Deuteronoma
2 “Joale ra reteleha ’me ra tsamaea ho ea lefeelleng ka tsela ea Leoatle le Lefubelu, feela joalokaha Jehova a ne a buile le ’na;+ ’me ra nka matsatsi a mangata re potoloha Thaba ea Seire. 2 Qetellong Jehova a re ho ’na, 3 ‘Le potolohile thaba ena halelele ka ho lekaneng.+ Nkang tsela e ’ngoe ho ea leboea. 4 U laele sechaba, u re: “Le feta pel’a moeli oa barab’abo lōna,+ bara ba Esau,+ ba lulang Seire;+ ba tla tšosoa ke lōna,+ ’me le be hlokolosi haholo. 5 Le se ke la qabana le bona, hobane nke ke ka le fa naha ea bona leha e le e lekanang le bophara ba bohato ba leoto; hobane ke file Esau Thaba ea Seire e le lefa.+ 6 Le tla ja lijo leha e le life tseo le tla li reka ho bona ka chelete; hape le tla noa metsi leha e le afe ao le tla a reka ho bona ka chelete.+ 7 Etsoe Jehova Molimo oa lōna o le hlohonolofalitse mosebetsing o mong le o mong oa matsoho a lōna.+ O tseba hantle ho tsamaea ha lōna ho pholletsa le lefeella lena le leholo. Jehova Molimo oa lōna o ’nile a ba le lōna ka lilemo tsena tse mashome a mane.+ Ha lea haelloa ke letho.”’+ 8 Kahoo ra fetela pele ra tloha ho barab’abo rōna, bara ba Esau,+ ba lulang Seire, ka tsela ea Araba,+ ra tloha Elathe ’me ra tloha Ezione-gebere.+
“Ka mor’a moo ra reteleha ’me ra fetela pele ka tsela ea lefeella la Moabe.+ 9 Joale Jehova a re ho ’na, ‘U se ke ua tšoenya Bamoabe kapa oa loana le bona, hobane nke ke ka u fa naha leha e le efe ea bona e le lefa, etsoe ke file bara ba Lota+ Are+ e le lefa. 10 (Baemime+ ba ne ba lula ho eona linakong tsa pele, sechaba se seholo le se sengata le se selelele joaloka Baanake.+ 11 Ha e le Barefaime,+ le bona ba ne ba nkoa joaloka Baanake,+ ’me Bamoabe ba ne ba ba bitsa Baemime. 12 Bahore+ ba ne ba lula Seire linakong tsa pele, eaba bara ba Esau+ baa ba leleka ’me ba ba felisa ka pel’a bona ’me ba lula sebakeng sa bona,+ ho tšoana le kamoo Baiseraele ba tla etsa kateng ho naha eo e leng lefa la bona, eo ka sebele Jehova a tla ba fa eona.) 13 Lekhetlong lena emang, ’me le tšelele phuleng ea molapo o phoroselang ea Zerede.’ Tumellanong le hoo ra tšela phula ea molapo o phoroselang ea Zerede.+ 14 Matsatsi ao re a tsamaileng ho tloha Kadeshe-barnea ho fihlela re tšela phula ea molapo o phoroselang ea Zerede e bile lilemo tse mashome a mararo a metso e robeli, ho fihlela moloko oohle oa banna ba ntoa o fela har’a liahelo, feela joalokaha Jehova a ne a ba hlapanyelitse.+ 15 Letsoho+ la Jehova la boela la e-ba holim ’a bona ho ba hlokisa botsitso har’a liahelo, ho fihlela ba fela.+
16 “Eitse ha banna bohle ba ntoa ba shoele har’a sechaba,+ 17 Jehova a bua ka ho eketsehileng le ’na, a re, 18 ‘Kajeno u feta sebakeng sa Moabe, ke hore, Are,+ 19 ’me u atamele ka pel’a bara ba Ammone. U se ke ua ba tšoenya kapa ua qabana le bona, hobane nke ke ka u fa naha leha e le efe ea bara ba Ammone e le lefa, etsoe ke e file bara ba Lota e le lefa.+ 20 E ne e boetse e nkoa e le naha ea Barefaime.+ (Barefaime ba ne ba lula ho eona linakong tsa pele, ’me Baamone ba ne ba ba bitsa Bazamzumime. 21 E ne e le sechaba se seholo le se sengata le se selelele joaloka Baanake;+ ’me Jehova a qala ho ba felisa+ ka pel’a bona, hore ba ba leleke ’me ba lule sebakeng sa bona; 22 ho tšoana le kamoo a entseng kateng bakeng sa bara ba Esau, ba lulang Seire,+ ha a felisa Bahore+ ka pel’a bona, hore ba ba leleke ’me ba lule sebakeng sa bona ho fihlela letsatsing lena. 23 Ha e le Baavime,+ ba neng ba lula metsaneng ho ea fihla Gaza,+ Bakaftorime,+ ba tsoang Kaftore,+ ba ba felisa, hore ba lule sebakeng sa bona.)
