsing ana, ha barutuoa ba ntse ba eketseha, ha tsoha ho korotla har’a Bajuda ba buang Segerike+ khahlanong le Bajuda ba buang Seheberu, hobane bahlolohali ba bona ba ne ba hlokomolohuoa kabong ea letsatsi le leng le le leng.+ 2 Kahoo ba leshome le metso e ’meli ba bitsetsa letšoele la barutuoa ho bona ’me ba re: “Hase ho khahlisang hore re tlohele lentsoe la Molimo ho ea aba lijo litafoleng.+ 3 Kahoo, barab’abo rōna, ipatleleng+ banna ba supileng ba pakiloeng har’a lōna, ba tletseng moea le bohlale,+ e le hore re ka ba beha hore ba okamele mosebetsi ona o hlokahalang; 4 empa rōna re tla inehela thapelong le bosebeletsing ba lentsoe.”+ 5 Ntho e builoeng e ne e le e khahlisang ho letšoele lohle, eaba ba khetha Setefane, monna ea tletseng tumelo le moea o halalelang,+ le Filipi+ le Prokore le Nikanore le Timone le Parmena le Nikolase, mosokolohi oa Antioke; 6 ba ba beha ka pel’a baapostola, ’me, ka mor’a ho rapela, ba ba beha matsoho.+
7 Ka lebaka leo lentsoe la Molimo la tsoela pele ho hōla,+ ’me palo ea barutuoa ea ’na ea ata haholo Jerusalema;+ bongata bo boholo ba baprista+ ba qala ho mamela+ tumelo.
8 Joale Setefane, a tletse mosa le matla, o ne a etsa limakatso le lipontšo+ tse khōlō har’a batho. 9 Empa banna ba itseng ho ba tsoang ho seo ho thoeng ke Synagoge ea Banna ba Lokolotsoeng, le ho Bacyrene le Baalexandria+ le ho ba tsoang Silisia+ le Asia, ba ema ho phehisana le Setefane; 10 leha ho le joalo ba ne ba sa khone ho ikemela khahlanong le bohlale+ le moea oo a neng a bua ka oona.+ 11 Joale ka sephiri ba hlohlelletsa batho ho re:+ “Re utloile a bua lipolelo tse nyefolang+ Moshe le Molimo.” 12 Ba hlohla batho le banna ba baholo le bangoli, ’me, ha ba mo khorohela ka tšohanyetso, ba mo nka ka likhoka ’me ba mo isa Sanhedrine.+ 13 Ba tlisa lipaki tsa bohata+ ka pele, tse ileng tsa re: “Motho enoa ha a khaotse ho bua lintho tse khahlanong le sebaka sena se halalelang le tse khahlanong le Molao.+ 14 Ka mohlala, re utloile a re Jesu enoa Monazaretha o tla heletsa sebaka sena le ho fetola litloaelo tseo Moshe a li fetiselitseng ho rōna.”
15 Ha bohle ba neng ba lutse ka har’a Sanhedrine ba ntse ba mo talimile,+ ba bona hore sefahleho sa hae se ne se le joaloka sefahleho sa lengeloi.+