1 Samuele
30 Eitse ha Davida le banna ba hae ba tla Ziklage+ ka letsatsi la boraro, Baamaleke+ ba futuhela ka boroa le Ziklage; ba hlasela Ziklage ’me ba e chesa ka mollo, 2 ba isa basali+ kholehong le bohle ba neng ba le ho eona, ho tloha ho ba banyenyane ho isa ho ba baholo. Ha baa ka ba bolaea leha e le mang, empa ba ba khanna ’me ba tsamaea. 3 Ha Davida le banna ba hae ba fihla motseng, o ne o chesitsoe ka mollo, ’me, ha e le basali ba bona le bara ba bona le barali ba bona, ba ne ba isitsoe kholehong. 4 Davida le batho ba neng ba e-na le eena ba qala ho phahamisa mantsoe le ho lla,+ ho fihlela ho se ho se na matla ka ho bona a ho hlola ba lla. 5 Basali ba babeli ba Davida ba ne ba isitsoe kholehong, Akinoame+ mosali oa Mojezriele le Abigaile+ mosali oa Nabale Mokarmele. 6 Ho ile ha bakela Davida mahlomola a maholo,+ hobane batho ba ne ba re ba mo tlepetsa ka majoe;+ etsoe moea oa batho bohle o ne o le bohloko,+ e mong le e mong ka lebaka la bara ba hae le barali ba hae. Kahoo Davida a imatlafatsa ka Jehova Molimo oa hae.+
7 Kahoo Davida a re ho moprista Abiathare,+ mora oa Akimeleke: “Ka kōpo, atametsa efoda+ ho ’na.” Eaba Abiathare o atametsa efoda ho Davida. 8 Davida a qala ho botsa Jehova,+ a re: “Na ke lelekise sehlopha see sa bafutuhi? Na ke tla se fihlela?” Eaba o re+ ho eena: “E-ea u se lelekise, etsoe ruri u tla se fihlela, ’me ruri u tla fana ka topollo.”+
9 Davida a tsamaea ka potlako, eena hammoho le banna ba makholo a tšeletseng,+ eaba ba tsamaea ho ea fihla phuleng ea molapo o phoroselang ea Besore, ’me banna ba neng ba lokela ho siuoa ba ema moo. 10 Davida a tsoela pele ho ba lelekisa,+ eena le banna ba makholo a mane, empa banna ba makholo a mabeli ba neng ba khathetse haholo hore ba tšele phula ea molapo o phoroselang ea Besore+ ba ema moo.
11 Ba fumana monna e mong, oa Moegepeta,+ naheng. Kahoo ba mo tlisa ho Davida eaba ba mo fa bohobe e le hore a ka ja ’me ba mo fa metsi hore a noe. 12 Ho ekelletsa moo, ba mo fa sengoathoana sa bohobe ba lifeiga tse khotliloeng le mahobe a mabeli a morara o omisitsoeng.+ Joale a ja ’me moea+ oa hae oa khutlela ho eena; etsoe o ne a sa ja bohobe kapa ho noa metsi ka matsatsi a mararo le masiu a mararo. 13 Joale Davida a re ho eena: “U oa mang, ’me u tsoa hokae?” eaba o re: “Ke mohlanka oa Moegepeta, lekhoba la monna oa Moamaleke, empa mong’a ka o ntšiile hobane ke ile ka kula matsatsing a mararo a fetileng.+ 14 Ke rōna ba futuhetseng ka boroa ho Bakerethe+ le ho seo e leng sa Juda le ka boroa ho Kalebe;+ re chesitse Ziklage ka mollo.” 15 Eaba Davida o re ho eena: “Na u tla nkisa ho sehlopha see sa bafutuhi?” Eaba o re: “Ntlhapanyetse+ ka Molimo hore u ke ke ua mpolaea, le hore u ke ke ua nehelana ka ’na letsohong la mong’a ka,+ ’me ke tla u isa ho sehlopha sena sa bafutuhi.”
