13 Eaba o qala ho re ho Abrame: “Tseba hore ruri peō ea hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ea eona,+ e tla lokela ho ba sebeletsa, ’me ka sebele ba tla e hlorisa ka lilemo tse makholo a mane.+
5 U arabe ’me u re ka pel’a Jehova Molimo oa hao, ‘Ntate e ne e le Mosyria+ ea timelang; eaba o theohela Egepeta+ ’me o lula teng e le mojaki a e-na le ba fokolang haholo ka palo;+ empa a fetoha sechaba se seholo moo, se matla le se sengata.+
4 Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Batho ba ka ba theohetse Egepeta lekhetlong la pele hore ba lule teng e le bajaki;+ ’me Assyria ea ba hatella ntle ho lebaka.”
6 Ho feta moo, Molimo a bua sena, hore peō ea hae e ne e tla ba bajaki+ naheng esele+ ’me batho ba ne ba tla ba etsa makhoba le ho ba hlorisa ka lilemo tse makholo a mane.+