Joshua
5 Eitse hang ha marena ’ohle a Baamore,+ a neng a le ka lehlakoreng la Jordane ho ea ka bophirimela, le marena ’ohle a Bakanana,+ a neng a le haufi le leoatle, a utloa hore Jehova o ne a pshesitse metsi a Jordane ka pel’a bara ba Iseraele ho fihlela ba tšetse, eaba lipelo tsa ’ona li qala ho nyahama,+ ’me a ne a se a se morōlō ka lebaka la bara ba Iseraele.+
2 Ka nako eo Jehova a re ho Joshua: “Iketsetse lithipa tsa lejoe le thata ’me u bolotse+ bara ba Iseraele hape, ka lekhetlo la bobeli.” 3 Tumellanong le hoo Joshua a iketsetsa lithipa tsa lejoe le thata ’me a bolotsa bara ba Iseraele Gibeathe-haralothe.+ 4 Joshua a ba bolotsa ka lebaka lena: batho bohle ba tsoileng Egepeta, ba batona, banna bohle ba ntoa, ba ne ba shoeletse+ lefeelleng tseleng ha ba tsoa Egepeta. 5 Etsoe batho bohle ba ileng ba tsoa ba ne ba bolotse, empa batho bohle ba tsoaletsoeng lefeelleng tseleng ha ba tsoa Egepeta ba ne ba sa ba bolotsa. 6 Etsoe bara ba Iseraele ba ne ba tsamaile lilemo tse mashome a mane+ lefeelleng, ho fihlela sechaba sohle sa banna ba ntoa se tsoileng Egepeta se sa kang sa mamela lentsoe la Jehova se felile, seo Jehova a ileng a se hlapanyetsa hore le ka mohla o ne a ke ke a se lumella ho bona naha+ eo Jehova a neng a hlapanyelitse baholo-holo ba sona hore o tla re fa eona,+ naha e phallang lebese le mahe a linotši.+ 7 A hlahisa bara ba bona ho e-na le bona.+ Joshua a ba bolotsa, hobane ba ne ba sa bolla, etsoe ba ne ba sa ba bolotsa tseleng.
8 Eitse ha ba qetile ho bolotsa sechaba sohle, ba ’na ba lula sebakeng sa bona liahelong ho fihlela ba folile.+
9 Joale Jehova a re ho Joshua: “Kajeno ke tlositse nyeliso ea Egepeta ho lōna.”+ Kahoo lebitso la sebaka seo la bitsoa Gilgale+ ho fihlela letsatsing lena.
10 Bara ba Iseraele ba tsoela pele ho hloma liahelo Gilgale, eaba ba tšoara paseka letsatsing la leshome le metso e mene la khoeli,+ ka shoalane, lithoteng tsa lehoatata tsa Jeriko. 11 Ba qala ho ja tse ling tsa lihlahisoa tsa naha letsatsi ka mor’a paseka, mahobe a sa lomosoang+ le lijo-thollo tse halikiloeng, letsatsing lona lena. 12 Joale manna a fela letsatsing le latelang ha ba jele tse ling tsa lihlahisoa tsa naha, ’me manna ha aa ka a hlola a e-ba teng bakeng sa bara ba Iseraele,+ eaba ba qala ho ja lihlahisoa tsa naha ea Kanana selemong seo.+
13 Eitse ha Joshua a le haufi le Jeriko a phahamisa mahlo a talima, ’me bonang! ho ne ho e-na le monna+ ea emeng ka pel’a hae sabole ea hae e tsomutsoeng e le letsohong la hae.+ Kahoo Joshua a ea ho eena ’me a re ho eena: “Na u ka lehlakoreng la rōna kapa la bahanyetsi ba rōna?” 14 Eaba o re: “Che, empa ’na—ke le khosana ea lebotho la Jehova joale ke tlile.”+ Eaba Joshua o itihela fatše ka sefahleho ’me oa khumama+ o re ho eena: “Moren’a ka o re’ng ho mohlanka oa hae?” 15 Eaba khosana ea lebotho la Jehova e re ho Joshua: “Rōla meqathatso ea hao, hobane sebaka seo u emeng ho sona sea halalela.” Hang-hang Joshua a etsa joalo.+