Baahloli
Baahloli
1 Eitse ka mor’a lefu+ la Joshua bara ba Iseraele ba botsa+ Jehova, ba re: “Ke mang ho rōna ea tla nyoloha pele ho ea loantša Bakanana?” 2 Eaba Jehova o re: “Juda o tla nyoloha.+ Bonang! Ka sebele ke tla fana ka naha eo letsohong la hae.” 3 Joale Juda a re ho Simeone mor’abo: “Nyolohela le ’na karolong eo ke e abetsoeng ka lotho+ ’me re loantše Bakanana, le ’na ke tla ea le uena karolong eo u e abetsoeng ka lotho.”+ Ka lebaka leo Simeone a ea le eena.+
4 Eaba Juda oa nyoloha ’me Jehova a nehelana ka Bakanana le Bapereze matsohong a bona,+ hoo ba ileng ba ba hlōla Bezeke, banna ba likete tse leshome. 5 Ha ba fumana Adoni-bezeke a le Bezeke, joale ba mo loantša ’me ba hlōla Bakanana+ le Bapereze.+ 6 Ha Adoni-bezeke a baleha, joale ba mo lelekisa ’me ba mo tšoara eaba ba mo khaola menoana e metona ea matsoho le menoana e metona ea maoto. 7 Eaba Adoni-bezeke o re: “Ho ne ho e-na le marena a mashome a supileng a khaotsoeng menoana e metona ea matsoho le menoana e metona ea maoto a neng a thonaka lijo tlas’a tafole ea ka. Molimo o mpuselelitse hantle feela ka tsela eo ke entseng ka eona.”+ Ka mor’a moo ba mo tlisa Jerusalema+ ’me a shoela teng.
8 Ho feta moo, bara ba Juda ba tsoela pele ho loantša Jerusalema+ ’me ba e hapa, eaba ba e loantša ka bohale ba sabole, ’me motse ba o chesa ka mollo. 9 Ka mor’a moo bara ba Juda ba theohela ho ea loantša Bakanana ba ahileng sebakeng se lithaba le Negebe+ le Shefela.+ 10 Kahoo Juda a futuhela Bakanana ba neng ba lula Hebrone+ (joale lebitso la Hebrone pele ho moo e ne e le Kiriathe-arba),+ ’me ba bolaea Sheshai le Akimane le Talmai.+
11 Ho tloha moo ba futuhela baahi ba Debire.+ (Joale lebitso la Debire pele ho moo e ne e le Kiriathe-sefere.)+ 12 Joale Kalebe+ a re: “Mang kapa mang ea hlaselang Kiriathe-sefere ’me a e hapa, ke tla mo fa morali oa ka Aksa+ hore e be mosali oa hae.”+ 13 Othniele+ mora oa Kenaze,+ moena oa Kalebe,+ a e hapa. Ka lebaka leo a mo fa morali oa hae Aksa hore e be mosali oa hae.+ 14 Eitse ha a e-ea hae, mosali eo a ’na a mo susumelletsa hore a kōpe tšimo ho ntat’ae. Joale a opa liatla ha a ntse a le holim ’a esele.+ Eaba Kalebe o re ho eena: “U batla’ng?” 15 Kahoo Aksa a re ho eena: “Ntlhohonolofatse,+ etsoe u mphile karolo ea naha e ka boroa, ’me u tla mpha Gulothe-maime.” Ka lebaka leo Kalebe a mo fa Gulothe e ka Holimo+ le Gulothe e ka Tlaase.