24 “‘Emang, le tsamaee ’me le tšele phula ea molapo o phoroselang ea Arnone.+ Bonang, ke nehelane ka Sihone+ Moamore morena oa Heshbone, matsohong a lōna. Kahoo qalang ho hapa naha ea hae, ’me le mo loantše. 25 Letsatsing lena ke tla qala ho etsa hore lichaba tse tlas’a maholimo ’ohle, tse tlang ho utloa tlaleho e mabapi le lōna li le tšabe ’me li le tšohe; ’me ka sebele li tla ferekana ’me li be le mahlaba a kang a pelehi ka lebaka la lōna.’+
26 “Joale ka romela manģosa a tsoang lefeelleng la Kedemothe+ ho Sihone+ morena oa Heshbone ka mantsoe a khotso,+ ka re, 27 ‘Ntumelle hore ke fete naheng ea hao. Ke tla tsamaea tseleng feela. Nke ke ka khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.+ 28 Ke tla ja lijo leha e le life tseo u tla nthekisetsa tsona ka chelete; ’me ke tla noa metsi leha e le afe ao u tla nthekisetsa ’ona ka chelete. U mpe u ntumelle hore ke fete ke tsamaea ka maoto,+ 29 ho tšoana le kamoo bara ba Esau ba lulang Seire+ le Bamoabe+ ba lulang Are ba nkentseng kateng, ho fihlela ke tšela Jordane ho ea naheng eo Jehova Molimo oa rōna a re fang eona.’+ 30 Sihone morena oa Heshbone ha aa ka a re lumella hore re fete ho eena, hobane Jehova Molimo oa lōna o ne a tloheletse moea oa hae hore o be manganga+ le pelo ea hae hore e thatafale, e le hore a nehelane ka eena matsohong a lōna feela joaloka letsatsing lena.+
31 “Jehova a re ho ’na, ‘Bona, ke qalile ho u tlohellela Sihone le naha ea hae. Qala ho hapa naha ea hae.’+ 32 Ha Sihone a tsoa, eena le sechaba sohle sa hae, ho re khahlanyetsa ka ntoa Jahaze,+ 33 joale Jehova Molimo oa rōna a mo tlohellela rōna,+ hoo re ileng ra mo hlōla+ le bara ba hae le sechaba sohle sa hae. 34 Ra hapa metse eohle ea hae ka nako eo ’me ra nehela motse o mong le o mong timetso,+ banna le basali le bana ba banyenyane. Ha rea ka ra siea mophonyohi. 35 Ra inkela feela liphoofolo tse ruuoang e le thepa e tlatlapuoeng, hammoho le thepa e hapuoeng metseng eo re e hapileng.+ 36 Ho tloha Aroere,+ e pel’a lebōpo la phula ea molapo o phoroselang ea Arnone, le motse o phuleng ea molapo o phoroselang, ho ea fihla Gileade, ho ne ho se na motse o neng o phahame haholo bakeng sa rōna.+ Jehova Molimo oa rōna o ile a re tlohellela eona kaofela. 37 Ke haufi le naha ea bara ba Ammone+ feela moo le sa kang la atamela, lebōpong lohle la phula ea molapo o phoroselang ea Jaboke,+ leha e le metseng ea sebaka se lithaba, kapa nthong leha e le efe eo Jehova Molimo oa rōna a neng a fane ka taelo mabapi le eona.