Baahloli
21 Joale banna ba Iseraele ba ne ba hlapantse Mizpa,+ ba re: “Ha ho motho oa rōna ea tla fana ka morali oa hae ho Babenjamine hore e be mosali.”+ 2 Ka lebaka leo batho ba tla Bethele+ ’me ba ’na ba lula moo ka pel’a Molimo oa ’nete+ ho fihlela ka shoalane eaba ba tsoela pele ho phahamisa mantsoe le ho lla haholo.+ 3 Ba ne ba re: “Jehova Molimo oa Iseraele, ke hobane’ng ha sena se etsahetse Iseraele, hore moloko o mong o haelle kajeno ho Iseraele?”+ 4 Eitse letsatsing le hlahlamang batho ba tsoha hoseng haholo ’me ba haha aletare moo ho nyehela linyehelo tsa secheso+ le linyehelo tse kopanetsoeng.+
5 Joale bara ba Iseraele ba re: “Ke mang melokong eohle ea Iseraele ea sa nyolohelang phuthehong ho Jehova, etsoe ho na le kano+ e khōlō e bileng teng mabapi le ea sa nyolohelang ho Jehova Mizpa, e reng, ‘Ruri a ke a bolaoe.’”+ 6 Bara ba Iseraele ba qala ho ikutloa ba soabile ka lebaka la mor’abo bona Benjamine. Kahoo ba re: “Kajeno moloko o mong o khaotsoe Iseraele. 7 Re tla etsa eng ho ba setseng mabapi le basali, kaha joale re hlapantse+ ka Jehova hore re se ke ra ba fa barali leha e le bafe ba rōna hore e be basali+ ba bona?”
8 Ba tsoela pele ho re: “Ke mang melokong ea Iseraele ea sa kang a nyolohela ho Jehova Mizpa?”+ Bonang! Ho ne ho se le ea mong ea ileng a tla liahelong ho tsoa Jabeshe-gileade+ ho ea phuthehong. 9 Ha batho ba baloa, bonang! ho ne ho se motho moo ea tsoang ho baahi ba Jabeshe-gileade. 10 Kahoo phutheho ea romela ba likete tse leshome le metso e ’meli ba banna ba sebete ka ho fetisisa moo ’me ea ba laela, ea re: “E-eang, ’me le bolaee baahi ba Jabeshe-gileade ka bohale ba sabole, esita le basali le bana ba banyenyane.+ 11 Ena ke ntho eo le lokelang ho e etsa: E mong le e mong e motona le mosali e mong le e mong ea kileng a robala le e motona le lokela ho mo nehela timetso.”+ 12 Leha ho le joalo, ba fumana banana ba makholo a mane, baroetsana,+ ho baahi ba Jabeshe-gileade+ ba neng ba sa ka ba kopanela liphate le monna ka ho robala le e motona. Kahoo ba ba tlisa liahelong Shilo,+ e naheng ea Kanana.
13 Joale phutheho eohle ea romeletsa ’me ea bua le bara ba Benjamine ba neng ba le lefikeng la Rimone+ ea kōpa hore ba bōpe khotso. 14 Ka lebaka leo Benjamine a khutla ka nako eo. Joale ba ba fa basali bao ba neng ba ba bolokile ba phela ho tsoa ho basali ba Jabeshe-gileade;+ empa ha baa ka ba fumana ba ba lekaneng.+ 15 Batho ba ikutloa ba soabile ka lebaka la Benjamine+ hobane Jehova o ne a entse lekhalo pakeng tsa meloko ea Iseraele. 16 Ka lebaka leo banna ba baholo ba phutheho ba re: “Re tla etsa eng ka banna ba setseng mabapi le basali, etsoe basali ba felisitsoe ho Benjamine?” 17 Joale ba re: “Ho lokela hore ho be le letlotlo bakeng sa ba phonyohileng ba Benjamine,+ e le hore moloko o se ke oa felisoa Iseraele. 18 Ha e le rōna, ha rea lumelloa ho ba fa basali ho barali ba rōna, hobane bara ba Iseraele ba hlapantse, ba re, ‘Ho rohakoe ea fanang ka mosali ho Benjamine.’”+
19 Qetellong ba re: “Bonang! Ho na le mokete oa Jehova selemo le selemo Shilo,+ e ka leboea ho Bethele, ka nģ’a bochabela ho tsela e khōlō e nyolohang Bethele ho ea Shikeme+ le ka nģ’a boroa ho Lebona.” 20 Kahoo ba laela bara ba Benjamine, ba re: “E-eang, ’me le lalle lirapeng tsa morara. 21 Le talime, ’me joale, ha barali ba Shilo ba tsoa ho ea tjeka+ ka metjeko ea ho potoloha, le lōna le tsoe lirapeng tsa morara ’me e mong le e mong a inkele ka likhoka mosali oa hae ho barali ba Shilo, ’me le ee naheng ea Benjamine. 22 Etlare ha bo-ntat’a bona kapa barab’abo bona ba tlil’o tsamaisa nyeoe khahlanong le rōna, ka sebele le rōna re tla re ho bona, ‘Re etsetseng molemo ka lebaka la bona, hobane ha rea nkela e mong le e mong mosali oa hae ka ntoa,+ etsoe hase lōna ba ba fileng bona nakong eo le neng le tla ba molato.’”+
23 Ka lebaka leo bara ba Benjamine ba etsa feela ka tsela eo, ’me ba nka basali ba lekaneng palo+ ea bona ho basali ba tjekang,+ bao ba neng ba ba hloibitse; ka mor’a moo ba tsamaea ’me ba khutlela lefeng la bona eaba ba haha metse+ ba lula ho eona.
24 Bara ba Iseraele ba qala ho qhalakana ba tloha moo ka nako eo, e mong le e mong a ea molokong oa hae le lelapeng la hae; ba tloha moo, e mong le e mong a ea lefeng la hae.+
25 Matsatsing ao ho ne ho se na morena Iseraele.+ E mong le e mong o ne a tloaetse ho etsa se nepahetseng mahlong a hae.+