Deuteronoma
20 “Haeba u il’o loantša lira tsa hao ’me u bona lipere le likoloi tsa ntoa,+ sechaba se sengata ho u feta, u se ke ua se tšaba; etsoe Jehova Molimo oa hao ea u ntšitseng naheng ea Egepeta,+ o na le uena.+ 2 Etlare ha le se le atametse ntoeng, moprista le eena o tla atamela ’me a bue le sechaba.+ 3 O tla re ho sona, ‘Utloang, Lōna Baiseraele, kajeno le atamela ntoeng khahlanong le lira tsa lōna. Lipelo tsa lōna li se ke tsa tšoha.+ Le se ke la tšaba ’me la matha le tšohile kapa la tlakasela ka lebaka la tsona,+ 4 kaha Jehova Molimo oa lōna o tsamaea le lōna ho le loanela ho lira tsa lōna e le hore a le pholose.’+
5 “Le balaoli+ ba bue le sechaba, ba re, ‘Ke monna ofe ea hahileng ntlo e ncha ’me a e-s’o e khakole? A ke a khutlele ntlong ea hae, esere a shoela ntoeng ’me ea khakoloa ke monna e mong.+ 6 Ke monna ofe ea lemmeng serapa sa morara ’me a e-s’o qale ho se sebelisa? A ke a khutlele ntlong ea hae, esere a shoela ntoeng ’me monna e mong a qala ho se sebelisa.+ 7 Ke monna ofe ea lebelelitseng mosali ’me a e-s’o mo nke? A ke a khutlele ntlong+ ea hae, esere a shoela ntoeng ’me a nkoa ke monna e mong.’ 8 Balaoli ba bue le sechaba hape ’me ba re, ‘Ke monna ofe ea tletseng tšabo le ea boi?+ A ke a khutlele ntlong ea hae, e le hore a se ke a nyahamisa barab’abo lipelo joalokaha pelo ea hae e nyahame.’+ 9 Etlare ha balaoli ba qetile ho bua le sechaba, ba tla khetha balaoli ba mabotho ba eteletseng sechaba pele.
10 “Haeba u atamela motse bakeng sa ho o loantša, u o tsebise se hlokahalang bakeng sa khotso.+ 11 Etlare haeba o u araba ka khotso ’me o u bulela, batho bohle ba fumanoang ka har’a oona e tla ba ba hao bakeng sa ho etsa mosebetsi o qobelloang, ’me ba tla u sebeletsa.+ 12 Empa haeba o sa etse khotso le uena,+ ’me o u loantša ’me u lokela ho o lika-liketsa, 13 ka sebele Jehova Molimo oa hao o tla boela a nehelane ka oona letsohong la hao, ’me u tla bolaea e mong le e mong e motona ho oona ka bohale ba sabole.+ 14 Ke basali feela le bana ba banyenyane+ le liphoofolo tse ruuoang+ le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e motseng, thepa eohle e hapuoeng ho oona eo u tla itlatlapela eona;+ ’me u tla ja thepa e hapuoeng ea lira tsa hao, tseo Jehova Molimo oa hao a u fileng tsona.+
15 “Ke tsela eo u tla etsa ka eona metseng eohle e hōle haholo le uena eo e seng metse ea lichaba tsena. 16 Ke feela metseng ea lichaba tsena eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona e le lefa moo u ke keng ua boloka ntho leha e le efe e phefumolohang e phela,+ 17 hobane ruri u lokela ho e nehela timetso, Bahethe le Baamore, Bakanana le Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ feela joalokaha Jehova Molimo oa hao a u laetse; 18 e le hore ba se ke ba le ruta ho etsa ho ea ka lintho tsohle tsa bona tse manyala, tseo ba li etselitseng melimo ea bona, ’me la siteloa Jehova Molimo oa lōna.+
19 “Haeba le thibella motse ka matsatsi a mangata ka ho o loantša hore le o hape, le se ke la senya lifate tsa oona ka ho sebelisa selepe ho tsona; etsoe le lokela ho ja tsa tsona, le se ke la li rema,+ etsoe na sefate sa naha ke motho hore le se lika-liketse? 20 Ke feela sefate seo le tsebang hore hase sefate se jeoang, seo le tla se senya, le se reme ’me le hahe lintho tse thibellang+ motse o le loantšang, ho fihlela o oa.