16 Ka lebaka leo a mo isa,+ ’me bonang! ba ne ba hasane ka mokhoa o sa laoleheng holim ’a naha eohle ba ja le ho noa ’me ba keteka+ ka lebaka la thepa eohle e ngata e hapuoeng eo ba neng ba e nkile naheng ea Bafilista le naheng ea Juda.+ 17 Davida a qala ho ba bolaea ho tloha ka meso ho fihlela ka shoalane, e le hore a ka ba nehela timetso; ha ho le ea mong oa bona ea ileng a phonyoha+ haese bahlankana ba makholo a mane ba ileng ba palama likamele ’me ba baleha. 18 Davida a lopolla tsohle tseo Baamaleke ba neng ba li nkile,+ le basali ba hae ba babeli Davida a ba lopolla. 19 Ho ne ho se letho la bona le haellang, ho tloha ho se senyenyane ho isa ho se seholo le ho isa ho bara le barali le ho tloha thepeng e hapuoeng, esita le ho isa nthong leha e le efe eo ba neng ba inketse eona.+ Davida a lopolla ntho e ’ngoe le e ’ngoe. 20 Kahoo Davida a nka mehlape eohle ea likhutšoane le mehlape ea liphoofolo tse khōlō, eo ba ileng ba e khanna ka pel’a liphoofolo tse ling tse ruiloeng. Joale ba re: “Ena ke thepa e hapuoeng ea Davida.”+
21 Qetellong Davida a fihla ho banna ba makholo a mabeli+ ba neng ba khathetse haholo hore ba tsamaee le Davida, le bao ba neng ba ba bolokile ba lutse haufi le phula ea molapo o phoroselang ea Besore; ba tsoa ho khahlanyetsa Davida le ho khahlanyetsa batho ba neng ba e-na le eena. Ha Davida a atamela batho bao a qala ho ba botsa bophelo. 22 Leha ho le joalo, monna e mong le e mong e mobe le ea se nang molemo+ har’a banna ba neng ba tsamaile le Davida a araba ’me a ’na a re: “Ka lebaka la hore ha baa ka ba tsamaea le rōna, re ke ke ra ba fa letho la thepa e hapuoeng eo re e lopolotseng, haese ho fa e mong le e mong mosali oa hae le bara ba hae, ’me re ba tlohele hore ba ba etelle pele ’me ba tsamaee.” 23 Empa Davida a re: “Le se ke la etsa ka tsela eo, barab’eso, ka seo Jehova a re fileng sona,+ ka hore ebe o re sirelelitse+ ’me o nehelane ka sehlopha sa bafutuhi matsohong a rōna se neng se re futuhetse.+ 24 Ke mang ea tla le mamela mabapi le polelo ee? Etsoe kamoo karolo ea ea neng a ile ntoeng e leng kateng ka ho tšoanang karolo ea ea neng a lutse pel’a thōtō+ e tla ba joalo. Bohle ba tla ba le karolo hammoho.”+ 25 Eitse ho tloha letsatsing leo ho ea pele a beha seo e le molao le qeto ea boahloli+ bakeng sa Iseraele ho fihlela letsatsing lena.
26 Ha Davida a fihla Ziklage a romela thepa e ’ngoe e hapuoeng ho banna ba baholo ba Juda, metsoalle ea hae,+ a re: “Ena ke mpho+ ea tlhohonolofatso bakeng sa lōna e tsoang thepeng e hapuoeng ea lira tsa Jehova.” 27 Ho ba neng ba le Bethele,+ le ho ba leng Ramothe+ ka boroa, le ho ba leng Jatire,+ 28 le ho ba leng Aroere, le ho ba leng Sifmothe, le ho ba leng Eshtemooa,+ 29 le ho ba leng Rakale, le ho ba leng metseng ea Bajeramiele,+ le ho ba leng metseng ea Bakene,+ 30 le ho ba leng Horma,+ le ho ba leng Borashane,+ le ho ba leng Athake, 31 le ho ba leng Hebrone,+ le libakeng tsohle tseo Davida a neng a tsamaile ho tsona, eena le banna ba hae.