Baahloli
17 Joale ho ne ho e-na le monna oa sebakeng se lithaba sa Efraime+ eo lebitso la hae e neng e le Mikea. 2 Ka mor’a nako a re ho ’m ’ae: “Likotoana tsa silevera tse sekete le lekholo tse nkiloeng ho uena le tseo u phatlalalitseng bomalimabe+ ka lebaka la tsona ’me ua bua moo ke ntseng ke utloa—bona! silevera eo e ho ’na. Ke ’na ea e nkileng.”+ Eaba ’m ’ae o re: “E se eka mora oa ka a ka hlohonolofatsoa ke Jehova.”+ 3 Ka lebaka leo a khutlisetsa likotoana tseo tsa silevera tse sekete le lekholo ho ’m ’ae;+ eaba ’m ’ae o tsoela pele ho re: “Ruri ke tla halaletsa silevera ena e letsohong la ka ho Jehova bakeng sa mora oa ka, e le hore ke etse setšoantšo se betliloeng+ le seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa;+ joale ke tla e khutlisetsa ho uena.”
4 Kahoo a khutlisetsa silevera ho ’m ’ae, eaba ’m ’ae o nka likotoana tsa silevera tse makholo a mabeli ’me o li fa setei sa silevera.+ Sa etsa setšoantšo se betliloeng+ le seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa;+ sa e-ba ka tlung ea Mikea. 5 Ha e le monna eo Mikea, o ne a e-na le ntlo ea melimo,+ ’me a etsa efoda+ le terafime+ ’me a tlatsa letsoho la e mong oa bara ba hae ka matla,+ e le hore e ka ba moprista bakeng sa hae.+ 6 Matsatsing ao ho ne ho se na morena Iseraele.+ Ha e le e mong le e mong, o ne a tloaetse ho etsa se neng se nepahetse mahlong a hae.+
7 Joale ho ne ho e-na le mohlankana oa Bethlehema+ e Juda oa lelapa la Juda, ’me e ne e le Molevi.+ O ne a lula moo ka nakoana. 8 Monna eo a tloha motseng oa Bethlehema e Juda ho ea lula ka nakoana kae kapa kae moo a neng a ka fumana sebaka. Qetellong ha a ntse a tsamaea a kena sebakeng se lithaba sa Efraime ho ea fihla ntlong ea Mikea.+ 9 Joale Mikea a re ho eena: “U tsoa hokae?” Eaba o re ho eena: “Ke Molevi ea tsoang Bethlehema e Juda, ’me ke tseleng ea ho ea lula ka nakoana kae kapa kae moo nka fumanang sebaka.” 10 Kahoo Mikea a re ho eena: “Lula le ’na ’me u be ntate+ le moprista+ bakeng sa ka, ’me ke tla u fa likotoana tsa silevera tse leshome ka selemo le liaparo tse tloaelehileng le lintho tsa hao tsa ho iphelisa.” Tumellanong le hoo Molevi eo a kena. 11 Kahoo Molevi eo a ikhethela ho lula le monna eo, ’me ho eena mohlankana eo a ba joaloka e mong oa bara ba hae. 12 Ho feta moo, Mikea a tlatsa letsoho la Molevi eo ka matla,+ e le hore mohlankana eo e ka ba moprista+ bakeng sa hae le hore a ka hlola ka tlung ea Mikea. 13 Kahoo Mikea a re: “Joale kea tseba hore Jehova o tla nketsa se molemo, hobane Molevi o fetohile moprista oa ka.”+