Joshua
7 Bara ba Iseraele ba etsa ketso ea ho se tšepahale mabapi le ntho e nehetsoeng timetso ka hore Akane+ mora oa Karmi, mora oa Zabdi, mora oa Zera, oa moloko oa Juda, a nke ho hong nthong e nehetsoeng timetso.+ Eaba bohale ba Jehova bo tukela bara ba Iseraele.+
2 Joale Joshua a romela banna Ai,+ e haufi le Bethe-avene,+ ho ea ka bochabela ho Bethele,+ ba tsoa Jeriko, ’me a re ho bona: “Nyolohang ’me le hloele naha.” Tumellanong le hoo banna bao ba nyoloha ’me ba hloela Ai.+ 3 Ka mor’a moo ba khutlela ho Joshua ’me ba re ho eena: “Ho se ke ha nyoloha sechaba sohle. E be banna ba ka bang likete tse peli kapa banna ba ka bang likete tse tharo ba nyolohang ’me ba hlasele Ai. U se ke ua tepeletsa sechaba sohle ka ho ea moo, etsoe ba ’maloa.”
4 Kahoo banna ba ka bang likete tse tharo ba sechaba ba nyolohela moo, empa ba baleha ka pel’a banna ba Ai.+ 5 Banna ba Ai ba bolaea banna ba ka bang mashome a mararo a metso e tšeletseng ba bona, eaba ba qala ho ba lelekisa+ ho tloha ka pel’a heke ho ea fihla Shebarime ’me ba tsoela pele ho ba bolaela motheōng. Ka lebaka leo lipelo tsa sechaba tsa qala ho qhibiliha tsa e-ba joaloka metsi.+
6 Eaba Joshua o hahola liaparo tsa hae tsa ka holimo ’me o itihela fatše ka sefahleho+ ka pel’a areka ea Jehova ho fihlela ka shoalane, eena le banna ba baholo ba Iseraele, ba ’na ba ithunthetsa ka lerōle lihloohong.+ 7 Joshua a re: “Oho, ’Musi Morena Jehova, ke hobane’ng ha u ile ua tšelisa sechaba see Jordane, hore feela u nehelane ka rōna matsohong a Baamore hore ba re timetse? Hoja re ile ra itulela ka lehlakoreng le leng la Jordane!+ 8 Ntšoarele, Jehova, empa ke’ng seo nka se buang ka mor’a hore Baiseraele ba balehe ka pel’a lira tsa bona? 9 Bakanana le baahi bohle ba naha ena ba tla utloa ka hona, ’me ka sebele ba tla re pota-pota ba felise lebitso la rōna lefatšeng;+ ’me u tla etsa’ng bakeng sa lebitso la hao le leholo?”+
10 Eaba Jehova o re ho Joshua: “Ema! Ke hobane’ng ha u itihetse fatše ka sefahleho? 11 Baiseraele ba entse sebe, hape ba tlōtse selekane sa ka+ seo ke ba laetseng sona; ba boetse ba nkile ho hong nthong e nehetsoeng timetso+ ebile ba utsoitse+ ’me ba ho bolokile e le sephiri+ ’me ba boetse ba ho behile har’a lintho tsa bona.+ 12 Bara ba Iseraele ba ke ke ba khona ho ema khahlanong le lira tsa bona.+ Ba tla baleha lira tsa bona, hobane ba fetohile ntho e nehetsoeng timetso. Nke ke ka ba le lōna hape ntle le hore le felise ntho e nehetsoeng timetso har’a lōna.+ 13 Ema! Halaletsa sechaba,+ ’me u re, ‘Ikhalaletseng hosasane, etsoe sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng: “Ntho e nehetsoeng timetso e har’a lōna, Baiseraele.+ Le ke ke la khona ho ema khahlanong le lira tsa lōna ho fihlela le tlositse ntho e nehetsoeng timetso har’a lōna. 14 Le tla itlhahisa hoseng, moloko ka mong, ’me moloko oo Jehova a tla o khetha+ o tla atamela, lelapa ka leng, ’me lelapa leo Jehova a tla le khetha le tla atamela, ba ntlo ka ’ngoe, ’me ba ntlo eo Jehova a tla e khetha ba tla atamela, monna ka mong ea shahlileng. 15 Ea khethoang a e-na le ntho e nehetsoeng timetso o tla chesoa ka mollo,+ eena le sohle sa hae, hobane o tlōtse selekane+ sa Jehova le hobane o entse booatla bo nyelisehang Iseraele.”’”+
16 Joale Joshua a tsoha hoseng haholo ’me a etsa hore Baiseraele ba atamele, moloko ka mong oa bona, eaba moloko oa Juda oa khethoa. 17 Ka mor’a moo a etsa hore malapa a Juda a atamele ’me a khetha lelapa la Bazera,+ eaba ka mor’a moo o etsa hore lelapa la Bazera le atamele, monna ka mong ea shahlileng, ’me Zabdi a khethoa. 18 Qetellong a etsa hore lelapa la hae le atamele, monna ka mong ea shahlileng, eaba Akane mora oa Karmi, mora oa Zabdi, mora oa Zera, oa moloko oa Juda, oa khethoa.+ 19 Joale Joshua a re ho Akane: “Mora oa ka, ka kōpo, isa thoriso ho Jehova Molimo oa Iseraele+ ’me u ipolele ho eena,+ ’me ka kōpo u mpolelle,+ U entse’ng? U se ke ua mpatela+ hona.”
20 Eaba Akane o araba Joshua ’me o re: “Kannete ’na—ke sitetsoe Jehova Molimo oa Iseraele,+ ’me ke entse ka tsela ena le eane. 21 Eitse ha ke bona+ har’a thepa e hapuoeng seaparo se khethehileng se tsoang Shinare,+ se setle, le lishekele tse makholo a mabeli tsa silevera le setene se le seng sa khauta, boima ba sona e le lishekele tse mashome a mahlano, ke ne ke li batla,+ eaba kea li nka;+ bona! li patiloe fatše ka har’a tente ea ka hammoho le chelete ka tlas’a sona.”+
22 Hang-hang Joshua a romela manģosa, eaba a qala ho mathela tenteng, ’me, bonang! se ne se patiloe ka tenteng ea hae hammoho le chelete ka tlas’a sona. 23 Kahoo a li nka ka har’a tente eaba a li tlisa ho Joshua le ho bara bohle ba Iseraele ’me a li tšollela fatše ka pel’a Jehova. 24 Joale Joshua, hammoho le Baiseraele bohle, ba nka Akane+ mora oa Zera le silevera le seaparo se khethehileng le setene sa khauta+ le bara ba hae le barali ba hae le poho ea hae le esele ea hae le mohlape oa hae le tente ea hae le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea hae ’me ba ba tlisa khohlong ea Akore.+ 25 Joale Joshua a re: “Ke hobane’ng ha u re tliselitse khathatso?+ Jehova o tla u tlisetsa khathatso letsatsing lena.” Eaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majoe,+ ka mor’a moo ba ba chesa ka mollo.+ Ka tsela ena ba ba tlepetsa ka majoe. 26 Ba emisa qubu e khōlō ea majoe holim ’a hae, ho tla fihlela letsatsing lena.+ Eaba Jehova o khutla bohaleng ba hae bo tukang.+ Ke ka lebaka leo sebaka seo se ’nileng sa bitsoa Khohlo ea Akore,+ ho tla fihlela letsatsing lena.