16 Bara ba Mokene,+ eo mokhoenyana oa hae e neng e le Moshe,+ ba nyoloha ba tsoa motseng oa lifate tsa palema+ le bara ba Juda ho ea lefeelleng la Juda, le leng ka boroa ho Arade.+ Joale ba ea ’me ba lula le batho bao.+ 17 Empa Juda a tsamaea le Simeone mor’abo, ’me ba bolaea Bakanana ba ahileng Zefathe le ho e nehela timetso.+ Kahoo motse oo oa rehoa lebitso la Horma.+ 18 Ka mor’a moo Juda a hapa Gaza+ le sebaka sa eona le Ashkelone+ le sebaka sa eona le Ekrone+ le sebaka sa eona. 19 Jehova a tsoela pele a e-na le Juda, hoo a ileng a rua sebaka se lithaba, empa o ne a sitoa ho leleka baahi ba khohlong, hobane ba ne ba e-na le likoloi tsa ntoa+ tse nang le mahare a tšepe.+ 20 Ha ba fa Kalebe Hebrone, feela joalokaha Moshe a ne a tšepisitse,+ joale a leleka bara ba bararo ba Anake+ moo.
21 Bara ba Benjamine ha baa ka ba leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema;+ empa Bajebuse ba ntse ba lula le bara ba Benjamine Jerusalema ho fihlela letsatsing lena.+
22 Khabareng ba ntlo ea Josefa+ le bona ba futuhela Bethele,+ ’me Jehova o ne a e-na le bona.+ 23 Ba ntlo ea Josefa ba qala ho hloela+ Bethele (pele ho moo lebitso la motse oo e ne e le Luze),+ 24 ’me balebeli ba bona monna e mong a tsoa motseng. Kahoo ba re ho eena: “Ka kōpo, re bontše tsela ea ho kena motseng, ’me ka sebele re tla u bontša mosa.”+ 25 Ka lebaka leo monna eo a ba bontša tsela ea ho kena motseng; eaba ba qala ho hlasela motse oo ka bohale ba sabole,+ empa ba tlohela monna eo le lelapa lohle la hae hore ba tsamaee.+ 26 Ka mor’a moo monna eo a ea naheng ea Bahethe+ eaba o haha motse ’me o o reha lebitso la Luze. Ke lebitso la oona ho fihlela letsatsing lena.
27 Manase+ ha aa ka a hapa Bethe-sheane+ le metse e itšetlehileng ka eona le Tanake+ le metse e itšetlehileng ka eona le baahi ba Dore+ le metse e itšetlehileng ka eona le baahi ba Ibleame+ le metse e itšetlehileng ka eona le baahi ba Megido+ le metse e itšetlehileng ka eona, empa Bakanana ba phehella ho lula naheng ena.+ 28 Iseraele ea e-ba matla+ ’me ea qala ho kenya Bakanana mosebetsing o qobelloang,+ ’me ha ea ka ea ba leleka ka ho feletseng.+
29 Efraime ha aa ka a leleka Bakanana ba neng ba lula Gezere, empa Bakanana ba ile ba tsoela pele ho lula har’a bona Gezere.+
30 Zabulone+ ha aa ka a leleka baahi ba Kiterone le baahi ba Nahalole,+ empa Bakanana ba ile ba tsoela pele ho lula har’a bona+ ’me ba etsa mosebetsi o qobelloang.+
31 Ashere+ ha aa ka a leleka baahi ba Ako le baahi ba Sidone+ le Alabe le Akzibe+ le Helba le Afike+ le Rehobe.+ 32 Baashere ba ile ba tsoela pele ho lula har’a Bakanana ba lulang naheng eo, hobane ha baa ka ba ba leleka.+
33 Nefthali+ ha aa ka a leleka baahi ba Bethe-shemeshe le baahi ba Bethe-anathe,+ empa ba ile ba tsoela pele ho aha har’a Bakanana ba lulang naheng eo;+ ’me baahi ba Bethe-shemeshe le ba Bethe-anathe ea e-ba basebetsi ba bona ba etsang mosebetsi o qobelloang.+
34 Baamore ba ’na ba petelletsa bara ba Dane+ sebakeng se lithaba, etsoe ha baa ka ba ba lumella ho theohela khohlong.+ 35 Kahoo Baamore ba phehella ho lula Thabeng ea Herese le Ajalone+ le Shalbime.+ Empa letsoho la ntlo ea Josefa la e-ba boima haholo hoo ba ileng ba qobelloa ho etsa mosebetsi o boima.+ 36 Naha ea Baamore e ne e tloha moepeng oa Akrabime,+ ho tloha Sela ho ea holimo.